sotho.483.yourman_motoring
Ke sebabole sa koloi
Ha ho ka moo o ke keng wa hlahella hara letshwele ha o kganna Chrysler 300C Touring Hemi
HA o se o kganna koloi ena ya Chrysler V8, o e utlwa e tsamaya ha monate ho feta ditjeo tsa yona. Koloi ena e a bitsa jwalo ka ha o ka e fumana ka R469 900 mme le yona ke ya maemo jwalo ka tse ding tse bitsang ka hodimo R200 000.
Dintho tseo re di ratang ka koloi ena:
1 O IKUTLWA JWALO KA MORENA.
Bokahare ba yona bo entswe ka letlalo le mekgabiso e metle hape e na le dintho tse pele tse kang ditulo tse sebetsang ka motlakase tse iphuthumetsang, seyalemoya sa maemo, mabone a na le dintho tsa
ho a hlakola, e na le motjhini o laolang ho sekama esitana le mariki a sa thelleng ha o e kgina.
E boetse e ka kgona ho o lemosa ha o na le seo o tlang ho se thula.
2 E NA LE CRUISE CONTROL
Ha o kganna moo ho se nang sephethephethe jwalo ka kantle ho toropo, o ka qhanolla o tlose leoto mafureng, o tobetse konopo feela mme koloi e ikganne ka boyona ho ya ka lebelo leo o le kgethileng jwalo ka 110km/h motheong, moepeng kapa motsitseng, e tla tsamaya ka lebelo leo.
Ha e kena sephethephetheng, e tla kgona ho utlwa ha e se e atametse koloing e nngwe, e theohele lebelong le lokelang.
Haeba koloi o e latelang e rika ka tshohanyetso, le yona e tla rika ka boyona.
Ha o se o sehile tsebe mme ho se ho se koloi ka pela hao, khomputara e tla boele e nyolla lebelo ho ya lebelong leo o neng o le kgethile qalong.
Tsena tsohle tseo re di balang mona, di etsahala ntle le hore o thetse mariki kapa mafura.
3 E MATLA E BILE E A POTLAKA
Leha e kgona ho ikganna ka boyona, empa Chrysler e monate ha o ikgannela yona ka bowena. Ha re bua ka mmotlolo wa "300" re bua ka mmotlolo wa pele wa dilemo tsa bo 1955.
Mmotlolo wa kajeno wa 300C o matla ho feta - 340 hp, kapa 250 kW, e leng matla a fetang a BMW 320.
Lebelo le nyoloha ka ho panya ha leihlo mme le fella ho 250 km/h.
Empa hlokomela: peterole e a nowa mona. O hloka dilitara
tse 19 bakeng
sa dikilomitara tse 100. [s]
Pale: Gavin Foster
DIKOLOI
HLALEFA KA PETEROLE
Motho ohle o lakatsa ho sebedisa peterole e nyane matsatsing ana. Ka hoo, ho molemo ho reka koloi e ntjha. Hobaneng o reka koloi e bitsang R200 000, e batlang peterole ya R1 500 ka kgwedi bakeng sa e ntle e tla hloka peterole e sa feteng halofo ya eo" Empa dikoloing tsa masekene, o tlameha ho hlalefa ka peterole. Hobane bohle ba rata dikoloi tse sa jeng peterole, dikoloi tsa masekene tse jang peterole, di bitsa hanyane ho feta lenane la tsona la nnete.
O ka reka lesekene le majabajaba, le jang peterole ka R150 000 mohlomong, empa mofuta o tshwanang le ona, o sa jeng peterole o ka o bitsa R200 000 ha re etsa mohlala. O boloka R50 000" Haeba o sebedisa R1 000 ka kgwedi peteroleng, ho bolelang hore o tla sebedisa R50 000 o e bolokileng ha o reka koloi bakeng sa dilemo tse nne o reka peterole ka yona, o le motlotlo ka koloi ya hao ya maemo!
