SOTHO.561.ourwrld 1
MONA LE MANE
DIBONTSHI
TSA AFRIKA
MAIKEMISETSO e ne e le ho kgutlisa bokgabane ba feshene, ho rialo Tebalo Khuzwayo, e mong wa bahlophisi ba Rivets Fashion Lounge, mane Hilton, Thekong. "Tsena ke dipontsho tse tla tshwarwa kgwedi le kgwedi ho neha batho ba Thekong monyetla wa hore ba bohe dikakanyo tse ntle tse akantsweng ke tse ding tse diakanyi tse pele toropong ena."
Ditshwantsho ka Slash Luthando
Ntokozo Luthuli le Nontle Mkhaliphi.
Ke nako ya monyaka!
FATSHE LA RONA
Ke wa ka! Baratani ba thabetse mokete.
Bokang, Thabo le Alwethu.
Banana bana ba bararo le bona ba ne ba thabile.
Feshene ya Warren Morck.
Kgomo tseo
MORENA
BATHO BA RONA
Kopana le morena e motjha wa setjhaba sa Valoyi...
BOHLE ba ne ba mmone a hlaha a apere letlalo la nkwe. E ne e re nakong eo a neng a apeswa ya borena, setjhaba sohle se ne se be ntswe leng ho mo phafa.
Phillia Nwamitwa (67) o nkile setulo sa borena jwalo ka morena wa pele wa mosadi wa setjhaba sa Valoyi, sa Matjhangane mane haufi le Tzaneen Limpopo.
"Ena ha se tlholo ya ka, empa ke ya basadi bohle ba Afrika Borwa," o boleletse BONA.
Nkgono enwa wa ditloholo tse 10 o lwanetse borena bona dilemo tse 40. Ke moradi wa matsibulo wa Morena Fofoza, ya neng a hlokahale a se na mora ka 1968.
O ne a hlokahale Phillia a le dilemo di 27 mme ha a ka ba a nahanelwa tabeng ya borena hobane e le mosetsana.
Malomae, Richard, ke yena ya neng a buse ho fihlela a hlokahala ka 2001.
Ka mora moo, mora Richard o ne a batle ho hlahlama ntatae, empa ka nako eo, Phillia o ne a se a ikemiseditse ho lwanela borena ha habo.
O ne a ise taba ya hae lekgotleng, mme a hloleha Lekgotleng le Phahameng la Tshwane ha morao le ho la Boipiletso, Bloemfontein.
Makgotla ana a ne a bolele hore moetlo wa Matjhangane ha o dumele hore mosadi e be morena.
O ne a nkele taba ya hae Lekgotleng la Molaotheo lona le ne le bolele hore ho ya ka molaotheho, e ka ba morena hobane ha ho motho ya tlamehang ho kgenthollwa ka bong ba hae.
Neville Maakana
Phillia Nwamitwa.
Basadi ba merabe yohle ba tlile ho tla beha morena e motjha.
BA ATLEHILE
TSE MONATE
RE HLOMPHA BASADI
Sena ke setshwantsho sa Morro da Providencia "lekeishene" le Rio de Janeiro. Sena ke se seng sa dibaka tse merusu naheng ya Brazil, empa projeke e kentsweng ke raditshwantsho wa Fora, e batla ho fetola sena.
Shebisisa setshwantshong mme ho na le basadi ba bolailweng - ba tswalanang le bona ba bolailwe ke bana ba rekisang ka dithethefatsi mme matlong a mona ho entswe matshwao a tla etsa sehopotso sa ketsahalo tsena.
Ho na le merero ya ho fetisetsa leano lena Sierra Leone, Kenya, Liberia le dibakeng tse ding.
MESEBETSI E METLE
Bahlodi ba SAB KickStart Awards ba sa tswa phatlalatswa...
ASHLEY UYS wa Real World Diagnostics e bile mohlodi wa Business Of The Year dikgaung tsa SAB KickStart Awards mme a ikgapela R200 000. Mohlankana enwa ya dilemo di 25 o ile a sisinya boramahlale haholo ka ho tla le disebediswa tse otlang botsekeng ditekong
tsa HIV.
Moputso wa bobedi o fumanwe ke Antonio Pooe wa khampane ya Joburg Exactech, e lwantshang bonyofonyofo. Bev Gumbi wa KZN le khampane ya hae Isivuno Containers yena o fumane moputso wa boraro. O kgona ho fetola khonteina a etse leha e le eng jwalo ka salune, sebaka sa ho ikwetlisa, kantoro kapa lebenkele. Ho ne ho na le dikgau mabapi le karolo ya ntshetsopele. Tsona di ne di fumanwe ke Thembelihle Mkhwanazi wa Mgabashe Coffins And Caskets Manufacturing wa Emalahleni, Global Communication Network Systems ya Thandeka Magagula le kgwebo ya bohahlaudi ya Mpho Makolas, Lehudu Portfolio.
Lenaneo lena le tsheheditswe ka ditjhelete ke SAB mme le etseditswe batho ba neng ba tinngwe menyetla ba dilemo di 18-35 hore ba iqalle dikgwebo tsa bona.
Bev Gumbi, Ashley Uys le Antonio Pooe mme ba thabetse tlholo ya bona.
FATSHE LA RONA
Thandeka Magagula, Thembelihle Mkhwanazi
le Mpho Makola.
MONA LE MANE
Ba a NYOROLLA! Ba a NYOROLLA!
