sotho.1210.lovelife
BONA e a fuputsa
Ditho tsa sehlopha sa loveLife - Jabu, Bongani, Njabulo, Vuyo le Freda.
pale ka TEDDY GOMBA
ditshwantsho ka MOLEFI SEBATIE
LOVELife ke mokgatlo o seng ka tlasa mmuso o hlokomedisang batjha ka HIV/AIDS. Mokgatlo ona jwale o se o nyefolwa ka hore o kgothaletsa batjha diketsong tsa thobalano mme ho thwe mmuso o kgaole tshehetso ya ditjhelete leanong lena.
Ba bang ba tshoswa ke taba ya hore batho ba baholo ba bue ka bolokolohi le bana ka tsa thobalano.
Dingangisano tsena di kenella le palamenteng ka sebele.
E nngwe taba e bakang diphehisano, ke dipapatso tsa yona loveLife - jwalo ka "O hlahile o na le bolokolohi" le "Ha re kgutlise Bokamoso."
Empa he motlatsi wa mosebeletsi e moholo wa loveLife, Grace Matlape, o bolela ha letsholo lena le etseditswe batjha ka tsela e ba tshwanetseng.
"Batjha ba rata dintho, ka hoo, re le akantse ka mokgwa o ba tshwanetseng.
"Hape re kgona ho ba fihlela hobane re bua puo ya bona.
"Bopaki ke mehala eo re e fumanang kgwedi le kgwedi e ka bang 180 000 ho ya ho 300 000.
Baithaopi
"Dipapatso ke karolo e itseng feela ya leano lena," ke Matlape hape. "Ntle ho dipapatso, re ntse re na le sehlopha sa baithaopi se netefatsang hore molaetsa o finyella setjhabeng."
Baithaopi bana ba dilemo di 18-25 mme mosebetsi wa bona o moholo ke ho hlokomedisa thaka tsa bona ka kotsi ya thobalano e sa bolokehang mmoho le ditumelokgwejana ka bohloko bona.
"Re ngodisa baithaopi ba ka bang 7 000 ka selemo," ho rialo Matlape. "Re etsa tumellano ya selemo le bona mme ba fumantshwe tjheletenyana e itseng jwalo ka kgwedi."
Matlape o bolela hore projeke ena e beha ditholwana tse ntle haholo baithaoping bana.
"Ha tumellano e fela, re e re leke ho ba fumanela mosebetsi mme bongata ba bona ba fumana mosebetsi hona mona ho loveLife ha ba bang re ba fumanela di-learnership.
Ka ho ya ka Matlape, moithaopi ka mong o tlameha ho fumana batjha ba bang ba bahlano ba bitswang "izimpintshi," ba tlang ho rupellwa thupellong ya mahlale le dikhomputara.
"Ha ba qetelle ka ho rutwa ho sebedisa khomputara, empa ba fumantshwa le thuto tsa boitshepo esitana le ho rarolla mathata.
"Bana bana ba ne ba ke ke ba fumana melemo ena haeba e ne e se ka lebaka la loveLife," ho bolela Matlape.
O boletse hape hore dipatlisiso tse sa tswa etswa ke SABC le Kaiser Foundation, di bontshitse hore ha se hangata batjha ba ikamahantseng le maano a loveLife o ba fumanang ba hahlametswe ke EITSI, ba sebedisa dikgohlopo athe hape ba etsa le diteko tsa madi.
Ditlhokomediso
Matlape o dumela hore batjha ba dutseng ba le sehlohlolong sa ditaba ba kgona ho itlhokomela. LoveLife e sebedisa dipapatso mmoho le baithaopi ho fetisa molaetsa setjhabeng ditliliniking mmoho le dikolong tsa mmuso.
BONA e ne e kopane le Mbali Kunene (22) ha e ne e etetse setsi sa loveLife se mane Orange Farm, ka borwa ho Joburg. Ngwanana enwa o rupella ba bang moo lekeisheneng la boahisane la Palm Springs.
O entse dithuto ka tsa thobalano, HIV/AIDS, ho ipoloka o phetse mmoho le ho emelana le tshusumetso ya dithaka tsa hao.
"Jwale ke se ke kgona ho toba thaka tsa ka ka dintho tse ka behang maphelo a tsona kotsing."
Setsi sena se fana ka dithuto tsa motjeko, basketball le khomputara, empa ha se etse diteko tsa madi.
"Haufinyane re tla thakgola letsholo la ho kopa bonkgono ho tla eletsa batjha.
"Re batla ba kgothaletse batswadi ho bua le bana ba bona ka tsa thobalano. Ka hoo, bonkgono bana le baithaopi, ke bona ba tla thusa setjhaba ho bueng ka ditaba tsena tsa thobalano."
Empa ha ho qeaqeo ya hore tshebedisanommoho ya setjhaba e tla hlokahala hore leano lena le sebetse. Ha feela leano lena le so ka le amoheleha setjhabeng, diphehisano di ke ke tsa fela.[s]
BONA SESOTHO - August 2007
Ho rutwa batjha ho rata bophela
Ke leano la batjha le ba hlokomedisang ka bohloko ba HIV/AIDS empa banyefodi ba lona ba re le kgothatsa thobalano batjheng. Empa tsena tsohle ha di nyahamise beng ba leano lena...
Baithaopi le izimpintshi ba boikwetlisong ba bolo ya maoto.
Batjha ba a tjeka mane setsing sa loveLife, loveLife Y-Centre mane Orange Farm, ka borwa ho Joburg.
BONA SESOTHO - August 2007
Grace Matlape, motlatsi wa molaodi kakaretso wa loveLife.
