sotho.547.generator
BONA e a fuputsa
HAESALE motlakase re o sebedisa jwalo ka marena, re sa natse letho ho fihlela ho fihla mokgwa ona wa ho imolla phepelo ya motlakase. Jwalo ka ha ho bolelwa hore ho kgaolwa hona ha phepelo ya motlakase ho tla tswelapele dilemo tse ngata ho tloha jwale, batho ba a phasaphasa ho leka ho iphumanela mekgwa e meng ya phepelo ya motlakase.
Ha jwale, ho bonahala di-generator e le tsona tse rekwang haholo. Empa potso ke hore, di a bo rarolla bothata bona na"
Generator e fepela motlakase o lehlakoreng ho ona wa masepala. Ka ho rialo, ho hlokahala hore o o sebedise ka hloko. Ba bangata batho ba seng ba lahlehetswe ke maphelo ka lebaka la tshebediso e bohlaswa ya di-generator.
"Re tlameha ho hopola hore generator ka boyona ke mohlodi wa motlakase, ka hoo, e ntse e le kotsi jwalo ka motlakase," ho hlokomedisa Brian Bilton, moeletsi wa Electrical Contractors Association.
"Ho kotsi haholo ho kgokahanya generator ka tsela e fosahetseng dithapong tsa motlakase."
Generator e fehla motlakase ka enjine ya yona. E sebetsa hantle feela jwalo ka enjine ha e tlatsa leshala la koloi.
Mefuta
Re ka bala mefuta a mmedi: tse nyane, tse tlwaelehileng malapeng mme di bitsa pakeng tsa R1 800 le R7 000 le tse kgolo tse bitsang ho tloha ho R20 000 ho ya ho R100 000 le ho feta.
Tse nyane: Boholo ba tanka ya yona ke bona bo o bolellang hore na e kgona ho duma nako e kae. Di-generator di lerata, empa mefuta ena e metjha ha e sa le lerata.
Tse ding ho tsena tse nyane di na le mabidi. Tsona di fehla matla a manyane ha di bapiswa le tse kgolo, e leng se bolelang hore o ka sebedisa disebediwa tse mmalwa feela ho tsona.
Ho na le tsa peterole le tsa diesel.
Tsa diesel di a bitsa ha o di reka, empa ha ho bitse ho di sebedisa.
Mefuta ena ka bobedi, e hloka ho dula e lokiswa.
Ba bang ba ka rata ha di-generator tsa bona di ka hokahangwa sekupung sa motlakase - ho a bitsa ho etsa sena mme ke mosebetsi o tlamehang ho etswa ke motho ya nang le mangolo a ho lokisa motlakase!
Tse kgolo: Tsena di matla mme di kgona ho fehla motlakase o matla, e leng se bolelang hore o ka sebedisa disebediswa tse ngata ho yona. Mefuta ena e sebediswa haholo dikgwebong.
Tsena tsona di hokelwa ka botlalo sekupung sa motlakase ke motho ya nang le mangolo, o tlameha ho a hlahisa.
Di-watt
Pele o ka reka generator, tseba hore o batla ho e sebedisetsa eng. Sesebediswa se seng le se seng sa motlakase seo o se rekang se eketsa tshebediso ya motlakase.
Matla a motlakase a kalwa ka di-watts. Le generator, e fehla motlakase o kalwang ka di-watt. Di-watt tse 1 000 di etsa kilowatt (kW) e le nngwe.
Disebediswa tsa motlakase tse fehlang motjheso kapa sona serame, di hloka motlakase o mo ngata. Mohlala, ketlele e hloka 2kW ha air conditioner yona e hloka 400kW kapa ho feta!
Dikupu tsena tsa rona tsa motlakase matlong, di kala tshebediso ya motlakase ka hora (kW/H). Empa ho na le disebediswa tse matla tse nang le ditatara tse kang sehatsetsi le motjhini wa ho hlatswa, tse hlokang motlakase o mongata ho di dumisa. Ha re etsa mohlala, metjhini ena eo re e badileng, bakeng sa ho duma, e hloka matla a phetileng ao e a hlokang ho dula e sebetsa hararo.
Mehlala...
Hore sehatsetsi se dume, se hloka 3kW empa ka mora moo, se itlhokela 1,2kW feela ho sebetsa. Motjhini wa ho hlatswa ona, o hloka 7,5kW, ho o dumisa, o be se o itshebedisetsa 1kW ka mora moo.
