sotho.540.legends
BONA SESOTHO - May 2006
MMUSO wa kgatello o ne o mo bitsa dinthontho, ba re ke "lehlabaphio," ke "moetapele wa dinokwane" empa Chris Hani a bonahala ha a kgutla naheng ena hore ke lesole le neng le tseba hantle nako ya ho lwana le ya ho beha dihlomo fatshe.
O ne a hahlaule naha ena a etsa boipiletso setjhabeng ho tlohela morusu ka mora ho putlama ha mmuso wa kgatello. Ke mang ya tsebang se ka beng se etsahetse hoja ebe o ne a kgonne ho phela ho fihlela kajeno...
Martin Thembesile Hani o ne a hlahele motseng wa Sabalele, mane Cofimvaba moo pele e neng e le Transkei, mohla la 28 Phupjane, 1942. "Ntate o ne a sebetsa merafong," ho boletse Hani bukeng e nngwe e ngotsweng ka tsa bophelo ba hae maqalong a dilemo tsa bo 1990.
"Re hotse ka thata mme o ne a phela ka ho lema. Ke ne ke tsamaya dikilomitara tse 20 ho ya le ho kgutla sekolong ke boele ke ke ye kerekeng ka Sontaha. Ha ke le dilemo di robedi, ke ne ke le mosebeletsi wa altareng kerekeng ya heso ya Maroma a Katoliki."
A qala dipolotiki
Hani o ne a batla ho ba moruti empa ntate a hana. "Ke ne ke rata ho bala dibuka tsa Senyesemane, Selatin le Sekrike," o ne a bolele jwalo. "Dithuto tsa ka tsa etsa hore ke hloye kgatello ka pelo yohle ya ka. Bokgopo bo neng bo bontshwa dibukeng tse ngata tseo ke neng ke di bala bo ile ba etsa hore le nna ke hloye bokgopo le kgethollo."
Ka 1954, ha thehwa lefapha la thuto ya "Bantu Education". Le neng le hlophiseditswe hore bana ba batho ba batsho ba fumane thuto e lekaneng feela hore ba tsebe ho utlwa ditaelo tsa makgowa, ba se etse mesebetsi ya profeshenale.
"Hona ho ne ho ntena hampe mme ha re tlamella hore re kene ka kgang dipolotiking," ho boletse yena Hani. A pasa mareriki ka 1958, a fetela Yunivesithing ya Fort Hare. Ke hona mona moo setho sena sa ANCYL se neng se kopane le monna ya neng a be le thusumetso haholo bophelong ba sona - ntate Govan Mbeki.
Dipuisanong le yena pele ho lefu la hae ntate Mbeki o ne a hlalose ka moo a neng a kopane ka teng le Hani. O ne a lelekilwe sekolong seo a neng a ruta ho sona mme a qala ho sebetsa jwalo ka moqolotsi wa ditaba, ka hoo o ne a ye Fort Hare ho ya etsa diphuputso ka menyenyetsi ya moya wa dipoltiki o neng o foka hara barutwana.
"Ka nako eo ba ne ba hlophisa dikopano tsa bona, ba patetse baokamedi ba sekolo kaha ba ne ba tla e qhala hlenhlenyane.Ke hore Hani le ba bang ba ne ba se ba hlophisa merero ya motjhetjhafatshe ya dipolotiki ka hara yunivesithi."
Ho hlaha ha MK
Ka mora morusu wa 1960 wa Sharpeville, ANC e neng e sa tswa kwalwa molomo ya hlophisa kopano Lobatsi mane Botswana.
Qeto ya bona ya ba ho hloma ba hlasele mme ka Pherekgong 1961, Umkhonto we Sizwe ya thehwa. "Martin Hani ebile e mong wa sehlopha sa pele sa ho kena sesoleng," ho boletse ntate Mbeki.
Hani a leba Kapa ho ya etsa dithuto tsa molao. O ne a le mafolofolo dipapading, a kgothalletsa batjha ho bapala rugby, bolo le cricket. Ya ba setho sa Komiti ya ba Supileng mme a theha lekala la MK mane Kapa Botjhabela, a tshwarwa mmoho le Archie Sibeko le Looksmart Goodle ba tsamaya ka koloi e tletseng dipampiri tsa ANC.
