sotho.53.reading
Thuto ke lesedi
MOSES o rata ho bala - le ka nako eo ba bang ba tlalatlalang hohle ba ipapalla, yena o dula tlasa sefate a bale buka. "Ke rata ho bala hobane ke bona ho le molemo," ho bolela yena. O dilemo di 11 mme o etsa Grade 4 sekolong se seng sa dipolasing tsa Tzaneen haufi le Limpopo.
Sekolo sena se na le matitjhere a mabedi le phaposi e le nngwe ya borutelo, e sebedisetswang ho ruta sehlopha sa Grade 1 ho ya ho Grade 3. Ba Grade 4 ho ya ho 6 ba rutelwa foranteng. Empa Moses Modau le bomphato wa hae ba fumane monyetla o motle...
Haufi le bona moo ke Sekolo se Phahameng sa Merensky seo ka Bolabone barutwana ba teng ba nehelang ka nako ya bona ya phomolo, ba bokelletse dibuka laeboraring ya bona ya sekolo, ba tsamaye ka maoto ho ya sekolong sa bo Modau ho ya ba ruta ho bala.
Barutwana ba kmerabe yohle ba Merensky - kaofela ba batla ho thusa bana bana ba se nang monyetla o motle wa thuto jwalo ka bona. "Ha ho leano le kileng la thahasellwa ke barutwana jwalo ka lena," ho bolela e mong wa matitjhere a Merensky, Ellen Labuschagne.
Ka 2004, titjhere e nngwe, Margaret Freestone, le mosebeletsi wa laeborari ya masepala ya Greater Tzaneen, Christine Nel, ba ne ba bone bohlokwa ba ho kgothalletsa bana ba dikolo tsa dipolasing ho bala. Ba qala ho "badisana," moo barutwana ba dikolo tsa Model C ba rutang ba dikolo tse haufi le bona.
"Ha ba ne ba qala, mesuwehlooho e ne e sa e utlwisise hantle taba ena hobane ba sa bone letho le ba kopanyang le bana ba dikolo tseo tse pele," ho bolela Christine.
Kajeno ba ruta bana ba ka hodimo ho ba 200 ba dikolong tse hlano tsa dipolasing.
NGWANA ka mong wa
polasing o na le titjhere
ya hae, ya morutwana wa
sekolo sena se ba thusang. Ba bonana hang ka beke ka dinako tsa sekolo, ba bale buka.
Titjhere e bala mmoho le ngwana ho fihlela a eba le sebete sa ho bala a le mong. O a hakollwa nako le nako ha a kgitleha ke lentswe le itseng. Mokgwa ona o qadilwe ke Ngaka Keith Topping, wa Dundee University mane Scotland, a batla ho thusa batswadi ho ruta bana ba bona ho bala malapeng.
Dipatlisiso di bontshitse hore leano lena la Dr Topping le fela le sebetsa. "Bana ha ba rutana ho bala ho ba monate haholo, ba aha le dikamano tse ntle, ha ho ya nyefolang e mong, ngwana o a kgothatswa," ho bolela Christine.
Leano lena la Tzaneen le thoholetswa ke bohle ka hara naha le matjhabeng. Le ne le hlahiswe ke Library And Information Association Of South Africa kopanong e neng e le Nelspruit selemong se fetileng. Ha boela hape ha buuwa haholo ka ntshetsopele ya yona kopanong ya matjhaba e neng e le Gent mane Belgium, ka Tshitwe selemong se fetileng.
LEANONG lena ha ho rutwe bana ba dikolo tsa dipolasing feela ho bala, empa ho boetse hape ho kgothalletswa tshebedisanommoho le kutlwisisano bakeng ba merabe e fapaneng, ba buang dipuo tse fapaneng le ba maemong a fapaneng a moruo.
Ka nako eo re ngolang pale ena, barutwana ba Merensky ba ne ba bokelletsa dikobo le diaparo malapeng a habo bona tseo ba neng ba ilo di fa bana ba dikolo tsena tsa dipolasing bao batswadi ba bona ba futsanehileng. Ba boetse hape ba baka mme ba rekise dikuku ho bokelletsa tjhelete bakeng sa ho ba rekela dibuka tse ding.
"Re motlotlo haholo ho ba ditho tsa leano lena, hona ho re neha monyetla wa ho ntlafatsa maphelo a batho ba bang," ho bolela morutwana wa Merensky wa Grade 12, Paula Ferreira-Jorge.
Leha ho le jwalo, mathata a teng - ha ho dipolokelo tsa dibuka.
"Leano la mofuta ona le atleha hantle ha ho ena le dipolokelo tsa dibuka dikolong. Di a thusa kaha di ebe di ena le ditshwantsho le dipale tse ikgethang tsa bana ba qalang ho ithuta ho bala," ho bolela Christine.
O re leano lena le sa tswa fumana tshehetso ya dibuka, tseo ho thehilweng polokelo e nyenyane ya dibuka ya dikolo tse haufi. "Re leka ho bokelletsa dibuka tsa dipuo tsa habo bona mme ba re batle batho ba bang ba tla ba ruta haholoholo ba Grade 1 ho ya ho Grade 3. Dibuka tsa puo ya heno di baleha ka bonolo baneng," ho bolela Christine.
Emily Lekodi ke mosuwehlooho wa Sekolo sa Poraemari sa Inzana, se seng sa dikolo tsa dipolasing tseo e leng karolo ya leano lena, o re matsatsing ana barutwana ba sekolo sa hae ka nako ya phomolo ba bapala ho Rutana ho Bala.
"Re se re bone katleho e kgolo baneng ba rona, ba tseba ho bala hantle mme ba bile ba phakisa le ho utlwisisa dithuto tse ding tse ntjha," ho bolela yena. "Ba bang ba barutwana ba rona ba oroha le dibuka tsena ho ya badiswa hape ke matitjhire a bona a nakwana le bona ba rute batswadi ba bona le bana ba bang ba habo bona ba sa tsebeng ho bala. Hona ho bolela hore setjhaba kaofela se kgola molemo leanong lena."
Re ikemiseditse ho fetela le dikolong tse ding tse haufi hore bana ba ithute ho bala. "Re lakatsa ha ngwana e mong le e mong a ka hola a thabela ho bala, a dule a bala leha e se e le motho e moholo," ho bolela Christine Nel. [s]
NewsFirst
BONA SESOTHO - December 2006
pale ka NEVILLE MAAKANA
ditshwantsho ka NEWSFIRST
A re baleng!
Ho etsahala mehlolo bophelong ba diketekete
tsa bana ba dikolo tsa dipolasing ba qalang
ho hlokomela monate wa ho bala...
KA HODIMO: Christine Nel le seroki sa Belgium, Daniel Biliet ba shebelletse ha ho balwa.
LE LETSHEHADI: Ho balwa ka katleho.
BONA SESOTHO - December 2006
KA HODIMO: Ho a balwa Inzana Primary School - moo ho nang le phaposi e le nngwe feela ya borutelo.
LE LETSHEHADI: Barutwana ba babedi ba Merensky (ba tse bolou) ba kgothalletsa bana ba Inzana ho bala.
