sotho.1214.yourlifeguide_muthi
Bitso lebe ke serOMO
Ngolla Force ho: Muthi Talk, Box 473014, Parklands, 2121, e-mail: muthi@caxton.co.za
Ekaba lebitso leo o le rehang ngwanahao le bolela seo a tlang ho ba sona"
BITSO lebe ke seromo e le ka nnete - batswadi ba tlameha hoba sedi e le ka nnete ha ba reha bana ba bona mabitso. Ho reha ngwana lebitso le "lebe," ka nako e nngwe ho etsa a le latele.
"Hobaneng batswadi ba ka ba nthehile bitso le lebe hakana"" ho ipotsa mmadi e mong wa Gauteng.
Ha ho makatse jwalo ka ha a rata ho sebedisa bitso la hae la kolobetso hobane lena la setho la "Molatlhiwa" a sa le rate.
Ngongoreho ya hae e ne e etse hore a be a ye lethueleng ho ya itlhahloba ka lebitso lena la hae, o rata ho tseba hore bokamoso bo mo tshwaretseng ka lona"
"Ke ne ke bolellwe hore ho bonahala ke tla kopana le mathata bophelong mme seo sohle se tla bakelwa ke lebitso la ka!"
Mmadi enwa o ne a tlamehile ho ngongoreha - le ho hlabeha.
Batswadi ba tlameha ho tseba hore lebitso la ngwana le bohlokwa mme ba tlameha ho le nahantshisa hantle.
Ke a makala hore ho tla ha jwang hore batswadi ba qete nako e telele ba ntse ba nahana lebitso la ngwana empa ba qetelle ba tlile le lebitso la "Molatlhiwa!"
Nnete ke hore, ha se hangata batswadi ba rehang bana mabitso a "mabe" ka boomo.
Ka lebitso la "Molatlhiwa," batswadi ba hae ba ne ba sa mo rohake kapa hona ho mo soma.
Molatlhiwa, Matlakala, Mihloti, Dikeledi, Sello, Nyembezi - ana ke mabitso ao ka ona ho ikemiseditsweng ho fetola maemo ka ona.
Ngwana ya hlahlamang ya ileng a feta a ka rehwa Dikeledi e le ho tlosa sekgobo sa ho feta ha bana lapeng leo.
Ekaba lebitso leo le tlisa phapang"
E nngwe tsela ke ya ho reha ngwana lebitso la bong bosele jwalo ka ho reha moshanyana lebitso la banana, mohlomong o re ke "Mamokete," haeba bashanyana ba hlokahetse ho feta banana.
Ka nako e nngwe, batswadi ba e ba leke ho qhela lefu lena ka hore lesea la moshemane mohlomong ba le hodise ba le apesa diaparo tsa banana le hona ho le tshwara jwalo ka ngwanana ho fihlela ba bona hore mohlomong jwale le se le bolokehile. Ba ka etsa se tshwanang le ngwananeng.
Hore o bitswa Dikeledi kapa Sello, ha ho bolele hore o tla dula o lla.
Hape, haeba ngwana bitso la hae e le Dikeledi, mme a lla haholo, seo ha se bakwe ke lebitso leo la hae - mohlomong o ebe a kula.
Lebitso le sa lokang
Haeba o nahana hore ngwanahao o na le lebitso le fosahetseng, o ka ikopanya le lethuela - a mabedi kapa a mararo. Ka mokgwa ona, o tla kgona ho bona hore a tiisitse ho le ho kae.
Haeba o le Sello kapa Dikeledi, seo ha se bolelle hore o tla dula o le selallane
KALAFO YA SETHO
DITLHARE
HO ITJHENTJHA LEBITSO
Ho fetola lebitso semolao ke seo o ka se etsang haeba o sa rate leo batswadi ba hao ba o rehileng lona. Leha ho le jwalo, o se ka etsisa dibapadi le dibini tsena tse itjhentjhang mabitso. Hona jwale o ba tseba ka mabitso ao ba "ithehileng" ona. Ha o ka hlahloba dibukana tsa bona tsa boitsebiso, ke moo o tlang ho fumana mabitso a bona a nnete.
Ho tjhentjha lebitso ho nka nako mme ho hloka mamello le tjhelete. Haeba o rata ho itjhentjha lebitso, o ka ikopanya le Lefapha la Ditaba tsa Lehae. Ba tla o bolella seo o tlamehang ho se etsa.
E nngwe taba ke ena, o tlameha ho hopola hore ho sebetsa ka thata ke hona ho atlehisang, e seng mabitso a rona ao re a rehilweng kgale!
Haeba ho hlokeha, ngwana eo a ka fetolwa lebitso.
Jwalo ka ha ke se ke boletse, batswadi ba ke ke ba some bana ba bona ka mabitso a "mabe."
Se sebe ke hore ka nako e nngwe ngwana o rehwa lebitso le lebe hobane a hlahetse lapeng kapa ha ntatae a mo pheha mme jwale ngwana a rehwe lebitso le kang Matlakala.
Ngwana mona jwale e ba lehlatsipa a se na molato. Ke ka hona o sa tlamehang ho dumella hore lebitso la hao le o busetse morao katlehong ya bophelo ba hao.
Se ka dumella lebitso la hao ho ba thohako ho wena.
Bonneteng ba taba, ho ba ho wena jwalo ka motho hore o kgollwe tabeng ya hore bitso lebe ke seromo.
Hopola, haeba o kgollwa tabeng ya hore o tla nne o kgeswa ka lebaka la lebitso la hao, o tla nne o iponele. [s]
