sotho.535.yourstories_invest
MATHATA A
HO PHUTLAMA
HA MORUO
LETTI ha a na tjhelete mme ha a so ka ho ba teng se etsang a be le tjhelete e ngata. O tshepa hore lelapa la hae le ntse le tla mo ema nokeng ha ho etsahala hape ho ba le maemo a tshohanyetso a hlokang tjhelete.
"Ke kgonne ho pata baradi ba ka ba babedi hobane ke thusitswe ke mohlankana wa e mong le ntata bona."
Ho ne ho le boima ho ba bangata ba rona dilemong tse fetileng ho fepa lelapa, ho hlophisa mapato esitana le ho ba le tjhelete ya ho ya mosebetsing.
Ke Maafrika Borwa a dikete di balwang ka makgolo a hlolehang ho lefa dikoloto tsa ona. Hara dikoloto tseo, re ka bala dikarete tsa mokitlane le tsa mabenkeleng, se tshosang haholo ke dikoloto tsa matlo. Lebaka la sena ke mathata a moruo lefatsheng ka bophara.
Leha ho le thata ho le tjena, empa re a kgona ho rekisa ntlo e le nngwe ho tse nne, ho bolela John Loos wa thekiso ya matlo ha FNB. Mahareng a selemo, motho a le mong ha ba lekgolong ba lefellang metse, o ne a saletse morao ditefellong tsa hae.
Mohlomong tsena e sa le dinyane, dikgolo di sa tla. Dikgweding tse pedi kapa tse fetang moo tse fetileng, lenane la batho ba saletseng morao dikolotong tsa matlo, le ne le phetilwe hararo!
Ha se mafutsana feela a tshwereng ka thata, le bona barui ba tshwere ka meno ke dikoloto!
Batho ba anngweng ke mathata ana a moruo pele nakong eo o neng a qala ho putlama Afrika Borwa karolong ya bobedi ya selemo ngwahola, e bile bana ba etsang dikoloto hodima tse ding. Ba ne ba nka dintho hanyane mme ebile bona ba pele ho lahlehelwa ke fenetjhara, dikoloi le matlo. Dintho tsohle di ne lefellwa ka tjhelete e kadinngweng.
Bongata ba bona ba kene ho tsona pele molao wa National Credit Act o kena tshebetsong jwalo kaha o sa dumelle dikhampane ho nehana ka dikoloto bathong ba bonahalang ba sa kgone ho lefa.
Malapa a mangata ha a sa kgathatswa ke taba ya ho hlolwa ke tjhelete ya sekolo le hoba le mabitso a mabe dikolotong. Bongata ba batho ba nang le dikoloto, ba kotsing ya ho ba le mabitso a mabe ho bolela mookamedi wa National Credit Regulator (NCR), Peter Setou. O rialo hobane ditefello tsa bona dikolotong tse kang dikarete tsa mokitlane, dikarete tsa mabenkeleng, dikoloi, le matlo, di saletse morao ka dikgwedi tse tharo. Ke dimilione tsa batho tse bang maemong ana ka selemo.
Jwalo ka ha batho ba sa makaditswe ke dikoloto tsena, manane a dijo le ona a a nyoloha, mesebetsi e a fela le tswala ya tjhelete le yona e a nyoloha.
Peter Setou wa National Credit Regulator, eo e leng yona e shebileng indasteri ena e hwebang ka dikoloto Afrika Borwa, e eletsang batho ba dikolotong, e bolela hore lenane le leholo la batho ba kopang thuso ho yona.
Batho ba bangata dikamano tsa bona tsa lerato di senyehile ka lebaka la tjhelete, ho bolela Liz Dooley wa Family And Marriage Society Of SA (FAMSA).
Ntle ho tsena, bonyane ke Maafrika Borwa a
100 000 a seng a kentse dikopo makgotleng a dinyewe hore ba fokoletswe ditefello tsa kgwedi le kgwedi.
Dibanka - tseo e leng tsona tse nehanang ka 80% ya dikadimo tsa ditjhelete naheng ena - se di na le mokgwa oo di o sebedisang ho thibela mathata mahlakoreng ka bobedi. Di ikemiseditse ho bua le batho ba nang le mathata.
Ba etsa dintho tse kang ho fana ka kgefutso ho lefeng dikoloto, ba o lelefaletse nako ya ho lefa ho leka ho bebofatsa dintho.
Mathata a ho putlama ha moruo ha a felle tabeng ya hore malapa a lahlehelwe ke matlo, empa a fetola le tsela ya ho phela Afrika Borwa.
