sotho.494.abortion
Re etetse tliliniki ya ho ntsha dimpa
BONA SESOTHO - March 2008
pale ka NTOKOZO MFUSI/MERCURY
Leha ho ntsha mpa ho le molaong Afrika Borwa, ho sa ntse ho ena le dibaka tse seng molaong tse etsang mosebetsi ona o ditshila - di bapatswa hohle mebileng. Molao o motjha o tla etsa hore dibaka tse ntshang dimpa di atiswe, empa na seo se tla fedisa mokgwa o mobe o etswang ke batjha, ba behang maphelo a bona kotsing letsatsi le letsatsi"
KA MORA ho letsetsa dinomoro tse mmalwa, ka kopana le papatso mebileng ya toropo e tsebisang ka sebaka sa ho ntsha mpa, "se bolokehileng seo o sa tlo utlwa le bohloko," ka ikisa le mosebetsimmoho.
Ra amohelwa moo ke monna ya neng a ipitsa Ngaka Issa ha re bua le yena mohaleng. Re ne re tshohile haholo.
E ne e ka ketjhe ha e fihle mokatong wa bosupa oo re neng re eya ho ona. Ra qalella ho batla kantoro eo. Ho ne ho se ho kgutlela morao leha letswalo le ne le re seha.
Ka iphapanya, ka ba ngwanana ya dilemo di 20 ya batlang ho ntsha mpa ya dibeke tse tsheletseng, pele batswadi ba ntlhokomela. Mosebetsimmoho le nna yena ya eba motswalle ya nkemeng nokeng.
Pele re kena ka ngakeng, ra fapana le lelapa le leng le tswang ka hare. Monna eo re neng re nahane hore ke ntata ngwanana eo mmoho le mohatsae, ba tswa ba qhoba moradiabona eo e neng e ka o dilemo di 18. A hulana, o mmona hantle hore o a opelwa. Batswadi ba shebahala ba hlokofetse, ba sa tshehe le eng e tshehisang, ba iphapanyeditse mahloko ao.
Ka tshoha haholo ha ke hlokomela hore ho na le batswadi ba tlisang bana ba bona dibakeng tse sa bolokehang jwalo ka seo - tseo hape di seng molaong.
Kgutso
Ka makala ha re fihla moo ka ha ke ne ke lebeletse sebaka se ditshilanyana, ho ne ho hlwekile ho bile ho kgabisitswe ka dipalesa.
Ho ena le dimakasine tseo o ka itlosang bodutu ka tsona ha o sa emetse ho bona ngaka hantle jwalo ka dingakeng tsa nnete.
Ra dula pela kgono e mong ya neng a tlisitse setloholo. Ka mora ho dula moo re kgutsitse, nkgono a re botsa hore ke bokae. Ra re ho itswe ke R600 mohaleng. Ra botsa nkgono hobaneng a sa isa setloholo sa hae tliliniking ya Marie Stopes.
"Ba re ho a bitsa ngwanaka," a araba jwalo.
Ha tholeha hape pele nkgono a qala ho tletleba ka hore kgale ba dutse moo ha ho nko ho tswa lemina. Ngaka esale e kena le ngwana e mong ka hare, ha ba tswe jwale.
Diteko
Ka mora metsotso e mmalwa, a tswa ngwanana eo mme ha kena nkgono le setloholo. Ka nako eo re qoqang le nkgonwae, o ne a thotse tu, a bile a sa kopanye mahlo le motho.
Ba tswa ka mora metsotso e 10, ra kena.
Monna ya tenneng ka makgethe, a re bitsetsa ka phaposing e hare e pentilwe ka makgethe le yona. Ka mo hopotsa hore ke nna ya neng a mo letseditse ka nako e fetileng ka mora ho hlokomela hore ke moimana ka thuso ya diteko tsa lapeng.
A ntsha tse ding tsa dietswa tsena tsa ho etsa diteko mme a mpotsa hore ke sebedisitse se fe" Ka kgetha feela, ka lehlohonolo Ngaka Issa a re ke sona se nepahetseng. A re ke se kgathatsehe hobane mathata a ka a tla fela jwale.
Ditjeho
Mosebetsimmoho le nna a botsa hore ho bitsa bokae. Ngaka a re ke R600. A mpotsa hore ke bolelletse moratuwa wa ka ka boimana ba ka kapa tjhe. Ka re eitse hoba a utlwe ka bona, a nyamela, a halefa a re ke entse ka boomo.
Ngaka Issa le yena a dumellana le yena a re efela e le molato wa ka hobane ke nna ya mo hanetseng ho kgwesa kgohlopo.
Ka botsa hore o tla e ntsha jwang mpa ya ka. A re o tla nnwesa pidisi hona moo mme ka mora metsotso e 20, ke tla tswa ke orohe.
Ha ke botsa ka mahloko, a ntiisetsa hore ke dinyane feela tseo, ha ke na utlwa letho le tshosang. Ke tla utlwa eka ke batla ho ya ntlwaneng mme ke se makala ha ho tswa madi a matsho. A re ha ho le ya mong ya tla hlokomela hore ho na le seo ke se entseng - le batswadi ba ka ba ke ke ba bona.
