sotho.482.emthunzini
O pheha masutsa
Ha o fana le wena o tla fuwa
Sephehi se tlwaelehileng sa matjhaba, Austean Phiri o tsetlallela toro ya hae jwalo ka ha a fetola ba hlatswang dijana diphehi tse pele...
pale le ditshwantsho ka TANIA SANDBERG
MANG le mang o hloka ho nehwa monyetla, mang le mang a ka kgona ho etsa ho hong. Oo ke monahano wa Austean Phiri, eo e leng sephehi. "Ha ke batle silivera le kgauta indastering ena, ntho eo ke e batlang ke ho thusa!"
Lebenkele la dijo la Phiri le Willem Buter le bitswang Emthunzini Restaurant le pakeng tsa phororo ya Howick le Midmar Dam polasing e ntle ya Amberwood, mona KwaZulu-Natal. Ba rekisa dijo tsa setso le tsa sekgowa.
"Ha nka ba ka tloha ke batla ho ba sephehi, ke ne ke rata ho ba molokise wa dikoloi," ho bolela Austean ya holetseng Mangochi, Malawi.
Jwalo ka ha ba le 12 habo, o ka iponela hore ho ne ho le boima jwang ho fepa lelapa leo, ka hoo, e ne e re a le dilemo di robong feela, a tloha a ya dula le lelapa la Matadiana mane Blantyre.
Ka mora ho qeta sekolong, lelapa labo le ne le eletse hore a ye sekolong mopheho. Tjhe, Austean o ne a ananele taba eo.
Austean ka mora matsatsi a mabedi a le sekolong, a baleha, a ya leka ho ba makhenikha. "Ke ne ke sa rate ho ba sephehi hobane ke ne ke bona ka moo ntate a neng a hula ka thata ka teng mosebetsing oo," ho rialo Austean a ntse a bonya.
Ba ne ba mmusetse, mme jwale Austean a qala ho thabela thupello ya hae. Ka 1992, Austean a memelwe Afrika Borwa ke e mong wa metswalle ya hae. "Ke ne ke fihle Howick ke le moithute feela!" ho bolela yena a ntse a tsheha.
"Ke ne ke batla mosebetsi mme ka le leng ke ntse ke otlolla maoto, ka bona hotele e bitswang Crossways Country Inn. Ka kena teng ka batla mosebetsi. Ba mpolella hore ke monyane haholo ho ka etsa seo ke neng ke bolela ha ke ne nka kgona ho se etsa."
Austean o ne a kope ho sebetsa jwalo ka moithaopi, empa bona re ba tla mo lefa R600 ka beke, ba sa ntsane ba behile tshebetso ya hae leihlo. A phakisa ho iponahatsa.
Ka mora dilemo tse pedi a hirwa ke Karos Capital Towers Hotel. A sebetsa moo dilemo tse tharo. Ka lebaka la bokgabane ba mosebetsi wa hae ba mo hanele leha a ne a itokolla mosebetsing ho ya shebana le lefa la ntatae ka mora ho hlokahala ha hae.
Mohlala o motle
Austean o ne a nke bohato ba katleho mohlang a neng a kopana le Yogan Demke, e mong wa diphehi tse pele Afrika Borwa. Ka ho bona bokgoni ba Austean, Demke a mo kopa ho tla sebetsa le yena.
"Ke mohlala ho nna mme o nthutile maano a ho ntlafatsa bokgoni boo ke ithutileng bona sekolong," ho rialo Austean. "O dutse a bolela hore sephehi sa sebele se tsitlallela tse nepahetseng ka dinako tsohle. Ha o tlameha ho pheha ka tsela e itseng, o tlameha ho etsa jwalo, ntle le ha o na le tsela ya ho ntlafatsa ho feta moo."
Ba qala jwale ho mmatla ka mona le ka mane, ke bolela le matjhabeng. "Ha o le sephehi, o ka sebetsa leha e le naheng e fe feela," ho bolela Austean. Leha a ntse a thabela diphephetso, empa o ne a na le tjheseho ya ho ba le lebenkele la hae la dijo.
Dintho tsa fetoha mohlang a neng a kotjwa ho phehela batho ba ka bang 500 sebokeng sa Sweden. "Ka itete sebete ho amohela phephetso e ntjha. Ha ke bone lebaka la ho pheha dijo tsa sekgowa feela. Ke ne ke qale ka sebedisana le lebenkele la dijo la Pietermaritzburg. E ne e be monyetla wa ka wa pele ho ba le lebenkele leo e leng la ka.
"Ka thehe Emthunzini. Jwale ke fetola basebeletsi diphehi!" Haesale e le toro ya hae. Hohle moo a fihlang teng o kgothaletse basebeletsi ba hlatswang dijana hore e be diphehi. Haufinyane le yena o tla be a ruta ka mopheho. "Ha Modimo O dumela, ke ikemiseditse le ho ngola buka," ke yena eo.
"Ke dumela hore ha o fana, o a fuwa!"[s]
BONA SESOTHO - October 2007
KA HODIMO: Sephehi se Austean Phiri se pheha a mang masutsa a sona.
LE LETSHEHADI: Austean le mohatsae Virginia le moradi wa bona.
Thatohatsi ya resepe ya Austean...
Roasted Beef Fillet With Savoury Samp
300g beef fillet
2 spenetjhe
¼ kgabana garlic e hlahlathilweng
3 dikgabana mustard
1 kgabana dill e foreshe e kgabetsweng
pelepele e hlahlathilweng
letswai le pepere bakeng sa tatso
1 tot sherry
4 dilae tse tshesane tsa bacon
Setampo:
4 dikgaba olive oil
½ eie e kgabetsweng hasesane
½ red pepper e kgabetsweng hasesane
½ green pepper e kgabetsweng hasesane
1 kopi setampo se phehilweng
¼ kopi lebejana
1 mothwebe wa lehe
¼ kopi cheddar cheese e kereitilweng
1 kgaba tomato paste
1. Qala o phehe spenetjhe. Kopanya garlic, mustard, dill, pelepele, letswai, pepere le sherry.
2. Tlotsa nama ka motswako.
3. Tshela nama ho spenetjhe le bacon. Kwahela ka cling wrap o di boloke sehatsetsing bosiu kaofela.
4. Beha onto ho 190oC. Futhumetsa olive oil e nyane paneng, hadika nama.
5. E phehe metsotso e 10 -15.
Sauce: Hadika metswako e setseng le halofo ya dieie, o tshele le tomato paste, beef stock hanyane le kopi ya metsi.
Setampo: Hadika eie, pepere le olive oil. Tshela setampo ka hare o phehe metsotso e meraro. Tshela lebejana, o kopanye. Tshela lehe, kase mme o noke. Tshola pele se butswa haholo.
Keletso ya ho fepela
Seha di-fillet e be dihalofo. Bula setampo hare moo poleiting, o behe dihalofo tseo di shebane ka hodimo.
Fafatsa sauce ka hodimo.
BONA SESOTHO - October 2007
