sotho.529.Kedebone
BONA SESOTHO - October 2006
pale ka DOUG GORDON
ditshwantsho ka IVAN NAUDE
mekgabiso le moriri: FAITH SEUOE
setaele: MARINA WALSH
(Setshwantsho sa kantle - top: Ruby In The Dust; sefaha sa molaleng: Jane Bedford Beads; masale: Attitude.)
"Ke rata ho shebahala ka mokgwa ona ha ke se ka pela seipone sa TV, ka bobedi nna le ausi re na le dijean tsena!" (Top le jean: Foschini; di-jean: ke tsa Kede; dieta: Europa Art; masale: Attitude.)
Katleho ke ntho e ntle
Mona paleng ke leqwetha, empa bophelong ba hae ba nnete ke morwetsana ya motle ya imametseng - empa ha a thabele banna bana ba tala
E NE E LE sebohodi sa SABC 1 dilemo tse tharo kaofela mme a leka ho hohela dimilione tsa batjha ho boha kanale ena. Jwale o fumana monyetla wa ho bapala paleng mme ha a ikemisetsa ho kgutlela morao.
"E ne e le nako ya hore ke tswelepele," ho rialo Kedebone Mkhabela. "Ho kotsi ho dula mosebetsing wa TV dilemolemo. Babohi le bona ba fellwa ke thahasello ya hao."
Athe ha ho kotsi ya letho karolong eo a e bapalang paleng ya SABC 2, Muvhango, moo e leng Katleho, leqwetha la Doobsie ya sa ipeheng fatshe mane khampaneng ya Mukwevho-Sasko.
Moo o shebane le taba ya ngwana wa Edward esitana le lefa la hae le ballwang dimilioneng tsa diranta.
Nyewe ena ke eo babohi ba e thabelang haholo - Katleho le Doobsie, ke banana ba sa leng ba nyane ba tlileng ka sekgahla.
Kedebone o a dumela hore o ne a tshohile haholo letsatsing la hae la pele paleng ena ya Muvhango. "Ke ne ke tshohile ho feta dibapadi tsohle, ke ne ke bile ke nahana le ho ipata moo diphaposing tsa ho tjhentjhela."
O re le ka nako ya kgefutso, o ne a le ditlhong haholo. "Ke ne ke sa tsebe motho," ke yena eo. "Ke ne ke nahana hore ke tla dula ke le kgomo e fulang e le nngwe dibeke beke."
Empa seo kaofela ha se a ka sa etsahala hobane Khabonina Qubeka (Doobsie) le Kedebone ba ne ba sa qale ho bonana, ba ne ba kopane lebelong lane la ho fumana karolo ya Doosbie.
"Khabonina o ne a atlehe, a tswa panteng mme nna ka sala, empa ka tshepiswa e nngwe karolo e ntjha e neng e tla qala paleng yona eo ya Muvhango," ho rialo Kedebone.
"Ke ne ke sa nahane hore eo ke karolo ya leqwetha. Le bophelong ba ka, ha ke ipone ke eba leqwetha," ke yena a ntse a bonya.
KEDEBONE ya dilemo di 26 o re mohlala wa hae ke Connie Masilo Ferguson, eo e neng e le sebohodi sa radio, eo ha jwale a bapalang paleng ya Generations.
Nakong eo Kedebone a neng a ntse a le sekolong mane Nelspruit, o ne a tlwaetse ho shebella Connie a hasa kanaleng e neng e bitswa TV4 mme hang ka mora materiki, o ne a tle Joburg ho tla ithutela mosebetsi o tshwanang le wa hae.
Taba e ne e qale ka 1998, nakong eo SABC 1 e neng e thakgola leano la Simunye, leo ho lona ba neng ba leka ho hohela babohi ba sa leng batjha ka ho hira dibohodi tse sa leng nyane tsa banana ba mehaladitwe.
Kedebone le yena o ne a itokisetse diteko tse latelang tsa Simunye ka ho tjeka ditlelapong le ho bina dihlopheng tsa mmino.
"Ke ne ke tjeka le ausi wa ka, Florence mme re ne re fete manolong le maimeng pele re hlahella ka mahetla indastering ya mmino," ho hopola yena.
"Re ne re etsa dikonsarete tse pele le Ishmael mme hape ka tjeka le ho video ya albamo ya mosollane ya Thembi Seete, Sure Ntombazana, nakong eo a neng a le ho Yizo Yizo.
"Ho tse ding re ne re sa fumane tefo ya letho, motho a sebeletsa feela ho fumana boiphihlelo.
"Ho ne ho le boima, empa he mamello e tswala katleho."
O ne a fumane kgefutso ka 2002 nakong eo a neng a tjeka boemong ba matjhaba pulong ya mokete wa World Summit For Sustainable Development, mane Joburg.
"SABC 1 e ne e mpitse ya mpolella hore ke se ke tla ba e mong wa dibohodi tsa yona," ke yena eo. "Ke ne ke fapane hlooho ke thabo.
"E ne e be bohato ba ka ba pele torong ya ka mme jwale Connie eo e leng mohlala ho nna, o ne a se a hatetse pele haholo, a se a bapala karolo ya Karabo ho Generations. Empa jwale le nna ke ne ke se ke ikemiseditse ho ba sebapadi sa dipale."
Kedebone o se a kile a kopana le Connie makgetlo kgetlo jwale. Ke motho ya mosa, ya nang le botho mme le nna ke tla leka ho dula ke le nna," ho rialo Kedebone.
TJHEBEHO ke ntho e pele ho TV, empa Kedebone ha a ka a rata ho buswa ke botle boo ba hae."Ho na le batho bao e leng ditsebi, ba re kgabisang pele re hlahella seiponeng sa TV," ke yena eo. Jwalo ka sebapadi, ha o a tlameha ho dumella ho buswa ke tjhebeho ya hao.
"Ha ke se studio, ke rata ho ipholla ka di-jean le diteki. Ha batho ba bua le nna mona mabenkeleng, ke ikokobeletsa bona.
"Ha ke na bothata ka ho bua ka mosebetsi wa ka jwalo ka ha batho ba atisa bo mpotsa ka karolo ya Katleho eo ke e bapalang ho Movhango, empa bophelo ba ka ba nnete bona ke pinyane ya ka.
"Ha ho seo ke se patang empa ha ke rate ho tsamaya ke bua ka bophelo ba ka ho mang kapa mang."
Sena se etsa hore banna ba se mo kene ka bonolo mona ditlelapong. Kedebone ha a so nyalwe mme o a dumela hore leha bophelo ba hae bo le maphathephathe, empa o a lakatsa ka le leng hore a be le bana ba hae.
"Batho ba re ke monyemo, ha ke kenehe, empa ha ke dumellane le seo," ho hlalosa yena. "Ha ke tsubi kapa hona ho nwa, ke tsepamisitse maikutlo a ka mosebetsing, ha ke na nako e ngata ya menate.
"Ha ke sa itlhomphe nna, nke ke ka lebella mang hore a ntlhomphe. Ha ke na nako ya banna bana ba lekang ho nkgohela ka ditjhelete le makoloi a majabajaba.
"Banna ba makgonthe, ba itshepang, ha ba bue jwalo ka bona." [s]
Kedebone o a itshepa
Nkgolwe ha ke re Kede o tshoswa ke dinaledi tse ding mosebetsing wa hae - "empa seo ha se etse hore mathaka a sebedise monyetla oo ho leka ho mo hohela ka ditjhelete le makoloi." (Top, sefaha sa molaleng le masale: Ruby In The Dust.)
BONA SESOTHO - October 2006
