SOTHO.464.muthi
ka FORCE KHASHANE
KE NAKO YA Keresemese, eo ka yona bohle ba batlang ho reka dinthontho. Empa o lokela ho ba sedi ha o sebedisa tjhelete, o se reke le ditadi lenaneng la dintho tseo o tla di reka. Hobane hoo ho tshwana hantle leha o lahla tjhelete ya hao o e sebeleditseng ka thata.
Ke bua ka ditadi tsena hobane serutehi se seng se neng se feletswe ke mosebetsi se ne se nthomelle molaetsa ona: "Ke kopa o mpolelle hore na ke nnete hore mehlolo e etswang ka thuso ya ditadi e fela e tlisetsa motho lehlohonolo la tjhelete hobane ke letsholong la ho di reka!"
Ho utlwisa bohloko ho hlokolomela hore ho na le dirutehi tsa yunivesithi tse kgollwang masawana a kang ao, ba hohelwa ke matsete a kotsi"
Empa nnete ke hore ha se yena feela ya kgollwang masawaneng a kang ao a ditshepiso tse se nang ka mafohlelong a ditadi tse ka o tlisetsang tjhelete.
"Ke batla ho reka ditadi tsena tse rekiswang Thekong," o boletse jwalo mmadi e mong wa Port Elizabeth.
"Na ke nnete ditadi tseo di ka o etsa radimilione""
Babadi bao ba kgollwang masawaneng ao ba lokela ho ithuta se seng ka sehloho se etsahetseng ho mmadi e mong wa rona.
"Ke ne ke hloka tjhelete ka tsela e makatsang," ho boletse mmadi eo lengolong la hae. "Ka bona papatso ya ngaka e nngwe ya setho e bolela hore e kgona ho thusa ba nang le mathata a ditjhelete.
"Ha ke arabela papatso ya hae, a mpolella hore ke reke 'ditadi tsa tjhelete' tse pedi hobane di tla nthusa haholo."
E le nngwe e bitsa R1 700. A bokelletsa tjhelete eo a tloha Mthatha, ho leba ha ngaka eo. A fihla moo mme ngaka ya etsa malebaleba a hore ditadi tseo di tle di tsebe ho qala ho mo sebeletsa. Ngaka eo ya mo bitsa R5 000 ka hodimo ho eo a neng a se a e lefile.
"Ka adima tjhelete ho mme wa ka," o boletse jwalo mosadi eo wa batho. Mmae le yena a tlameha ho ya bonana le ngaka eo ka boyena.
Ya mo tiisetsa hore moradi o se a le motjheng wa katleho. "Ka mora ho mo neha tjhelete a re re kopane ka le hlahlamang hore a tsebe ho lokisa ditadi tsa ka ke orohe le tsona.
"Ka le hlahlamang a ntetsetsa mohala a re badimo ba habo ha ba mo dumelle hore a ntokollele ditadi le hore a mo nehe moriana wa meleko ya ho etsa tjhelete."
Leha mosadi enwa a ne a ena le kgwao empa o ile a lebella hore tjhe, badimo ba tla boela ba dumella ngaka eo ho ntokollela ditadi a ye le tsona Mthatha.
Ka mora moo a nyamela. "A kwala mohala kapa a ntshehe ha ke bua le yena ho ona," ho bolela mosadi eo.
"Mohla a arabileng mohala, o ne a ntella ka tsela e makatsang."
A sa e bue hohang ya hore o tla kgutlisa tjhelete kapa jwang. "Ke tetebetse moya hampe ke bolotsana boo ke bo etseditsweng ke ngaka eo. Bosiu bo sa ke shebile, ke balabala ka pelo. Ke na le bonnete ba hore monna eo o ntse a tswelapele a qhekella batho ba bang hape."
Hlokomelang dinokwane tsena tse o tshepisang borui ka nako le motsotso. Ba ipapalla ka batho ba sotlehileng. Dinokwane tsena di senya lebitso le letle la dingaka le mathuela.
Hape ke nahana hore le bana ba reng ho na le ditadi tse tsebang ho o latela tjhelete kaekae, ba ipapalla feela ka batho.
Ebile ha se le mathuela a nnete. Leha o ka qakehela tjhelete jwang kapa jwang mme wa batla ho eketsa tjhelete ya hao ya bonase kapa ya penshene kapa ya ho fellwa ke mosebetsi, o se leke hohang ho etsa matsete dinokwaneng tsa mofuta o jwalo hobane o tla qhekellwa mme ha ho phaello eo o tla e fumana!
Se iphetole sethoto! [s]
26 BONA SESOTHO - December 2006
Re bua ka ditlhare
Hlokomela ditadi tsa tjhelete
Ha o na le potso ka ditlhare, ngolla Force atereseng ena:
Re bua ka ditlhare, Box 473014, Parklands, 2121 kapa o mo romelle email atereseng e reng:
forcek@caxton.co.za