MOKETE o bitswang Standard Bank Soweto Wine Festival oo e leng lekgetlo la bone o tswelapele, e ne e le batho ba fetang 4 000 ba neng ba tlile ho ona. Hona ho ne ho makatsa haholo jwalo ka ha mokete o ne o nka dihora tse tharo feela ka letsatsi!
Ho ka ntshetsapele leano la mokete ona - le ho eketsa tsebo ka veine ho Maafrika Borwa a batho ba batsho - Wine Class e ne e neha baeti monyetla wa ho ithuta haholwanyane ka veine.
Daphne, Lerato le Koketso.
NEO E NTLE
FATSHE LA RONA
Sebohodi le mohlahisi wa mananeo ho Soweto TV o sa tswa fumana
kgau e bitswang SAFA Soweto Award ka ho kgothaletsa ha hae setjhaba
hore se ikamahanye le tsa dipapadi.
O ka mmona ho Spytwotshamaya ka 6pm ka Laboraro ho Soweto Community Television (DSTV kanale ya bo 150)
O dilemo di 12 feela, empa o se a phethisa toro ya hae jwalo ka ha a hasa lenaneo la bana, Reahola seyalemoyeng sa setjhaba sa QwaQwa. O ka mo utlwa ha dikolo di kwetswe a ruta le hona ho thabisa bamamedi.
Lucky Ndlovu le Rene Palm ba thabela kgalase ya veine e tshweu.
Ba bang ba baeti ba neng ba tlile moketeng.
africa
beat
NIGERIA
Mohammadu Bello Abubakar ke moruti wa Isalm ya sa tswa tshwarwa ha ho ne ho setjhwa matlo mesong ya letsatsi le leng, a qoswa ka hore "o hlapaola tumelo" hape "o lenyalong le seng molaong". Molato? O na le basadi ba 86, e leng seo baokamedi ba Mamuslim ba reng se kgahlano le Koran. Ba re o dumellwa ho nyala basadi ba bane feela. Ha re bue letho ka Abubakar, ya nang le bana ba ka hodimo ho ba 170, ya hanyetsanang le taba eo. Haeba nyewe e ka mo hlola, a ka nna a ahlolelwa lefu - ho thwe ke sehlola.
RWANDA
Dikgetho tse sa tswa feta di behile basadi ba 56,25 lekgolong ditulong tsa palamenteng. Ha ho naha e nang le basadi ba bangata hakaalo palamenteng lefatsheng lohle! "Basadi eba baetapele ba hlwahlwa," o boletse jwalo e mong wa bakgethi. "Ba na le kutlwelobohloko mme ba kgona ho re mamela, ba utlwisisa hantle le mathata ao re tobaneng le ona ka malapeng esitana le a bana ba rona."
LESOTHO
Ho fumanwe taemane e boima ba 478 carats mane morafong wa Letseng, ho ya ka moo a bolelang ka teng monga ona, Gem Diamonds.
Ke taemane e tala ya bo 20 ya ho fumanwa empa "tlhahlobo ya taemane ena a babatsehang e bontsha hore e ka nna ya roba rekote ya majwe ana a pholetjhilweng a mmala o botle bo babatsehang," ho bolela sebui sa khampane eo.
FATSHE LA RONA
KENYA
Bonokwane bo hohle mme ha ho motho ya bolokehileng. Mapolesa a Kenya a tlameha ho tiisa marapo mane Alego-Kogello, motseng o ho dulang teng nkgono wa nkgetheng wa bopresidente ba US, Barack Obama, haholoholo ka mora hore ba thube motse wa hae. "Ke ba bang ba batho ba nahanang hore Obama o nthomella ditjheletehadi," o ne a bolele jwalo Sarah Hussein Obama (88) a bua le boraditaba.
UGANDA
Nsaba Buturo, Letona la tsa Borabe, le kgothalletsa hore basadi ba se tene dikete tse kgutshwane ka ha ho thwe ba phatsamisa bakganni mme ho be le dikotsi mebileng. O boleletse boraditaba hore motsemoholo mane Kampala ho tsamaya o tenne mose o mokgutshwane, ho tla nkwa jwalo ka ha eka o tsamaya o tsotse. "Hobaneng?" "Hobane o ka nna wa baka kotsi ka ha batho ba habo rona ba dikelello di fokolang ba tla tonela wena mahlo. Dikete tse kgutshwane di lokela ho nkwa e le tlolo ya molao mme motho a e ahlolelwe."
DINALEDI
NTATE YA MOTLOTLO!
SEHOPOTSO
Re tla dula re mo hopola
Mofu Khabzela ha a tswe dipelong tsa batho ba neng ba mo rata mme ho sa tswa bulwa lejwe la sehopotso sa mofu DJ enwa eo e neng e le thatohatsi mane Newtown, Joburg. Molefi Sebatie o ne a le teng a nka ditshwantsho...
FATSHE LA RONA
DJ Khabzela... re tla dula re mo hopola.
Kelly Khumalo le yena o ile a natefisa mokete ona ka lentswe la hae le monate.
Arthur le Kellelo le Owami.
Somizi Mhlongo le motswallae ba ne ba tlile le bona moketeng wa tsatsi la tswalo wa baradi ba Arthur.
"Ha ho ketekwa selemo se setjha, nna ke etsa bana," o boletse jwalo Arthur Mafokate ka boswaswi moketeng wa letsatsi la tswalo la baradi ba hae ba babedi Owami (7) le Kellelo (4), ba hlahileng ka Loetse! Molefi Sebatie o nkile ditshwantsho...
Prosper le Roby Malinga.
Bridgette Mailula le Busi Mabasa.
Obed Sibasa le
Kedibone Moloi
