sotho.1217.beauty
Tsa botle
Manala a
BONA SESOTHO - January 2008
matle
SE DUMELLE manala a a hao ho shebahala ekare o tjheka mobu ka ona letsatsi lohle. Ha ho nke le nako e telele ho a lokisa. Latela mehato e 10 e bonolo...
1: A INELE
Ka metsing a fofo a nang le olive oil kapa baby oil ho nolofatsa letlalwana la ona.
2: KGUTLISETSA MORAO
Kgutlisetsa dinama morao.
3: BOPA
Bopa manala ka tlilipare ya ona, o a phethele hantle ka boroto ya teng. Sebopeho se sekwere se a tshwarelle, ha se tjhitja, manala a phakisa ho kobeha mme a kgephohe ka bonolo.
KELETSO: Dula o bopa manala o lebisa ka lehlakoreng le leng hore a se senyehe.
4. SIDILA
Hore a dule a le boreletsana. A tla hola ka matla a be boreletsana leha o se na nako ya ho a penta.
KELETSO: Ha manala a le bonolo a phakisa ho peperana, o ka a matlafatsa ka ho nwa dipidisi tsa diproteine kapa tsa gelatin. Le dintho tsa ho a tiisa di a fumanehang.
5. TLOSA
Pele o ka tlotsa pholetjhe, qala ka ho a hlwekisa ka boyanatshwele bo kentsweng ka hara varnish remover ho tlosa masalla a oli.
6. LOKISA
Qala ka ho tlotsa base coat le ho lokisa nail varnish.
7. ITLOTSE
Tlotsa hasesanyane hore e tshwarelle nako e telele pele e kgephoha - ho molemo ho tlotsa makgetlo a mabedi!
8. OMISA
Ha o tatile, inela matsoho ka metsing a leqhwa hore e phakise ho oma.
9. HLALEFA
Se itlotse ka mebala e lefifi ha o sebedisa matsoho haholo. E kganyang le o metsi, ha e phakise ho bonahala ha e kgephohile.
10. HA TSOHLE DI HLOLELA...
... Kenya manala a maiketsetso! [s]
Se lebale ho hlahloba manala a hao le matsoho - ha ho nke le nako e telele ho etsa hore a shebahale hantle, athe ho tla o tswela molemo!
pale ka CHRISTINE HAMMANN
ditshwantsho tsa dietswa ka SALLY BLACKMAN
Sireletsa pholetjhe!
E lokela ho bolokwa ka sehatsetsing hore e se ke ya omella. Qala ka ho hlakola molomo wa botlolo pele o e kwala ho tlosa masalla hobane hona ho tla e thusa hore e tshwarelle nako e telele hape e kwalehe hantle.
Se e hlokole haholo hobane makweba a ka e etsa hore e kgephohe ka bonolo. O ka phethola botlolo o e shebisa hodimo le tlase ka hara matsoho hore e kopane hantle.
