sotho.552.kaka
"Motho wa neo ena e kang ya Kaka o hlaha jwalo ka mora dilemo tse 50," ho bolela Parreira.
BONA SESOTHO - June 2007
Se kgahlang ka Kaka
SEBOHODI sa tsa dipapadi, se tlameha ho ithuta ho bitsa mabitso a thata a dinaheng tse ding. Ka nako e nngwe... lebitso le bonolo feela le ka nna la iphetola kgathatso. Leha bamamedi ba ithatela boswaswi, ke a o tiisetsa, dibohodi tse ngata di hula ka thata ha Ricardo Izecson Dos Santos Leite a tshwara bolo.
Ho bitsa lebitso lena "Kaka" kgafetsa ho etsa hore ba o mametseng ba qetelle ba makatse. Lebitso leo la Sepotoketsi le fela le bolela seo le wena o se nahanang!
Le lona jwalo ka tse ding tse ngata, le qadile bongwaneng. Moenae, Rodrigo, o ne a sa tsebe ho bitsa lebitso la "Ricardo" mme a qetella a se a mo bitsa "Caca," e leng kgutsufatso ya lebitso la hae naheng ya Brazil.
Pele ho nako e kae, Rodrigo, a qala ho hlokomela hore lebitso lena "Caca" le utlwahala ekare ke "Kaka".
Eitse ha a ntse a hola, Ricardo a tlohela ho nna a kgalemela batho ha ba mo bitsa ka lona hobane ba ne ba thabela ho mo phephetsa. Matsatsing ana, le ratwa haholo hobane le bolela hore dibapadi tse ding di tla hata bolokwe ha a se a fihlile.
Kotsi e tshabehang
O motle haholo bolong. Ka Loetse 2000, hang ha bokgoni ba motjha eo ya neng a le dilemo di 18 bo ne bo qala ho hlahella, a lemala hoo a neng a batle a fellwa ke mosebetsi.
"Ke ne ke thelle letamong mme ka ya hlaba ba hlooho fatshe, ka lemala mokolla. Ke ne ke sa hlokomele hore ke lemetse haholo. Ka kgutlela Sao Paulo ho ya ikwetlisa, ha fela matsatsi a mabedi ke opelwa ka mokgwa o makatsang, ka boela ngakeng, ba nketsa diteko tse ding tsa X-ray."
Dingaka tsa bolella Kaka hore o lehlohonolo ha a sa holofala, empa ho ne ho sa bolele hore o pholohile. Ka nako eo a neng a tsheheditse molala, motjha enwa a qala ho etsa lethathama la dintho tseo a ikemiseditseng ho di fihlela ha feela a ka pholoha kotsing eo.
"Ke phelela ho hlaba dintlha le ho fihlela ditoro tsa ka," ho bolela yena. "Ho bapalla sehlopha sa naha, ho bapala Mohopeng wa Lefatshe le ho hapa Liki." Ditoro tse ding tsa ka ntle ho tsa mosebetsi, ke ho nyala le ho ba le bana."
Selemong se latelang seo, o ne a kgutlele papading hape. O ne a qale e le e mong wa dibapadi tse larileng ho Sao Paulo. "Ba direng ba ne ba re tabole ntlha metsotsong e 14 feela papadi e qadile, mokwetlise a mpha monyetla, ka kena."
Ho thwe batshehetsi ba ne ba halefe, ba botsa mokwetlisi hore na o tseba seo a se etsang. Empa eitse ho fela metsotso e mmedi feela, a be a se a hlabile dintlha tse pedi. O ne a thabetse ho pholoha ha hae kotsing mme e le ona mokgwa oo a lebohang Modimo ka ona ka lebaka leo a ba a nehela karolo ya moputso wa hae kerekeng.
Matokomane
Sebapadi sena sa bohareng, sa ya kena ho AC Milan ka 2003 ka theko e tlase haholo eo monga sehlopha sa Silvio Berlusconi a neng a e bitse ka hore ke 'e lekaneng ho reka matokomane'.
A phakisa ho hlahisa bokgoni ba hae. Eitse ho fela kgwedi, a be a se a bapala kgafetsa sehlopheng se seholo a se a hlabile dintlha tse 10 dipapading tse 30 selemong sa hae sa pele ho Milan, ba ba ba hapa le sekola sa Italian Series A Championship le Mohope wa European Super.
Hangata, Kaka o ne a bapala bohareng ka mora mohlabadintlha, Andriy Shevchenko mme selemong sa bolo sa 2004-05 o ne a hlabe dintlha tse supileng dipapading tse tse 36 mme hape o ne a le teng ha sehlopha sa habo se hapa Mohope wa Italian Super.
