sotho.480.ffff invitational
WORKSHOP YA LOETSE
Eba setho sa sehlopha sa Food for fun and funds mme o ithute ka
moo o ka etsang phaello ka teng
ka ho bakela mekete e itseng dikuku, o bakele le mabenkele!
BONA le Food For Fun And Funds
e o memela workshop ya Loetse:
O BATLA ho iketsetsa tjhelete ka dijo? O batla ho ithuta ho sebedisa lerato la hao la ho baka ho phedisa ba lelapa la hao? Se fetwe ke e nngwe ya di-workshop tsa BONA le Food For Fun And Funds tse monate.
Ithute ho thabisa letshwele la batho ka dikuku tse monate mme o hohele batshehetsi hohle ka mepako ya hao e foreshe.
KAE:
The Crown Reef Room,
Gold Reef City Casino, Joburg
LETSATSI: Moqebelo, Loetse 26, 2009
NAKO: Ho ingodisa hoseng ka 9.15
Lenaneo le qala hantle ka 10 hoseng ho fihlela ha le rapama ka 4
DITJEHO: R150 motho ka mong
Ho kenyeletswa le dino ha le fihla, dijo le dimpho tse ngatangata tse tla o thusa ho qala ho bakela phaello di tloha feela!
Ho beheletsa sebaka/Ditefello:
Letsetsa Annah ho 086-010-5954 (Mantaha ho ya ho Labone, 9am - 4pm;
Labohlano, 9am - 1pm). Ka kopo tshwara nomoro ya hao e ikgethang (reference number), hobane ke yona eo o tla kena ka yona ho workshop. O lokela ho lefa matsatsing a 7 o beheleditse sebaka. Tjhelete e ke ke ya kgutliswa. [s]
Di-workshop tsa rona di tsheheditswe ke ba ha Nestlé le Golden Cloud,
ba ikemiseditseng ho tlisa phapang maphelong a Maafrika Borwa ka ho a bontsha mekgwa ya ho iketsetsa tjhelete ka dijo.
Workshop ya Thekong!
Eba le ditho tsa Golden Cloud le ba makasine ya BONA ho Cakes Workshop, Thekong.
LETSATSI: Moqebelo, Mphalane 3, 2009
KAE: Hilton Hotel, 12-14 Walnut Rd, Thekong
DITJEHO: R150 motho ka mong
Ho kenyeletswa le dino ha o fihla,
dijo le dimpho tse ngatangata.
NAKO: Ho ingodisa 9.15 hoseng
Lenaneo le qala hantle ka 10 hoseng mme le fele
ha le rapama ka 4