Ra re re tla kgutla hang ha re se re ena le tjhelete e lekaneng. Issa a re ha ke se ke nwele pidisi eo, ke tla kgutla hape ka mora matsatsi a mabedi a tlo hlwekisa popelo ya ka, ntle ho ditefello.
A se ke a hlalosa ho ya pele. Ra tswa ka lenyele moahong oo, re tshaba le ho bula melomo ho fihlela re fihla mosebetsing.
Tlolo ya molao
Ha ho se bohloko ngwananeng ya monyenyane jwalo ka ho qala ho itlhokomela hore o moimana.
O qala ka ho tshoha haholo, o tshabe ho bolella batswadi, o nahane hape hore o tla e nka kae tjhelete ya ho ya ntsha mpa.
Ngwanana e mong ya dilemo di 22 ya dumetseng ho bua le rona ha feela re sa tlo phatlalatsa lebitso la hae, o itse le yena o kile a ntsha mpa dilemong tse nne tse fetileng a sa ntse a kena sekolong se phahameng.
Leha a ne a ye ngakeng ya nnete, o ne a ntse a tshohile haholo, a tshositswe ke boimana, ha kopana le hore batho ba tla reng ka yena.
"Ke ne ke tshohile hona hoo ke sa kang ka bolella le moratuwa wa ka," ho boletse yena.
O re ha a ka iphumana a le maemong ao kajeno, a ka kgetha ho ya dibakeng tsa ho ntsha mpa tse molaong jwalo ka Marie Stopes kapa ditliliniking tsa mmuso.
O re lebaka le ba susumeletsang dibakeng tsena tse seng molaong, ke hobane ha ho bonolo hore batho ba bang ba tsebe ka taba eo. Tse molaong tsona ho bonolo hore o kgutle moo lekeishene kaofela le se le tseba hore o tswa kae. "Ho kotsi empa tshabo le sephiri ke tsona tse susumetsang batjha bana ho itahlela lemeneng leo la ditau. O nahana feela ka tsela e tla o thusa ho o rola morwalo, ebe ke phetho."
Ke ka hona ditliliniki tsena tse seng molaong di ntseng di sebetsa ka matla leha ho ntsha mpa e se e se tlolo ya moalo.
Nnete ke hore tshitabaholo ena ha e Thekong feela, ke kobo anela, le Tshwane ditliliniki tsena tse seng molao tse ntshang dimpa ke matletsatletse, hona mebileng eo ya motsemoholo wa Lefapha la tsa Bophelo bo Botle.
Ho ya ka sebui sa Marie Stopes South Africa, Jock Strachan, ditliliniki tsa mofuta ona tse seng molaong di ata sa dikgwayakgwayane. "Ke bothata bo boholo," ho bolela bona. "Re sebetsa ka thata ho hlokomedisa setjhaba ka kotsi ya ditliliniki tsa mofuta ona."
Ho a tshosa
Mohla la 11 Pherekgong mane Joburg, mapolesa a ne a tswile letsholo a kwala ditliliniki tsena tse seng molaong, a bile a tshwara beng ba tsona. A tlosa le dipapatso tsa bona hohle mebileng, ba fuputsa dingaka tseo tsa teng, ba di kwalla tjhankaneng.
Joburg e se e fetotswe lehae la diopereishene tse seng molao, tse etsetswang dibakeng tse sa kgotsofatseng hohang mmoho le dithethefatsi.
Ho tletse mabokose a meriana ya ho tlosetsa baimana, dikgohlopo tse seng di sebeditse, matheba a madi le di-gloves di tletse hohle. Batho ba neng ba tshwarwe haholo, ke ba Uganda le Mozambique.
Ho tshwana le Thekong. Kaofela ha mehala eo re e fumaneng dipapatsong, ke ya matswantle. Hape ba bararo leshomeng ho bao re ba letseditseng, ha ba hlonephe le molao, ba ntsha motho mpa a se a tlotse dibekeng tse dumelletsweng ka molao. Ba o tshepisa hore o ke ke wa utlwa bohloko hohang le ha o ntsha mpa ya dikgwedi tse tsheletseng kapa tse supileng. Ngaka ya teng e boletse feela hore e nwesa motho moriana o itseng, ya hana hehehe ho o bolela ka lebitso.
"Ho a tshosa hore batho ba nweswe dintho tseo ba sa di tsebeng," ho bolela Jock Strachan wa Marie Stopes.
O re hape ditefello tsa Marie Stopes di hodimonyana ha di bapiswa le tsa bao ba seng molaong empa leha ho le jwalo ba etsa matsapa a hore ba se lefise batho tlolo.
Ditliliniking tsa bona le tsa mmuso mmoho le dipetlele, di na le ditshebeletso tse ding tsa bohlokwa tseo bao ba seng moalong ba sa kgoneng ho ba le tsona. Ba thetsa batho ka ho ba tshepisa polokeho le tshebeletso ya profeshenale. [s]
Tsietsi ya ho ntsha mpa ntle ho molao
BONA SESOTHO - March 2008
u
t
BONA SESOTHO - March 2008
Ho a tshosa hore motho o nweswe moriana o a sa o tsebeng le ho o tseba
