sotho.513.blockpuzzle
BONA Block Puzzle
BONA SESOTHO - February 2007
Ithabise mme o ntlafatse Senyesemane sa hao. Araba dipotso o ntse o latela matshwao mme o tla fumana lebitso la sebini sa Afrika Borwa dikgeong tse fiifaditsweng.
No 64
HAPA
Dipina tsa lerato la letsatsi la Valentine tse bitsang
RE bitsa bohle ba lerato... O a tseba hore Hlakola ke kgwedi ya lerato, ka hoo, BONA le Revolver Records di na le diphuthelwana tse seng ka tlase ho 50 tsa mmino wa classic le wa reggae wa lerato ho natefisa letsatsi leo.
Reggae Love Songs ke pokeletso ya dipina tse 21 tsa reggae tse kang Mr Loverman ka Shabba Ranks, Baby I Love Your Way ka Big Mountain, I Got You Babe ka UB40 le e nngwe e dipina tseo e sa leng di ratwa naheng ena, Can't Be With You Tonight ya Judy Boucher.
Young, Gifted And Black ke pokeletso ya dipina tsa lerato tse kang Johnny Nash - I Can See Clearly Now, Musical Youth - Pass The Dutchie, Pato Banton - Baby Come Back, Maxi Priest - Close To You le Third World's Now That We've Found Love.
Trojan Reggae ke e nngwe ya dipina tsa reggae tsa mantlha ho tswa Trojan Records, khampane e kgolo lefatsheng e rekisang mmino. Mona o ka lebella dipina tse kang Dennis Brown, Toots And The Maytals, Bob Marley le Jimmy Cliff.
Ka hoo, ithabise, o natefise letsatsi la hao le moratuwa wa hao ka dipina tsena...
Ho ba mohlodi
Tlatsa dikgeo tse fiifaditsweng mme o tla fumana lebitso le patilweng moo. Ngola karabo ya hao posekareteng mmoho le lebitso, aterese le mohala o fumanehang ho ona motsheare o di romele ho: BONA/Block Puzzle No 64, Box 32067, Mobeni, 4060, kapa o romele BONALOVE ka SMS ho 35919. (SMS ka nngwe e bitsa R3.) [s]
Letsatsi la ho kwala: 28 Hlakola 2007
R7 500
Haeba o rata ho fumana motswalle, re ngolle atereseng ena: BONA/Penpals, Box 32083, Mobeni, 4060. Re bolelle ka wena - o sa lebale ho re neha lebitso le aterese ya hao!
Margaret Kathumba (32) o rata ho ngollana le banna le basadi. O rata ho eta, ho bina, mmino wa bodumedi, ho shebella bolo, ho bapala netball, ho loha, ho pheha, ho shebella difilimi esitana le ho bala. Mo ngolle ka Senyesemane atereseng ena: c/o Mr N. Malani, Malawi Housing Corporation, Box 414, Blantyre, Malawi o mo kenyetse foto.
Thabile Sihlongonyane o dilemo di 30 mme o rata ho ngollana le banna ba sa nweng ba bileng ba sa tsubing ba dilemo di pakeng tsa tse 30 le tse 45 ba ikemiseditseng ka bophelo. O na le moradi ya dilemo di tsheletseng mme o kereka Wesele. O rata ho bala, ho ya kerekeng le mmino wa bodumedi. Mo ngolle atereseng ena Box 4224, Mbabane, Swaziland.
Hoffman Groening (30) ke mohlankana wa morabe wa batho ba mmala ya ratang ho bala le mosebetsi wa matsoho. O rata ho ngollana le basetsana ba merabe yohle ba dilemo di pakeng tsa tse 20 le tse 30. Mo arabe ka Sezulu, Seswatsi le Senyesemane o mo kenyetse foto atereseng ena: Qalakabusha Correctional Service, Private Bag X20088, Empangeni, 3880.
Bheki Mkhwanau o dilemo di 30 mme ke setho se kereke ya Nazareth Baptist Church. O rata ho ngollana le banana bao e leng ditho tse itlhomphang, tse tshabang Modimo tse se nang bana tse dilemong tse pakeng tsa tse 22 le tse 28 ba ikemiseditseng ka dikamano. Ba nwang le ba se nang se boletsweng ka hodimo ba se ikgathatse ka ho ngola. O rata ho ya kerekeng le ho bala dibuka. Mo arabe atereseng e latelang o mo kenyetse foto le nomoro ya mohala: Box 1130, Mtubatuba, 3935.
David C. Mlindi (47) o rata ho ngollana le basadi ba dilemo di 36 ho ya ho tse 50. O rata ho shebella TV, mmino wa bodumedi, ho ya kerekeng le ho intsha. Mo ngolle ka Sezulu kapa Sexhosa o mo kenyetse foto atereseng ena: Box 1447, Kirkwood, 6120.
Mpopo Johannes Chirwa o rata ho ngollana le basadi ba dilemo di 18 ho ya ho tse 45. Mo ngolle ka Sezulu, Sesotho, Sexhosa kapa Senyesemane atereseng ena: No 200101359, Mangaung Correctional Services, Private Bag X101, Fitchardt Park, Bloemfontein, 9317.
Nicholas Dongwana (33) wa Box 153, Parow, 7499, o pholositswe mme o rata ho fumana motswalle wa Moxhosa. O rata ho mamela mmino wa bodumedi, ho ngola, ho ya kerekeng esitana le ho kgothatsa ba batho.[s]
Theha setswalle
BONA SESOTHO - February 2007
