sotho.469.yourman_coaching
MAOTO
a makatsang
HAEBA ntate a rata ho thusa morahae ho ntlafatsa bokgoni tabeng ya ho bolaela dibolo tse hodimo fatshe, le mmino le ona o na le seabo, ho bolela Fana Tshabangu sethibathibane sa mehleng sa Orlando Pirates.
Ho theola dibolo tse hodimo ka bokahodimo ba leoto, ke ntho e thata haholo mme ba kgonang ho etsa seo, ba e ba rehwe mabitso a ikgethang a kang Ace kapa Professor.
Ba sa kgoneng ho etsa sena, ba tenang bolo, bona ba bitswa ka dikgomo mme ho bolelwe ha ba tlameha ho ba dithibathibane.
TSA SETHATHO
1 EMELLA sebakeng se ka bang dimitara tse nne mme o akgelle morahao bolo hantle mme o netefatse hore e ka hodimo hanyane ho hlooho ya hae. Seo a tlamehang ho se etsa ke ho laola bolo pele e otla fatshe.
2 SENA se ka etswa ka ditsela tse pedi. Ya pele, o tlameha ho qhoma hanyane a eme ka leoto le le leng ha ka le leng a theola bolo.
3 YA bobedi, ngwana a ka ya pele, morao kapa mahlakoreng, ho tla ya ka hore bolo e lebile kae. Mona o tla tlameha ho koba leoto le le leng ha le leng a le phahamisa ho theola bolo ka lona.
4 BOKGONI bona bo hloka matjato mme o se ka tiisa leoto mona maqaqailaneng. Kgothaletsa ngwana ho itlwaetsa ho nna a tsamaisa leoto mona maqaqailaneng.
Ha o ntse o ikwetlisa lapeng jareteng, se ka lebala ho letsetsa morahao mmino oo a o ratang hore a nne a tjeke. Ona ke mokgwa o motle ho mo thusa hore mmele o tsebe ho ba bobebe.
Hape ha ho lebaka le ka etsang hore le wena o se ka tjeka nakong eo o mo akgellang bolo! [s]
Pale: Force Khashane
Ditshwantsho: Peter Whitfield
Mpodi wa mehleng wa matjhaba wa ditebele Jacob "Baby Jake" Matlala le morahae ya dilemo di 12, Masego eo e leng forose ya sehlopha sa Robertsham Callies FC.
BOKWETLISI BA BOLO
Ka moo mmino le ho tjeka ho ka thusang ho ntlafatsa bokgoni ba morahao taolong ya dibolo tse hodimo ka teng
Bona ke bokgoni boo a tlamehang ho ithuta bona. Jwalo ka ha re se re boletse, ha ngwana a kgona ho theola dibolo hodimo ka bokahodimo ba leoto, o tla kgahla mahlo a bakwetlisi. Ka ho le leng, ha o sa kgone ho laola bolo ka mokgwa ona, ho bolela hore o dutse o lahlehelwa ke dibolo - mme o bitswa kgomo!
DIKELETSO
