sotho.492.yourlifeguide_muthi_2
O MADIMABE LERATOng"
Hlola thohako ena!
Banna ba dutse ba o lahla ntle ho mabaka" Bang ba o qele, empa ho felle ha jwalo feela" O se o tshaba le ho kena dikamanong tsa lerato" Thuso e a fumaneha mathueleng
HO fumana monna ha se mathata mobading enwa wa Joburg - mathata ke ho theha dikamano tse tiileng le bona. "Ka mora dibeke di se kae, monna eo o a nkwenehela," o boletse jwalo. "Ba a nkwenehela, motho a nketsetse moferefere, a ntshiye ke le jwalo."
"Ke se ke bile ke tshaba jwale ho kena dikamanong tsa lerato mme jwale ho se ho fedile dilemo tse nne ke sa ratane."
Ha se yena feela ya mathateng ana. "Bahlankana ba ka ba dutse ba ntshiya feela ntle ho mabaka," o boletse jwalo e mong mobadi wa Port Elizabeth. "Ekaba ho teng phoso eo ke e etsang"" ho botsa yena a bile a bolela hore o dutse a hlompha moratuwa wa hae ka hohle hohle, a leke le ho mo thabisa. "Bang ba bona ba e ba ntshepise lenyalo empa ho felle ha jwalo. Ke utlwa bohloko ke taba ena," ke yena ha a tswelapele le lengolo la hae.
"Ekaba ho teng se phoso ka nna" Hobaneng nna ke dutse ke ratana le batho ba sa tshepahaleng""
Lethuela le leng le ne le mo bolelle hore banna bana ba lelekwa ke thokolosi. "Empa nna ha ke e kgolwe taba eo," o boletse jwalo, "hobane ha ke so ka ke hlaselwa ke thokolosi bophelong ba ka."
Batho bao dikamano tsa bona di sa nkeng nako e telele, ho e ho thwe ba na le senyama kapa bomadimabe. Seo ha se bolele hore motho ha a na lehlohonolo leratong."
Senyama le bomadimabe ke dintho tse pedi tse fapaneng mme senyama sona se tla ka mekgwa e sa tshwaneng.
Re ka etsa mohlala ka senyama se bakwang ke sesila sa ho hlokahallwa lapeng.
Ho ba le bomadimabe dikamanong, ho ke ke ha bakwa ke seo wena le molekane wa hao le se entseng kapa le sa se etsang.
Leha ho le jwalo, o ba le bomadimabe ha o ka etsa thobalano le motho ya sa kang a tloswa sesila.
Senyama sona ke ntho e etswang ke motho. Ena ke ntho ya ka boomo, e kenang ho e mong ka thobalano mme sena se ama bophelo ba motho ho kenyeletsa le dikamano tsa hae tsa lerato.
Hape ho ka ba le tse ding dintho tse ka bakang bomadimabe dikamanong ho ya ho ile.
Kgalefo ya badimo le yona e ka o bakela mathata dikamanong tsa hao. Ho ka etsahala ba halefiswe ke taba ya ho se etse meetlo kapa ho se hlomphe baholo.
O tlameha ho ya lethueleng ho ya utlwa sesosa sa kgalefo ena. Lethuela le tla o laola mme le o bolelle hore o tlameha ho etsa jwang ho kopa tshwarelo ho badimo. Ba se nang lehlohonolo dikamanong tsa lerato le bona ba tlameha ho hlatsuwa senyama.
Nke ke ka kgona ho bolela hore motho a sebedise moriana o feng hobane motho ya nang le senyama, o tlameha ho hlatsuwa ke motho e mong.
O ke ke wa itlhatswa ka bowena. Leha ho le jwalo, ha ho bolele hore moriana oo o tlameha ho kopangwa ke lethuela. O tla hlatsuwa ke e mong wa batho ba baholo lapeng kapa malome, ha feela a tla sebedisa moriana o nepahetseng. Taba ya bohlokwa ke ho fumana kalafo ka pele. [s]
Ngolla Force ho: Muthi Talk, Box 473014, Parklands, 2121, e-mail: muthi@caxton.co.za
KALAFO YA SETHO
Senyama sena
se etswa ka boomo mme
se kena
mothong e
mong ka thobalano
DITLHARE
SE BA LEBALE!
Re atisa ho halefisa badimo ka ho ba lebala, re iphapanyetse meetlo kapa re se hlomphe baholo malapeng a habo rona.
Hang feela ha ba halefa, ba baka mathata a maholo lapeng.
Ntle le ho ya mathueleng, o ka boela hape wa bua le baholo lapeng leno.
Haeba o ntse o na le lehlohonolo la ho ba le bontatemoholo, bonkgono, bomalome kapa borakgadi, se ka bapala ka monyetla oo, ba kope ho o hlaba malotsana ka tse amang badimo!
THOBALANO E BOLOKEHILENG!
Ho na le tse ding ditshwaetso tse kotsi - mme jwalo ka dingaka tsa setso, re ipiletsa hore le itshireletse ka dikgohlopo - ke bophelo ba hao bona!
