sotho.48.yourstories_dating
SE RATANE
le yena
RE NE re kopane lebenkeleng le leng Malamulele, Limpopo. Ka Hlakola 2008, Tsakane o ne a ntumele mme ra ratana. Dintho di ne di tsamaye hantle ha re sa qala. Ke ne ke le dilemo di 28 ka nako eo, mme ke ne ke ikemiseditse ka dikamano hobane ke ne ke batla ho nyala.
Nakwana ka mora moo, a qala mathata. E ne e re ha ke mo fa tjhelete a tletlebe a re e nyane. Ke ne ke se na mathata a tjhelete jwalo ka ha ke le motsamaise wa khampane ya tsa bohahlaudi, empa ke ne ke le hlokolosi haholo ha re tla tjheleteng hobane ke nahanela bokamoso ba rona.
Ke ne ke nahane hore o tla utlwisisa hore ke ne ke aha motse wa rona, mme ke boloka tjhelete bakeng sa mahadi. Empa ke nahana jwalo ka ha a ne a le dilemo di 21 ka nako eo, ha a ka a kgona ho utlwisisa taba ena. Re ne re atisa ho qabangwa ke tjhelete. O ne a sele, a le tjhiki, a sa tswafe ho ntlhapaola ka pela baholwane ba ka. Ke ne ke bolelle moruti wa kereke ka taba ena, o ne a re kopanye mme a re ke mo tshwarele. Ke ne ke mo tshwarele.
Mafelong a ngwahola, o ne a mpolelle hore re arohane. Re ne re kgutlelane, ka Hlakola, selemong sena, ra boela ra arohana re tseka yona tjhelete. Ke ne ke mo kope hore re ke re kgefutse hanyane hobane ke ne ke kgathetse ke ho lwanela ntho e le nngwe kamehla. Ke ne ke mmolelle hore lerato ke boinehelo ba bophelo bohle, empa la rona ke ne ke sa bone hore le lebisa kae. Tsakane o ne a phehisane le sena, empa ho ne ho seo a ka se etsang.
Ke ne ke fositse ho ya ka yena! Ka mora moo, o ne a ntse a fihla kgafetsa ka phirimana a nkokotele. Ha ke sa bule, o ne a kokota le fenstereng. Ha ke iphapanyetsa yena, o ne a dula kantle bosiu bohle a nkemele e be e be hoseng, a bue le nna.
Ha ke entse phoso ka siya fenstere e butswe, o ne a kena ka yona.
Ka tsatsi le leng o ne a leke ho ipolaya ka dipidisi. Ka mora ho hloleha, o ne a nke lebanta la ka a re o ilo iphanyeha haeba ke sa dumele re boelane.
Ha ke motho ya tshohang difohle, empa ke ne ke qale ho ngongoreha jwale, ka bona e ka o kenwe ke meya e mebe. Ke ne ke kope tshireletso ya molao sepoleseng, empa mapolesa a ne a mpolella hore ke ye moreneng.
O ne a bitsetswe kgotla mme banna ba motseng ba mmolella hore diketso tsena tsa hae di nyopisa menyetla ya hore re boelane. Ba ne ba mmolelle hore a tlohele masawana ao. O se a tlohetse ho nkgathatsa jwale, empa nke ke ka ithetsa ke re o tetse, nka nna ka utlwa a se a kokota fenstereng bosiung bona!
Pale: Ntokozo Maseko
DIKAMANO TSA RONA
PALE YA NTAKO:
O ne a bonahala e le mosadi wa sebele ha ba ne ba qala ho kopana, empa e itse ha dikamano di ba bodila, a tshwana le motho ya kenweng ke meya e mobe
PALE YA KHENSANI:
Ba qadile e le metswalle, ba qetela ba se ba ratana, empa eitse ha dikamano tsa bona di fela, a tshehisa ka yena ka pela ba habo
KA 2004 ke ne ke ratane le motswallaka. Ke ne ke tseba hore ha a ya tshepahala, empa hobane re ne re se re le metswalle, ke ne ke mo tshepe hobane o ne a mpolelle hore ke nna feela kgarebe ya hae.
Dikamano di ne di qale tsa tla hantle. Dintho di ne di tsamaya hantle hobane re ne re se re tsebana, ho se mang ya batlang ho ithuta e mong.
Ke ne ke le moithuti yena e le titjhere ya moo yunivesithing mme a nthusa le ka tjhelete.
O ne a nthekele selefounu le diaparo. Re ne re bile re na le diaparo tse tshwanang.
O ne a nthusa dithutong tsa ka ha ke ne ke itokiseletsa ditlhahlobo. Ho ne ho le monate! Lerato la rona le ne le tuka malakabe.
Ha nako e ntse e tsamaya, ke ne ke hlokomele hore ha ke sa le mong ho yena. Ha ke mmotsa o ne a qale a latola, a hlapanya hore ha a na kgarebe e nngwe mme le nna ka ya le kgongwana hodimo, ka mo tshepa.
Leha ho le jwalo, ho ne ho le teng se neng se nngongorehisa. O ne a tswelepele le ho bolela hore ke bua ntho e siyo.
Ke ne ke nahane leqheka, ke ha ke mmolella hore ke tla mo lahla ha a ntse a tswelapele le masawana a hae. Mantswe ao a ne a etse hore a tjhentjhe nakwana. Ho ne ho fele nakwana ke se na pelaelo ya letho.
Ho sa le jwalo, ho ne ho hlokahale rakgadi. Mathata a qala jwale ka lapeng mme eitse ke sa tobane le mathata ana, ka hlokomela hore o ne a se a intsha le motswallaka.
Ho ne ho be jwalo! Ke ne ke mmolelle hore ho fedile pakeng tsa ka le yena. Leha ho le jwalo, ha a ka a kgaotsa ho nkutlwiseng bohloko. E ne e re ka mora beke feela rakgadi a hlokahetse, pelo e sa ntse e ile mafisa, ke ha a fihla ha nkgono a tlo lata selefounu le diaparo tseo a neng a ntheketse tsona.
O ne a re o batla halofo ya tjhelete ya ditshenyehelo tseo a bileng le tsona ka nna re sa ratana.
O ne a mpolelle hore o tla ratana leha e le mang a ratang ho ratana le yena mme nna ke tla utlwa bohloko hobane ha ke sa tla ba le tjhelete eo ke neng ke e fumana ho yena.
Ke ne ke makale, ka ipotsa hore motswalle wa ka o kenwe ke eng.
Ke ne ke mo kgutlisetse dintho tseo a neng a ntheketse tsona, empa ka mmolella hore ha e le tjhelete yona a ke ke a e fumana.
Ke e ke mmone ha ke ile moo yunivesithing, empa ha re sa buisana. Ke eng eo nka e buang le yena- O ne a iketse ngwana ya batlang dintho tsa hae ha le qabane.
Pale: Kamogelo Sebola
PALE YA NTAKO
(e tswela pele):
PALE YA KHENSANI (e tswela pele):
Mabitso a batho bana ba sebedisitsweng a fetotswe.
