sotho.549.Illness
Mafu a tlwaelehileng baneng
Matsatsi a sekolo
Hang ha ngwana a qala ho kena sekolo, a qala ho phetha nako a bapala le bana ba bang, o ba le menyetla e meholo ya ho tshwaetswa ke mafu a tshwereng ba bang...
LETSATSI le letsatsi ngwanahao o tla kopana le ba bang sekolong mme a dule le bona letsatsi lohle. Ha ho makatse hore e mong kapa ba bang ba bona ka nako e nngwe ba ebe ba ena le mafu a itseng mme ba bang bohle ba tla beng ba ena le bona, ba ba le menyetla e meholo ya ho tshwaetswa.
Ke ana a mang a mafu a mmalwa ao ngwanahao a ka nnang a ba kotsing ya ho kenwa ke ona...
n Chicken pox. Ke lefu le tlwaelehileng haholo baneng le le atisang ho ba hlasela haholo ha ba le dilemo di pakeng tsa tse pedi le tse robedi. Le tshwaetsana ka mathe le ka ho thetsana.
Sesupo: Le qala ka mokgohlane, hlooho, mmetso le pelo e ntsho. O tswa lekgopho le hlohlonang sefahlehong, letlalong la hlooho, sefubeng, mokokotlong, diphakeng le ditlhafung ka mora letsatsi ho ya ho a mabedi. Makgopho ana a etsa matjhatjhetsi mme ha a phunyeha ho tswe lero le metsi letlalo le ommelle ho etsa maqeba a dikgoo.
E kotsi hakaakang- Paracetamol e ka thusa mmoho le moriana o mong o ka fokotsang ho hlohlona ha letlalo. Ngwana a se nweswe Aspirin hobane e ka mpefatsa maemo.
Ha lekgopho lena le tjhesa haholo, le eba lekgubedu, e ka nna ya ba ngwana o kenwe ke kokwanahloko e tla hloka moriana wa ho e bolaya ka hare. Kalafo ya kapele ya ngaka e tla ba bohlokwa haholo ha ngwana a se a thothomela, a hlatsa, a akgeha, a sa kgone ho tsitsa mme a dutse a robetse.
n Diphtheria. Le tshwaetsana ka ho kgohlela, le ka mathe le ho hemelana le motho ya nang le lona.
Sesupo: Ha diphtheria e le matla dinkong, e qala jwalo ka serame. pele ho nako e kae, o ba le mamina a mangata a nkgang hampe a qetellang a phumutse letlalo.
Ha kokwanahloko ena e ka kena le mmetsong, matsatsing a pele a mabedi, e tla ka o tshwerwe ke mokgohlane feela o tlwaelehileng o tsamaisanang le mmetso. Ho latele lero le mmala wa leeba le kgomarelang mmetsong mme le fetele le methapong ya moya haeba le sa thijwe. Ka mora moo le molala o a rururha.
E kotsi hakaakang- Ha ho belaelwa diphtheria, kalafo e lokela ho qalwa hanghang. Ngwana o lokela ho ba sebakeng seo a ke keng a tshwaetsa ba bang ho sona. Le ditho tsohle tsa lelapa di lokela ho ba sedi, di nwe kalafo ya ho bolaya kokwanahloko.
n Maselese. Ke lefu le tsamaisanang le mokgohlane o tshabehang le amang letlalo le methapo ya ho hema. Lefu lena le nelehetsanang ka hore mokudi a thimolele ba bang mme kokwanahloko eo e ba kene.Sesupo: Ngwana a ka nna a shebahala ekare o kenwe ke mokgohlane, mmetso o omelle mme a kgohlele, dinko di tlale mamina, mahlo a ruruhe a be mafubedu, a thibane dinko, a thimole mme a tjhese haholo.
Hangata ngwana o tswa lekgopho le lefubedu mahlong le molaleng matsatsi a mane ka mora ho qala ho kula mme le fetele le molaleng, mokokotlong le diphakeng le ditlhafung.
E kotsi ha kaakang- Ha ho kalafo e ikgethang ya maselese, bakudi ba yona ba dula ba le bang, hangata ba phela ka ho paqama, ba nwe moriana wa paracetamol, wa mokgokgothwane mme ba tlotse setlolo se itseng ho thibela ho hlohlona ha letlalo.
Maselese e bolaya masole a mmele mme lefu lena le nka dibeke tse mmalwa - ka nako eo ngwana o ba kotsing ya ho kenwa ke tshwaetso ya mofuta ofe kapa ofe.
