sotho.51.rugby brothers
Ke mafahla
pale ka ERNEST MOTEBEJANE
Maikemisetso a mafahla
ana ke afe
BONA SESOTHO - September 2007
BASHEMANE bana ba ha Ndungane bona ba hotse ba rata rugby e seng bolo ya maoto. Rugby ke yona ntho eo ho neng ho buuwa haholo ka yona lapeng labo bona mane Mthatha. Le bona ba ne ba ntse ba kgumulwa le hona ho phumulwa ke lebala le matsutlatsutla leo ba neng ba bapalla ho lona sebakeng sa habo ka teko ya ho ntlafatsa bokgoni ba bona.
Odwa Nzuzo le Akhona Zilindlovu ho ne ho se phapang ho bona.
Ha re rialo hobane e le mafahla - ka bobedi ba na le talente e tshwanang.
Ho ne ho fele dilemo tse mmalwa pele ho ka ba teng ya hlokomelang talente ya bashemane bana ba ha Ndungane.
Akhona o ne a ikamahanye le Eastern Province Rugby Union a nkwa ke sehlopha sa Elephants. O ne a qale ho bapala mohopeng wa Vodacom kgahlano le South Western District ka 2003.
Odwa, o ne a bitswe ke Blue Bulls ka 2004 pele ho Currie Cup e neng e bitswa Super 12 ka nako eo.
Mokwetlisi wa Blue Bulls, Heyneke Meyer ke yena ya neng a amohele Akhona.
Odwa o ne a fihle a ba setlabolane sa lepheong ho tswa mane Loftus Versfeld.
Manyetse
"Ke sebapadi se ikgethang sa rugby Afrika Borwa mme o bapala ka bokgabane bo boholo mona lepheong," ho bolela Meyer.
"O bokgabane, athe hape o a hlonepha. Ha a tshepise ntho a ke keng a e kgona."
Akhona hape o fetotse le mehopolo ya batho ba bang.
"Ke ne ke sa a rate manyetse," ho bolela e mong wa batshehetsi ba Bulls ka mora papadi nakong eo Akhona a neng a tlo ba saenela lebitso la hae.
"Empa jwale ke se ke a rata," ke molatedi eo a ntse a bonya. "Akhona o fetotse maikutlo a ka ka manyetse."
Akhona o qadile ho bapalla di Bulls ka 2006. Papadi ya hae ho Super 14 e ne e be bokgabane a ba a kgethelwa ho kena ho di-Springbok, a qala ho bapala papading ya tsona kgahlano le Wallabies, Perth ngwahola ka Pudungwana.
O ne a lebohe ba neng ba mo kgethile ka ho hlaba try.
Selemong sena o thusitse Bulls ho hapa Super 14 nakong eo e neng e hlola Sharks mona Thekong.
"Le ka mora boikitlabetso bo bokaalo empa Akhona o ntse a ikokobeditse," ho bolela motsamaise wa Bulls, Ian Swartz. "Ke se ke hahlautse le yena ho leba Australia le NewZealand mme le moo haesale e ntse e le sebapadi se ikokobeditseng.
"Ke na le tjhebelopele ka
yena !"
Bokgoni
Odwa yena o ne a sebetse ka thata ho hlahisa bokgoni ba hae ka mora hore a tle mona Thekong.
O ne a lemale papading ya hae ya pele le sehlopha sa Sharks dipapading tsa 2006 Vodacom Super 14 nakong eo a neng a lematswa ke sebapadi sa NSW Waratahs ha a ne a leka ho ya hlabela sehlopha sa hae try.
Mokwetlisi e motjha, Dirk Muir wa Sharks o ne a mo ntshe moo lepheong.
Empa seo ha se a ka sa kgathatsa Odwa matla. "Leha ke sa bapala ho Vodacom Super 14, empa ke motlotlo hobane ke thusitse sehlopha sa heso ho fihlella ho makgaolakgang," ke yena eo.
Papading e nngwe o ne a hlabe e nngwe ya di-try tse neng di etse hore Sharks e hlole Blues ka 32-25.
"Ha ke na letswalo, ke tlameha ho intlafatsa."
Toro ya Akhona ya ho bapalla Springbok ekare e tla phethahala jwalo kaha le yena a ne a kgethwe mane Bloemfontein ka Phupjane.
"Ka le leng re tla iphumana re le mmoho re apere jerese ena e mmala o mo tala," ho rialo Odwa a ntse a bonya. [s]
Ba tswa lapeng le le leng, e mong o bapalla Bulls, e mong Sharks - re bua ka mafahla papading ya rugby Afrika Borwa
BONA SESOTHO - September 2007
