sotho.491.blockpuzzle_2
BONA SESOTHO - August 2006
BONA Block Puzzle
Ithabise o ntlafatse Senyesemane sa hao. Araba dipotso o ntse o latela matshwao mme o tla fumana lebitso la sebini sa Afrika Borwa dikgeong tse fiifaditsweng.
No 58
HAPA
Sephuthelwana sa difilimi
se bitsang
R4 000
Karolo ya boraro ya filimi e bitswang The Fast And The Furious ke Tokyo Drift.
Filimi ena e nketswe mane Japan sebakeng setjha sa mabelo seo ho sona ho nkelwang mabelo a kotsi lefatsheng. Se fetwe he ke ho boha lebelo lena la makoloi moo bakganni ba bontshang bokgoni ba bona matswadintswekeng ao a tshabehang.
Dimokolare tsa cocaine di ne di se di fedile mahlong, empa mapolesa a sebetsang ka lenyele mmoho le filimi ya Miami's Casablanca di ntse di le teng mme di se di bitswa Miami Vice.
Ena ke filimi ya bonokwane jwalo ka ha batho ba tshepahetseng ba sebetsa jwalo ka dimokolare ba rekisa dithethefatsi mane Florida ba ntse ba leka le hona ho lelekisana le mekgatlo ena ya dinokwane tse bolayang batho.
Kgweding ena BONA e fana ka diphuthelwana tse 10 tsa Fast And Furious tseo ka seng se nang le lekase la ho boloka di-cd ka koloing, Ipod charger, setshwantsho se seholo sa filimi. ATHE hape re na le tse ding diphuthelwana tse 10 tsa Miami Vice tse nang le para ya diborele, lebokose la tsona mmoho le setshwantsho se seholo sa filimi.
Ho ba mohlodi
Tlatsa dikgeo ho ka fumana lebitso le patilweng dikgeong tse fiifaditsweng. Ngola karabo posekareteng, o sa lebala ho kenya lebitso, aterese le mohala o fumanehang ho ona motsheare esitana le lebitso la sephuthelwana seo o lakatsang ho se hapa mme o romele ho: BONA/ Block Puzzle No 58, Box 32067, Mobeni, 4060.[s]
Letsatsi la ho kwala: 31 Phato 2006