Ha ngwana a se a lla ka mafu a mang a mangata kapa mokgohlane o tia hoo a seng a akgeha, o hloka ho bonana le ngaka hanghang.
n Meningitis. Ke lefu le tshabehang le ruruhisang letlalwana la boko le la lesapo la mokolla. Le kotsi haholo hobane le ka nna la bolaya ngwana.
Sesupo: Leha e le lefu le kotsi haholo, le lona le qala ka disupo tse tlwaelehileng tse shebahalang di se kotsi hohang. O opelwa ke hlooho e tshabehang, a tshwarwe ke mokgohlane, a be pelo e ntsho, a kgathale a be a otsele. Ka nako e nngwe o satalla molala, mahlo a hae a tshabe kganya.
A ka nyekelwa ke pelo, a hlatse, a batle ho dula a robetse. Hape a ka nna a akgeha, a lahlehelwe le ke kelello.
Le kotsi ha kaakang- Ha o nahana hore ke lona, o lokela ho potlakisetsa ngwana ngakeng kapa tliliniking.
Ke lefu le kotsi haholo leo ngwana a ka nnang a robatswa phaposing ya ba kulang haholo sepetlele. Kalafo ya kapele e ya ka dilemo tsa ngwana le hore lefu le se le le maemong afe, masole a mmele a matla ho le hokae hape le hore o qadile kalafo neng.
n Ditemetwane. Ke lefu le tshwaetsanang haholo baneng ba pakeng tsa dilemo tse hlano le tse robong. Di tshwaetsana haholo ka mathe le ka mamina.
Sesupo: Le qala ka mokgohlane, hlooho le mmele o hlohlonang. Bohato bo latelang ba ditemetwane ke ho opelwa le ke ditsebe le ho ruruha ditlhala.
Di kotsi ha kaakang- Ha di na maemo a mabe hakaalo mme ha ho hlokahale kalafo ntle le ho fumana moriana o kokobetsang mahloko le mokgohlane le ho netefatsa hore mokudi o nwa metsi a mangata ho lekana.
Aspirin ha e kgothalletswe hohang baneng ba tshwerweng ke ditemetwane. [s]
BONA SESOTHO - February 2006
e bokeleditswe ke PRIMROSE WILLIAMS
setshwantsho ka GREAT STOCK!
BONA SESOTHO - February 2006
Tiisa masole a mmele ya bona
Bana ba na le menyetla e meholo ya ho kenwa ke mafu a mangata a ka thibelwang ka ho hlajwa ka nale. Ke ka hona ho leng bohlokwa hore ngwana a se tlolwe ke matsatsi a hae a ho hlajwa nale.
Nale e thusa ho matlafatsa masole a mmele ya bana hore e tsebe ho lwantsha dikokwanahloko. Bana ba sa hlajweng ka nale, ba tshwaetseha ka bonolo ha ba kena hara batho ba kulang.
Ha masole a mmele a le matla, le setjhaba se a bolokeha ka ha ha ho be bonolo ho nna o tshwaetswa kapa o tshwaetsa ba bang ka mafu. Hopola ho fa ngwanahao mpho ya bophelo bo botle - mo ise tliliniking a lo hlaba nale e le hore a dule a phetse hantle. E bohloko empa ho molemo bohloko ba yona ho ena le hore ngwana a kule haholo.
Batswadi le matitjhere ba ka sireletsa bana mafung. Erekaha mafu a mangata a nelehetsana ka ho se hlape diatla kgafetsa, ho bohlokwa ho thibela tshwaetso ka ho kgothalletsa bana ho hlapa matsoho nako le nako ka mora ho ja, ho ya ntlwaneng, ho mina, ho kgohlela, ho thimole le ho tshwara dintho tse ditshila, dijo tse tala, ba theoha beseng kapa tekesing kapa ba tswa dibakeng tsa setjhaba kapa ha matsoho a bona a le ditshila.
Bana ba lokela ho kgothalletswa ho kwala molomo ha ba kgohlela kapa ba thimola. Tissue e bohlokwa haholo ho hlakola mamina le ho itshireletsa ka yona ha ba thimola mme hape e lahlwe hanghang. Hape ba se kadimane ka dintho tsa bohlokwa tse kang kama, borosolo ba meno kapa diaparo.
Hape ho bohlokwa ho nwesa ngwana meriana e bolayang dikokwanahloko ho fihlela o fela ho sa kgathallehe hore o se a le betere kapa tjhe hobane hoo ho tla mo thusa hore tlhaselo e se mo kgutlele ka pele hape le hona e se e le matla ho feta pele e sa alafehe.
