SOTHO.506.stars_2
BONA SESOTHO - August 2006
Se bolelwang ke dinaledi
Mosebetsi: Sebedisa menyetla e ka ntlafatsang maemo a hao. Sebedisa bohlale ho bontsha bokgoni ba hao.
Bophelo: Boithabiso bo nepahetse, empa se lebale ho lekola tsela o jang ka yona.
Tjhelete: Etsa kgwebo o tla iphumanela tjhelete.
Lerato: O tumme mme o tla kgahla batho ba batjha.
Mosebetsi: Se tshabe ho sebedisana le metswalle kgwebong haeba o batla katleho.
Bophelo: O a tseba ho itaola, ka hoo lokoloha o thabe.
Tjhelete: Tlhasenyana ya lehlohonolo e etsa o tsebe ho laola ditjhelete tsa hao.
Lerato: Ke nako ya lerato, o tla fumana molekane ha o se na yena.
Mosebetsi: Eba sebete o be tjhatsi haeba o rata ho ba sehlohlolong sa ditaba.
Bophelo: Lekola boima ba mmele wa hao, o ikwetlise kgafetsa.
Tjhelete: Tjhelete e lehlakoreng e ka o etsa o tsebe ho fihlela ditoro tsa hao.
Lerato: O kgotsofetse hobane dikgamano tsa lona di tla hantle. Mosebetsi: Ke nako ya ho bontsha ka moo o nang le bokgoni ka teng.
Bophelo: Hlokomela tsela o jang ka yona, o ikwetlise kgafetsa. Tjhelete: Hlahloba ditjhelete tsa hao - o netefatse hore o na le matsete a nepahetseng. Lerato: Ke nako ya ho tsepamisa dikamano tseo tsa lona tsa lerato.
Mosebetsi: Ke nako e kgothatsang haeba o hlile o rata ho nyollelwa maemong. Iponahatse.
Bophelo: Hlokomela o se ke wa kula.
Tjhelete: Eba sedi - o se bapale tlolo ka tjhelete.
Lerato: Dikamano tsa hao di tla ntlafala. Eba le lerato, o tiisetse.
Mosebetsi: Batho ba atlehileng ba tla o fa dikeletso tse molemo. Bophelo: O tla phela hantle, tswelapele le ho ikwetlisa.
Tjhelete: Se be bohlaswa, boloka tjhelete bakeng sa nako ya tshohanyetso.
Lerato: Ke nako ya thabo ho baratani. Haeba o se na molekane, o tla mo fumana.
Mosebetsi: O tla kopana le batho ba bohlokwa. Hlahlobisisa ditabatabelo tsa hao.
Bophelo: Tokoloho lapeng le mosebetsing e o etsa o phele ha monate.
Tjhelete: O lehlohonolo, empa o se be bohlaswa, hobane o tla ikwahlaya.
Lerato: Tseba le hona ho utlwisisa molekane wa hao.
Mosebetsi: Dintlafatso di tla ka potlako, ka hoo, eba malala-a-laotswe bakeng sa diphetoho. Bophelo: Ke nako ya ho matlafala le ho itshepa.
Tjhelete: Maemo a hao a ditjhelete a a ntlafala. Netefatsa hore o sebedisa tjhelete e lehlakoreng ka neop.
Lerato: Qeta nako e ngata le molekane wa hao, le tsebane.
Mosebetsi: Dintho di a tshepisa. Lebella ho nyollelwa maemong kapa ona moputso.
Bophelo: Hlokomela tsela o jang ka yona.Tjhelete: Sebedisa tjhelete dinthong tseo o di hlokang e le ka nnete. Boloka Tjhelete.
Lerato: Kgotsofala, dintho di tla hantle dikamanong tsa lona.
Mosebetsi: Itokisetse diphetoho mosebetsing mme o bontshe hore o ka fetoha le maemo.
Bophelo: Thabela ho dula o phetse o bile o shahlile.
Tjhelete: Sebedisa monyetla wa ho ntlafatsa maemo a hao a ditjhelete.
Lerato: Rata le hona ho hlokomela molekane wa hao le buisane hantle.
Mosebetsi: Sebedisana le bomphato ba hao bakeng sa katleho.
Bophelo: Iphe nako ya ho phomola. Se dumelle ho kgathatswa ke bophelo kapa mosebetsi. Tjhelete: Kopa dikeletso mme o lokolohe ho di sebedisa.
Lerato: Bophelo bo maphathephathe, empa iphe nako ya lerato le boithabiso.
Mosebetsi: Ho kgothala ke yona tshupatsela e ka o etellang pele. Sebedisa kelello.
Bophelo: Ho phela hantle ho o boloka o le tjhatsi kelellong le mmeleng.
Tjhelete: Hlahloba ditjhelete tsa hao o etse matsete.
Lerato: Se tshabe ho toba motho eo ya o kgahlileng.[s]
