SESOTHO.508.yourlifeguide_muthi
Nka ba morui ka tjhelete ya dipoko"
Re botsitse mathuela a nang le boiphihlelo ka taba ena e botswang ke bohle
BA bangata babadi naheng ena ba seng ba kile ba re ngolla ba kopa hore re ba kopanye le mathuela a ka kgonang ho ba batlela "tjhelete ya dipoko," ke bolela tjhelete e neng e tsetelwe kgale mme jwale e lebetsweng ke dipoko.
E mong o boletse ha a bontshitswe borokong moo tjhelete ena e tsetetsweng teng. "Ke tshepa hore tjhelete yona e teng moo, empa ha ke so ka ke bolella beng ba sebaka seo ka yona."
Moareka Bishopo Elias Mashike Pitsoane ya dilemo di 72, mothehi wa kereke ya Bethlehem Apostolic Church, o bolela hore ha se ntho e teng tjhelete ya dipoko. O re eo e mpa e le tjhelete e neng e tsetelwe ke bontatemoholo hobane dibanka di ne di le siyo nakong ya bona.
"Ke dutse ke eletsa ba tlang ho nna ba kopa thuso ya ho fumana tjhelete ena hore ba rapele Modimo hore a ba bontshe moo badimo ba bona ba patileng tjhelete ena teng.
"Bua le bona ka mokgwa o nepahetseng mme ba tla o bontsha borokong moo e leng teng," ho hlalosa Moareka Bishopo eo hape e leng ngaka tjhitja.
Moruti Timothy Maphosa, eo hape e leng moporofeta, ya dilemo di 36, o dumellana le Mobishopo: "Tjhelete eo e patilweng, ke ya baholo ba rona, e seng dipoko.
"Haeba o le lehlohonolo, badimo ba hao ba tla o bontsha moo e leng teng."
Sipho Mndaweni, modulasetulo wa Mokgatlo wa Gauteng Traditional Healers & Faith Practitioners, o re ha se nnete hore eo ke tjhelete ya dipoko.
"Eo ke tjhelete ya batho," o hlalositse jwalo.
O re ka nako e nngwe e ne e kengwa ka pitseng e kgolo mme e tsetelwe bosiu hore e dule e bolokehile.
"Haeba ho le teng motho eo ntate kapa ntatemoholo a mo tshepang lapeng, o a mmolella moo tjhelete a e patileng teng," ke Sipho hape.
"Empa haeba ho se eo a mo tshepang, o tla be a ikele ho o batang ho se mang ya tsebang moo tjhelete e leng teng."
Ho itima dijo pele o qala ho batlana le tjhelete ena ho ka o ntlafaletsa menyetla ya ho fumana tjhelete ena, ho rialo Mndaweni.
"Ha ho mang kapa mang ya ka e fumanang. Motho ya ka e fumanang ke ya tshetjwang ke badimo. Hape, o tlameha ho latela ditaelo tsa bona!"
"Ho ila dijo hoo, ho tlameha ho kenyeletsa le ho ila jwala le thobalano. Ha o a tlameha ho itapisa feela, empa o hlahlobe le seo o se jang," o hlalositse jwalo.
O tlameha ho hlweka mme le lethuela le o thusang le lona le tlameha ho ila.
Ona ke o mong wa mekgwa ya ho hlompha badimo.
"Nnete ke hore, ntho yohle e phelang lefatsheng mona e tlameha ho hlontjhwa," ke Mndaweni hape. "Re ke se kgone ho hlompha Modimo le badimo ha re sa hlomphane rona ba phelang," o boletse jwalo. [s]
KALAFO YA SETHO
Haeba e se wena eo badimo ba ratang ho mo neha tjhelete, o
ke ke wa e fumana leha o
ka tjheka wa
teba ha kakang!
DITLHARE
BA BANG BA RENG
Julia Moremi, eo e leng lepolesa, o boletse hore taba ya tjhelete ya dipoko ke mopoto feela. Leha ho le jwalo ho teng motswallae ya sa tswa mmolella hore o lorile mapolesa a mabedi a nyolosa thaba ho ya ntsha tjhelete motjhining wa tjhelete ka hodima thaba.
Lebo Makwe o boletse ha a ne a lore a nyolosa thaba le Julia le ntatae ya neng a hlokahale kgale. "Ha re fihla ka hodima thaba, re ne re fumane motjhini wa tjhelete mme Julia a ntsha R76 000. Ha ke kgollwe tabeng ya tjhelete ya dipoko, empa ha re rapela ka thata, mohlomong badimo ba ka re putsa," ke
yena eo.
Bafana Ncube le yena ha a e dumele taba ya tjhelete ya dipoko. "Se nngongorehisang ke hore batho ba tjheka mekoti e tebileng malapeng a bona ba behe maphelo a ba bang kotsing. Ha a yo motho ya kileng a fumana tjhelete ena ya dipoko. Bothata ke hore ho tjheka mokoti oo lapeng ho ka lematsa batho le thepa ya bona."
Moruti Mzwandile Nkwanyane yena o re: "Taba ya tjhelete ya dipoko ke e nka jwalo ka tshomo. Ha a yo motho eo nkileng ka utlwa ho thwe o kile a fumana tjhelete ya dipoko. Ena ke ntho e siyo."
