sotho.471.mandela
NONYANA di ne di dula batho, baeti ba hlaha ka makgalo ohle ho tla inwesa ka nkgo ha nalane ya ha Madiba e eketseha. Motho ohle o ne a ipatla mmidimiding, hona moo pitsa diptjatlang, ke bolela motsaneng wa Mvezo. Le Madiba ka sebele o ne a le teng ho tla iponela ka a hae ha setloholo sa hae, Mandla, ya dilemo di 32 a behwa jwalo ka morena wa motse wa Mvezo. E bile nalane jwalo ka ha ho kgutlisitswe borena ba ha Mandela motsaneng oo o monyane wa Mvezo.
Motsamaise wa lenaneo mohla monene e ne e le moetapele wa United Democratic Movement, Bantu Holomisa, ha mookamedi wa Inkatha Freedom Party yena Morena Buthelezi a ne a tshetlehele setjhaba puo.
Hara baeti ba bohlokwa re ka bala Letona la dipalangwang, Jeff Radebe, la tsa dipapadi Makhenkesi Stofile, Tonakgolo ya Kapa Botjhabela, Nosimo Balindlela mmoho le a mang matona, basebeletsi ba bomasepala le borakwebo.
Morero wa letsatsi o ne o phethahale nakong eo Morena wa Bathepu, Buyelekhaya Dalindyebo, a neng a apesa Mandla ka letlalo la tau mme jwale ya ba o bo amohetse ngwana moreneng borena ba hae.
Mandela le yena o ne a tlatseletse ditlatseng ha motho ohle a ne a hoa madume 'Aah! Zwelivelile!" lebitso le bolelang 'setjhaba se hlahile' mmoho le Dalindyebo ho thoholetsa Mandla jwalo ka Morena e motjha.
Ka mora moo, morena e motjha jwale a kena kgabong le sehlopha sa mmino wa setso a bontsha bokgeleke ba hae.
Hara mokgopi o neng o le teng moo, re ka bala mofumahadi wa Mandla, Nodayimane, Graça Machel le mme wa Mandla, Rayne Mandela-Perry.
"Jwale Morena o ka lesa mohlanka wa hao a ikele ka kgotso hobane mahlo a hae a bone ha borena ba ha Mandela bo kgutla ka Mandla," ao ke mantswe a Nelson Mandela.
Tau ena ya kgale e boletse ha e le kgale ba leloko la ha Badiba ba mo qeka hore a nke borena bona. O re o ne a hane hobane o ne a se a rerile ho beha meja fatshe boetapeleng.
"Leha ke ne ke behwa ho ba presidente ka 1994, ke ne ke bolele hore ke nka dilemo tse hlano feela," ho rialo Mandela.
Phehisano
Ditsebi di bolela ha marenana a tlameha ho apara letlalo la nkwe ha ho behwa morena e moholo.
"Ka tsebo ya ka, ho ne ho sa tshwanela hore e be Zwelivelile o apesitswe letlalo la tau," ho rialo mookamedi wa Contralesa, Patekile Holomisa, eo hape e leng moholo wa baetapele ba setjhaba sa Bathepu.
Le mmuelli wa Ntlo ya Marena naheng ka bophara, Mandla Linda, o bolela ha marenana ho sa kgathallehe maemo a ona a tlameha ho apara letlalo la nkwe, la tau le atjarwa ke morena e moholo feela. "Tau ke letshwao la maemo a hodimo haholo boreneng."
Mandla o ikarabetse koranteng ya Daily Dispatch ka hore o ile a apara letlalo leo la tau bakeng sa ntataemoholo.
Letlalo leo la tau le ne le sa bontshe borena ba ka, empa ba leloko la ha Mandela kaofela," ke yena eo.
Mandla hape o bolela ha Dalindyebo a mo apesitse letlalo leo bitsong la mosebetsi oo ntataemoholo a o etseditseng setjhaba sa Bathepu le Afrika Borwa ka bophara.
Professor Peter Mtuze, ya neng a fetolele buka ya Long Walk To Freedom Sexhoseng, o bolela ha ba phehisana ka ntho e siyo.
"Ha re a tlameha ho tshufulana ka ntho e se nang ho tswela setjhaba molemo," ke yena eo.
"Ha se letlalo le bolelang borena ba Mandla, empa ke hore na o na le ona madi a boreneng kapa tjhe, ke petho."
Mosebetsi
Ho teng se tlamehang ho etswa...
Jwalo ka morena e motjha wa motse wa Mvezo, Mandla Mandela o tjametswe ke mosebetsi o moholo wa batho ba mahaeng.
Di mmalwa dibaka tse nang le motlakase esitana le hona moreneng, ka botjhabela ho noka ya Mbhashe, ho ne ho sebediswe di-generator mohla monene.
Di-generator tseo ha di a ka tsa phetha mosebetsi ho fella jwalo kaha ba bang ba baeti ba ne ba sa utlwe letho la se neng se buuwa moo.
Madiba o re o a mo tshepa Mandla hore o tla hlompha setjhaba.
Dalindyebo o re o motlotlo ho ba le morena ya jwalo ka Mandla setjhabeng sa hae mme o tshepa hore ha a no ntlafatsa motse wa Mvezo feela, empa wa setjhaba sohle sa Bathepu.
Bokamoso
Ha a botswa ka mosebetsi wa hae, Mandla o boletse hore o tla thusa ntshetsopeleng mmoho le tharollo ya mathata ohle a aparetseng setjhaba sa Bathepu.
Jwalo ka ha e ne e le e mong wa baeletsi ba baholo ba morena, seo se tla mo thusa haholo ho tiiseng borena ba Bathepu.
"Ke tla ba morena ya tlwaelehileng setjhabeng sa ha Madiba, ke tshwane le marena a mang," ho rialo Mandla ho boraditaba.
Maikemisetso a hae ke ho ntshetsapele motse wa Mvezo. Ke bokeletsa dintlha tsa batho ba motse ona e le hore ke kgone ho tseba diphephetso tseo ke tobaneng le tsona ka ona.
"Re tlameha ho ba le ditsela tsa ho lwantshana le bofutsana ba motse ona," ke yena eo.
"Le thuto e a haella jwalo ka ha sekolo se le seng feela mona Mvezo. "
Marena le ona a tlameha ho tseba ka ditaba tsa dipolotiki, ke yena hape. [s]
BONA SESOTHO - June 2007
Mandla Mandela o behwa setulong sa Borena ba Mvezo - ya nama nalane ya leloko la ha Madiba
pale ka LULAMILE FENI le LUBABALO NGCUKANA,
Daily Dispatch
ditshwantsho ka MASI LOSI, (Daily Dispatch)
Mandla Mandela o hlahella a bontse ka pela setjhaba sa hae.
Kgomo tseo Morena
Babishopo le baruti ba dikereke ho fapana, le bona ba hlohonolofaditse Mandla ka mora peho ya hae.
Basadi bana ba haotse dikilomitara tse supileng ka la Mohlomi ho tla boha ha ngwale e kgiba.
BONA SESOTHO - June 2007