Ho qoba ho jellwa motse le ho nna o hlodiuwa ke ba dikoloto, ba bohlale ba kgaotsa ho reka dintho tse kang diaparo, thepa ya ka tlung esitana le taba ya boithabiso.
Ka Mmesa monongwaha, mabenkele a mangata a qadile ho hula ka thata jwalo ka ha batho ba fokotsa ho reka ha bona.
Ho putlama hona ha moruo ho theotse thahasello ya ho sebetsa ha basebetsi ba bangata. Batho ha ba sebetse hantle ha ba tseba hore tjhelete eo ba tla e fumana ha e na ba tswela molemo, e leng se amang le moruo ohle wa naha, ho bolela ramoruo wa Liberty Life Mantshimuli.
Ho ka etsahala nako e fetileng e monate e se hlole e kgutla. Letona le shebaneng le ho ralwa ha maano a mmuso, Trevor Manuel, o tjhentjhile maano a dilemo tse tharo, ya ba a tse hlano maikemisetso e le ho neha naha nako ya hore e kgutlisetse maemo setlwaeding.
Tshediso Matona, molaodi kakaretso wa Lefapha la Kgwebo le Di-indasteri, o kopile batho ba sa sebetseng hore ba kopane ba etse matsema, ba ahe difektri ho leka ho phahamisa moruo wa naha.
Empa ho banahala e ka ho na le bobetere bo tlang, ho bolela John Loos, ya bolelang ha maemo a le betere ho ena le ngwahola.
Batho ba ka tlisang phapang, ke wena, ba lelapa kapa metswalle ya hao. Mona ke bua ka batjha bana ba batho ba batsho ba lehlohonolo, ba sebetsang ha monate, ba amohelang meputso e betere eo ba kgonang ho intlafatsa ka yona.
Ke batho ba batsho ba 57 lekgolong ba etsang matsete ha FNB, ho bolela Robert Keip, hlooho ya matsete bankeng ena. Lenane lena le phetaphetile la makgowa habedi e leng 28%.
Bongata ba batho ba batsho ba etsang matsete kajeno, ke batjha - ba dilemo di pakeng tsa tse 25 le tse 34 - ba rutehileng ho feta makgowa. Ho tla ba teng ba kang bona ho ya ka dipalopalo tsa ba ha Capitec Bank, hobane ba bane ho ba bahlano ho batjha ba Afrika Borwa (ba dilemo di 17 ho ya ho tse 23) ba ipolella hore ba tla amohela R10 000 pele ba kopanya dilemo tse 30.
Ba fetang sekoto ho
bona, ba bolela ha ho le bohlokwa ho ba le tjhelete ho ena le ho ba lenyalong o be le bana kapa o phele bophelo bo pele.
Mohlomong ba rialo tjena ho teng seo ba se tshepileng. Ka hoo, ho molemo o rapelle hore leru lena le letsho le phakise ho feta. Jwalo ka ha Trevor Manuel a boletse puong ya hae ya ho qetela ya kabo ya ditjhelete ka Hlakola selemong sena a re: "Liduma lidlule - le a duma le fete." [s]
Pale: Patricia McCracken
Bakeng sa thuso dibankeng tse kgolo, ikopanye le:
ABSA Customer Debt Repair Line, 0860-356-356;
FNB Debt Review Centre,
0860-362-002;
National Credit Regulator Help Line, 0860-627-627;
Nedbank Debt Rehabilitation
And Recoveries Services,
0860-109-279;
Standard Bank Debt Review Division, 011-641-6281.
Tse ding dintlha: Banking Association of SA; Moneyweb; Beat The Crunch! ka Charl Ten Oever (Two Dogs); The Credit Crunch ka Graham Turner (Jacana); www.iol.co.za; www.statssa.gov.za
BONA E A FUPUTSA
Batho ba leka ka hohle hohle ho fokotsa tshenyo ya tjhelete
SEO RE SE BOLELANG KA MATHATA A DIKOLOTO
"Dikoloto di tlisa diqabang ka lapeng."
"Ke tlohetse mosebetsi pele ke qeta dikoloto tsa ka mme jwale tswala ya tsona e hlwa mekwalaba."
"Ke lefa sekoloto sa ka ka thata hobane ha ke sebetse."
"Ke thuswa ke mme ka dijo hore ke kgone ho lefa dikoloto tsa ka."
"Re ba bolella hore re tla lefa hang ha re fumana mosebetsi."
"Ke sebedisa tjhelete ya batswadi ho lefa sekolo sa ha Jet."
"Ho nna kgweding e nngwe le e nngwe e ka ke Pherekgong."
"Bomashonisa ba mona le tjhelete ya bona e nang le tswala mme tswala eo ke yona e ka beng e o thusa dinthong tse ding."
