sotho.502.thabang
Re bua le Thabang Moeketsane
MONNA enwa ya buelang fatshe wa sejwalejwale, o re bolella ka mooo a neng a qale ka teng ho tuma ka ho ba sesesi se pele sa Moafrika Borwa wa motho e motsho.
"Nkgono o ne a hlwekisa matamo a masepala Soweto mme ke ne ke eya ho yena mosebetsing ka mehla ho tloha ha ke ne ke le dilemo di tsheletseng.
"Ke ne ke thabela ho shebella batho ba sesang mme ke ikutlwa hore ke seo le nna ke batlang ho se etsa ha ke hola. E mong wa bapholosi ba bophelong ba moo a ithaopa ho nthuta ho sesa."
Thabang Moeketsane o ne a ena le neo ya tlhaho haholoholo ya ho thula metsi ka sefuba, mme pele ho nako e kae ba Mokgatlo wa ho Sesa wa Afrika Borwa ba mo hlokomela.
A fuwa tshehetso ya ho lefellwa dithuto tsa High Performance Centre (HPC) mane Pretoria University - tse ikgethang bakeng sa ditlhoko tsa dipapadi, ho rupellwa ha disesi tse nyenyane mme ka nako eo o ne a kena sekolo se phahameng.
"Ka qala ho kenela ditlhodisano tsa ho sesa ha ke le dilemo di 13 mme ha di le 15 ka hapa metale ya pele ya bronze," ho bolela yena.
Thabang a hapa metale ya pele ya kgauta ka 2006 ho African Senior Championships mane Senegal, boleleleng ba 50 le 100m. A qala jwale ho bokelletsa dimetale tsa bronze, silivera le kgauta ditlhodisanong tse ding tsa lefatshe.
Tlotla
Ha a balellwe hara bomampodi ba disesi tse pele tsa Amerika tse kang bo, Michael Phelps, ya tshwerweng sekola sa lefatshe eo hape a nang le dimetale tse tsheletseng tsa kgauta tsa Diolimpiking ke lefeela, o ikwetlisa ka thata letsatsi le letsatsi hore e dule e le mohlodi. Ho thata empa sephetho se a thabisa.
"Ho sesa ke bophelo ba ka," ho bolela yena.
O motlotlo ho ba sesesi se pele sa motho e motsho Afrika Borwa se seng se bile se hapile le dimetale mme o ikemiseditse le ho kgothalletsa batjha ba habo ho kena ka sekgahla papading ena.
Ha a fumane nako, o kwetlisa barutwana ba Joburg esitana le setjhabeng sa habo.
"Ho thata ho bana ho ithuta ho sesa sebakeng sa heso, ke sa bue ka ho kenela ditlhodisano. Empa ke dumela hore bana bohle ba lokela ho hola ba tseba ho sesa mme ba ikemisetse ho fihlella maemo a hodimo ao ba ka a kgonang," ho bolela yena.
Diolimpiki
Ka bomadimabe Thabang, o sa tswa sitiswa ho kenela ditlhodisano tse ding hobane a tshwerwe ke mokgohlane mme a tlameha ho shebella. "Ho bohloko ho shebella tlhodisano haholoholo ha o tseba hore le wena o ne o lokela ho e kenela!" ho bolela yena.
"Ke ne le tshwerwe ke mokgohlane hobane hitara ya letamo leo ke neng ke ikwetlisetsa ho lona e ne e sa sebetse, metsi a bata ho feta."
Ha jwale o shebane le hore a fumane tumello ya ho kenela ditlhodisano tsa Diolimpiki tsa Beijing tsa 2008. O ikemiseditse ho kgutla le metale ya kgauta ya lefatshe moo.
Ka le hlahlamang leo re neng re buisana le yena ka lona, o ne a fumane dikgau tse pedi tsa silivera Mohopeng wa Lefatshe wa Moseso wa FINA/Arena mme o se a itokisetsa ho ya Rashia, Sweden le Jeremane moo a ilo kenela ditlhodisano tse ding.
Pele-a-pele moshemane. [s]
BONA SESOTHO - January 2008
"Ho sesa ke bophelo ba ka," ho bolela mampodi wa Soweto.
Kopana le sesesi
sa Soweto
pale ka GRACE KHUZWAYO
Re kopane le mampodi wa moseso hoteleng e nngwe ya Thekong pele a kenela tlhodisano ya Mohope wa Lefatshe wa FINA/Arena Swimming. O ne a robile monakedi empa leha ho le jwalo a ipha nako ya ho bua le BONA...
BONA SESOTHO - January 2008