Govan Mbeki o ne a le Kapa ha a utlwa hore boraro ba bona ba hlotswe ke nyewe mme a ba thusa hore ba balehe tjhankaneng.
Ba leba Joburg, ba tshela moedi. Ba tloha Botswana ba leba Tanzania," o boletse jwalo mofu, ntate Mbeki. "O ne a bitswa Chris Hani, mme a tsebisahala jwalo ho fihlella lefung la hae. "
Kantle ho naha
Hani e ne e le moetapele wa lekala la Umkhonto la Luthuli Regiment ka 1967, ba thusana le sesole sa Rhodesia mmoho le Zimbabwe African People's Union. A leba Botswana, moo a neng a tshwarelwe dithunya tse seng molaong. A ahlolwa dilemo tse tsheletseng empa a dula tse pedi feela pele a lokollwa a kgutlela Zambia.
O tennwe ke baetapele ba ANC ha ba hlotswe ho ba lokolla tjhankaneng, Hani a hatella hore mokga ona o hlophise merero ya ona ya tshebetso botjha. Ba kopana ho Morogoro Conference ka 1969, ha nkwa qeto ya ho amohela makgowa ho ANC.
Hani a kgutlela hae ka 1973 a tlilo ntshetsapele merero ya ntwa mane Kapa Bophirima, a fetela Zambia, moo a neng a fihle a kgethelwa ho ba motlatsi wa molaodi wa Umkhonto. Ka 1987 ya eba yena moetapele wa sesole.
Motlatsi wa mongodi wa ANC, Thenjiwe Mtintso, o ne a re ha a bua ka Hani ka bophelo ba hae ba bosole ka pelo e bohloko hang ka mora lefu la hae: "Leha e ne e le moetapele wa rona empa e ne e le e mong wa rona. O ne a kopana le yena hohle. E ne e le moetapele eo o tsebang hantle hore o ka mo fumana kae ha o mo hloka.
"O ne a utlwelana le masole a hae ke ka hona re neng re dutse re ena le tjheseho ya ho tswelapele leha ho le thata."
Ntwa e tswelapele
Ha a kgutlela Afrika Borwa ka 1990, Hani o ne a sebetse ka thata ho tjhentjha kelello ya masole hore a amohele makgowa ka hara naha mme bohle re buisaneng ka moo re ka ahang naha botjha ka teng.
Ke nnete ka nako ya lefu la hae ba bangata ba ne ba re e tla ba yena mohlahlami wa Presdidente wa ANC, Nelson Mandela ho ya ka moo a neng a ratwa ka teng.Hoseng ha Moqebelo wa mohla la 10 Mmesa, 1993, Chris Hani o ne a thunngwe ha a qala a tswa ka koloing ya hae lapeng ha hae.
Mmolayi wa hae Janusz Walus, le Clive Derby-Lewis, ba ne ba kwallwe tjhankaneng. "Polao ya Chris Hani ha se bonokwane feela kgahlano le letswallwa la naha ena empa ke bonokwane kgahlano le setjhaba sohle sa naha ena," o ne a bolele jwalo Nelson Mandela ka nako eo. "Monna ya nang le maikemisetso, ya nang le tjheseho e sa tapeng ka bonolo, ditshiu tsa hae di kgaotswe ka lonya a sa le motjha."
Chris Hani o ne a dutse a tsheha, e le lesole le ratang ho qotsa mantswe a dibuka tsa Shakespeare, Keats le Shelley, mme ha ho pelaelo hore boetapele ba hae ho MK bo ne bo thuse ho netefatsa hore ANC e dula e le mokga o tsitlalellang seo o dumelang ho sona le dilemong tseo ha bane ba ngadile naheng ena. [s]
Hani o raling dikgwedinyana ka mora ho kgutla dinaheng tsa kantle.
Chris Hani
O ne a kgutle dinaheng tse kantle moo a neng a ngaletse teng ho tla aha setjhaba sa demokrasi, se sa kgetholleng ka mmala - empa a thungwa...
Lesole la kgotso
BONA SESOTHO - May 2006
pale ka WALTON GOLIGHTLY
ditshwantsho ka PAUL VELASCO/PICTURENET AFRICA