Ntlha ya hae ya mohla ba neng ba bapala le Fenerbahçe SK papading ya pele ya AC Milan ho 2005/06 Champions League ha e lebalehe. Kaka a tloha bohareng ba lebala ka bolo a feta banna ba bararo ba Fenerbahçe pele a falatsa sethibathibane sa bona, Volkan Demirel, a e beha ka letanteng.
Boraditaba ba mo tshwantsha le Diego Maradonna.
O bapalla Brazil
Kaka o ne a qale dipapadi tsa hae tsa matjhaba ka Pherekgong 2002 kgahlano le Bolivia. Ka Motsheanong 2002, mokwetlise wa hae, Luiz Felipe Scolari, a mo kenya sehlopheng sa naha sa Brazil ka Mohope wa Lefatshe.
Hantle jwalo ka Ronaldo Mohopeng wa Lefatshe wa USA ka 94, Kaka o ne a bitsetswe moo hore a yo shebella mme a ithute mahlale hore a lokele ditlhodisano tse tla latela. Empa a ba hlwahlwa le ho mo feta hobane o ne a bapalle Brazil metsotso e 20 ho makgaolakgang kgahlano le Costa Rica.
"Ho kena ditlhodisanong tsa Mohope wa Lefatsheng wa dilemong tsa bo 2000 le ho ba sebapadi se hlwahlwa, ruri ebile mohlolo feela," ho bolela Kaka. "O ithuta dibapading tse ding tse kgolo - o leka ho fumana bolo, o e boloke mme o dule o iteka, ka nako e nngwe o etse diphoso empa o qetelle o e otlile botsekeng.
"Ka nako e nngwe neo e kang ena ya Kaka e hlaha ha nngwe ka mora dilemo tse 50," ho bolela Carlos Alberto Parreira, ya kile a mo kwetlisa sehlopheng sa Brazil.
"Ke mohlala o motle ho dibapadi tsohle tsa Brazil." O tshabile lefatshe mme Kaka o motle morao esitana le pele mme ke sebapadi se tsebang ho iphetela bolatjha ho ba direng.
Makasine e nngwe ya Brazil e ne e botse hore ke sefe sebapadi se hlwahlwa lefatsheng mme babadi ba 82 lekgolong ba ne ba bolele ha e le Kaka, ha ba 11 lekgolong bona ba ne ba bolele ha e le Ronaldinho. Kaka a boela hape a tswa pele le makasineng ya tsa dipapadi ya Italy.
Basading
Ho na le ba dumelang hore Kaka ke naledi ya bolo e pele ho feta lefatsheng. "Le basadi ba dibapadi tse ding tsa bolo ba dumellana le seo.
O se a bile a bitswa ka hore ke "Wayne Rooney wa Brazil..." ntle ho tlhapa kapa lona lehlatso la tsa thobalano..."
Hape o bohlale mme ke MoKreste ya inehetseng ho ya ka moo Duncan Castles wa The Daily Mail a di bonang ka teng.
"Ha o nahane hore motho ya kang David Beckham a ka iphihlela a itsamaela a le mong ha a tla dipuisanong, a bile a kentse sefaha sa letsoho sa silivera se ngotsweng 'Jesu.' Hape ha a batle hohang ho bua ka ho ila ha hae thobalano."
Kaka tumelo ya hae e bohlokwa haholo ho yena. Dieteng tsa hae tsa bolo ho ngotswe ke dumela ho Jesu le Modimo, O a tshehapala mme ba mo tsebang ba dumela hore o fela a phela ka mokgwa oo.
Ha re etsa mohlala, naledi ena e ntle naheng ya habo yona, e ne e tsebise basadi bohle ba e ratang hore o motlotlo ka ho seo a leng sona le hore a ke ke a etsa thobalano hohang pele ho lenyalo la hae le Caroline Celico ka Tshitwe 2005.
"Ke rata dikamano tsa thobalano tsa lerato," ho bolela yena. "Matsatsing a kajeno, batho ba nka thobanolo leha e le ha jwang feela hona hoo ba bang ba e etsang le batho bao ba sa tsebeng le mabitso a bona, e leng seo nna ke sa se rateng. Ke rata thobalano e nang le motheo wa lerato. Le Bibeleng ho jwalo: Le Modimo ha O kgahlano le thobalano." [s]
pale ka ISAAC KWELA
ditshwantsho ka GETTY IMAGES/GALLO IMAGES
Ba mo bitsa "Wayne Rooney wa Brazil" empa "kantle ho ditlhapa tsa hae le lehlatso la thobalano" - ha a le ka lebaleng, bolo e le maotong a hae, ha ho se ka mo thibang ka pele
BONA SESOTHO - June 2007
O bapalla Mmopi
u
t
'Thobalano ke ketso ya lerato
O bapalla Brazil.
