sotho.1216.muthi
re bua ka ditlhare
BANNA ba sethepu ba ne ba atisa ho sebedisa phehla ho thothisa basadi ba bona. Matsatsing a kajeno, basadi ke bona ba thothisang banna ba bona ka phehla. Phehla ena e boela e be sebetsa sa batswadi ha ba batla ho fumana tjhelete baneng ba bona.
"Ke na le mora ya sebetsang khampaneng e nngwe e kgolo ya tsa kgokahanyo," ke mobadi e mong. "Ke wele ke tsoha le yena ke mo hodisa, empa kajeno ha a mphe le sente ena e ntsho."
O batla ke mo nehe phehla hore mora eo wa hae a tle tantshetse katara ya hae.
Leha mme enwa ke lla le yena, empa ha ke kgolwe a tla thuswa ke moriana.
Jwalo ka motswadi, e ne e le boikarabelo ba hae ho hodisa ngwanahae. Ho mo ruta e ne e se ho ipolokela lefa, empa e ne e le boikarabelo ba hae hape.
Ke mo eleditse ka hore a kope tjhelete ho morahae, ha a sa kgotsofala, a ka bitsa lelapa lohle ba sekaseke taba eo.
Taolo
Taolo ena eo batswadi ba ratang ho ba le yona baneng ba bona e fetela le dingwetsing.
Ngwetsi e nngwe ya Lesotho e bolela ha e belaela hore haesebe monna wa yona a jesitswe phehla ke ba bohadi.
"Se nkutlwisang bohloko ke hore ha ba qetele ka ho laola monnaka feela, empa ba se ba fetetse le barading ba ka ba babedi," ke yena eo.
"Ho sohle seo re bontshanang ka sona, re le lelapa, monnaka o qala a lo utlwa maikutlo a mmae pele. Hona jwale o sebetsa Kapa, empa ha ke tsebe le khampane eo a e sebeletsang le hore o dula kae.
"Pele re nyalana, re ne re bontshana ho sohle seo re neng re se rera, empa jwale dintho di fetohile.
"Ha ke na pelaelo hore ho na le se jesitseng monnaka hore a se ke a ntsotella, batho e be batswadi ba hae feela.
"Ke rata ho tsotellwa le nna le bana ba ka hobane re a mo hloka."
Letshepa ha le bolaye
Ho hlakile hore ngwetsi ena e lakatsa ho busetsa dintho madulong pakeng tsa hae le monnahae, a tle a kgone ho boela a thabele lenyalo la bona.
O tlameha ho phahama a ye dingakeng tsa setho a fumane hore na ekaba monnahae o jesitswe eng.
O tlameha ho netefatsa hore o etsa matsapa ohle ho kgutlisa thabo le nyakallo eo e neng e le teng pele ho mathata ana dikamanong tsa bona.
E nngwe keletso eo ke mo nehang yona ke ya hore ba fumane sebaka sa bona moo ba tla dula teng hobane ke na le bonnete ba hore kgotso e ke ke ya rena ha feela ba ntse ba dula ntlong e le nngwe le ba bohadi ba hae.
Mobadi e mong wa Tlhabane o nyatsa mmae matsale le balamo ba hae ka mathata lenyalong la hae.
"Ba rata ho nkutlwisa bohloko," ke yena eo. "Re dilemo re nyalane re se re bile re na le ngwana ya dilemo di leshome. Monnaka jwale o tsamaile lapeng o boetse habo.
"Ha a sa ntshapota mme o se a mpolella hore ba ne ba sa hlalana le mosadiae e moholo mme ba ntse ba lohotha ho boelana."
O nahana hore ke ba bohadi ba hae ba kgothaletsang sena.
Karabo ya ka ke ena: Ha ho ka mokgwa, ke bona mona molamu o boela sefateng, jwalo ka ha mobadi a belaela hore monnahae o jesitswe, le yena o tlameha ho sebedisa ona moriana ho lokisa mathata ana. O tlameha ho fumana lethuela le tla mo thusa mosebetsing ona.
Le banna ka bobona ba tlameha ho itlhahloba haeba motho a belaela hore ho teng ya mo tsamayang hampe, ya lekang ho mo jesa phehla. [s]
Phehla e a
sebetsa
42 BONA SESOTHO - July 2007
ka FORCE KHASHANE
Ngolla ho Force bakeng sa dipotso tsa hao ka meriana, aterese ke: Re bua ka ditlhare, Box 473014, Parklands, 2121 kapa o mo romelle e-mail ho: forcek@caxton.co.za