Ka hlakoreng le leng, TV, computara le toaster, ha di hloke motlakase ho di dumisa, mme di hloka feela ho sebetsa ka 0,3kW, 0,7kW le 0,1kW ka tatellano.
Pele o reka generator, batla e tla nepana le ditlhoko tsa hao.
O tlameha ho fumana keletso ho ditsebi mme o e reke mabenkeleng a tsebisahalang ka dihlahiswa tseo. [s]
BONA SESOTHO - March 2008
O ka hlola ho kgaolwa ha motlakase ka generator kapa ka e nngwe tsela" Ke tsena dikeletso tsa BONA ...
pale ka LEE CURRIE
Kganya lefifing
BONA SESOTHO - March 2008
u
t
Ditjeho tsa generator ya hao
Wattage ("boholo" ba generator )
Ditjeho
Matla a sebediswang ke disebediswa
1,3kW
ho tloha ho R1 800
1 x 60W lebone; 1 x TV; 1 x sehatsetsi
3,5kW
ho tloha ho R4 500
4 x 60W mabone; 1 x TV; 1 x khomputara; 1 x sehatsetsi; 1 x motjhini wa ho hlatswa
6kW
ho tloha ho R6 000
6 x 60W mabone; 1 x TV; 1 x sehatsetsi; 1 x air conditioner; 1x khomputara; 1 x toaster; 1 x motjhini wa ho hlatswa
8kW
ho tloha ho R7 000
6 x 60w mabone; 2 x di-TV; 1 x toaster; 2 x di-airconditioner; 1 x hitara
Manane re a fumane ho ba ha Mica, KZN, a ne a nepahetse nakong ya kgatiso.
BONA SESOTHO - March 2008
Di-watt ke tsela ya ho kala matla a fehlwang ke generator
Tse ding ditsela
Mashala: Babadi ba bangata ba BONA ba hotse ba bona ho sebediswa mashala ha motlakase o kgaohile. Empa he leshala o ke se le sebedise disebedisweng tse fehlang motjheso jwalo ka toaster le microwave.
A ko shebe dintho tse kang Intellipower ya ha Tedelex. Sena ke sesebediswa se tlatswang matla jwalo ka leshala la selefounu ka hore o se hokele motlakaseng. Ha se tletse, o ka sebedisa mabone, TV, khomputara, di-DVD le tse ding. Matla a sona a nka dihora tse tsheletseng ho ya ho tse robedi.
Se bitsa R4 600 ho ya ho R6 500 tse nyane, tse kgolo tse ka hokahangwang sekupung sa motlakasea di finyella ho
R12 000.
Sesebediswa sena ha se lerata, o ka se beha ka tlung, athe hape, ha se na ditjeho tsa mafura jwalo ka generator.
Mabone: Sheba mabone ana a ipolokelang motlakase ho ona, e re ha motlakase o tima, a ikgantshe ka boona. A bitsa pakeng tsa R100 ho ya ho R700.
A sebetsang ka letsatsi: O ka sebedisa mabone a sebetsang ka mahlasedi a letsatsi, motsheare o a behe kantle letsatsing, mantsiboya kapa ha a se a tletse, o a kenye ka tlung.
Bakeng sa ho futhumetsa metsi, o ka sebedisa geyser e sebetsang ka letsatsi. Di bitsa pakeng tsa R6 000 le
R28 000.
Lebokose la ho pheha:
Ke lebokose le nang le boya ka hare. Ha o pheha, ha pitsa e bela, e kwalle ka lebokoseng leo, o time setofo. Ka mora hora kapa tse pedi, pitsa ya hao e butswitse.
O ka pheha reisi, lesheleshele setjhu le tse ding dijo.
A ahwa ke basadi ba lekeisheneng la Kyamandi, Kapa Bophirima. Ba a bitsa Salathiso Hot Boxes mme a bitsa R120 (ha o le kantle ho Kapa, o tla lefa R30, bakeng sa poso).
O fumana ditaelo le diresepe ho bona: Bakeng sa dintlha tse ding, letsetsa: 021-712-6424; kapa email: wwalton@sybaweb.co.za.
HOPOLA!
O se leke o dumisetse generator ka tlung hobane mosi wa yona o kotsi.
