sotho.457.yourlifeguide_legal
TSEBA DITOKELO TSA HAO
Kgweding ena: mehato e meraro ho etsa ya hore lebitso la hao le se hlole le ba lebe dikolotong
NTHUSE! KE SILAFADITSWE LEBITSO KA PHOSO!
Ke ne ke na le karete ya sekoloto lebenkeleng le tummeng la diaparo dilemo tse leshome. Ke ne ke fellwe ke mosebetsi dikgwedi tse nne mme ka hloleha ho lefa. Ke ne ke ba ngolle ka ba hlalosetsa mathata a ka. E ne e re hang ha ke fumana mosebetsi, ka qala ho ba lefa.
Haufinyane, e ne e re ke ilo reka ka karete ena lebenkeleng leo, ka bolellwa hore lebitso la ka le lebe mme ka hanelwa ho reka. Ke ne ke ba bolelle hore ke lefile molato wa ka, empa ba iphapanyetsa seo.
Tabe ena e ne e nkutlwise bohloko. Ekaba ho teng seo nka se etsang ho leka ho ntlafatsa lebitso la ka?
KELETSO YA HA SCORPION
Ke nnete lebenkele le o tshwere hampe. Leha ho le jwalo, ena ke ntho e tlwaelehileng. Ka lehlohonolo molao wa Credit Act o tla le tharollo.
1 BA NGOLLE.
Ngolla lebenkele le credit bureau o ba hlalosetse se etsahetseng. Ba bolelle hore o lefile molato wa hao mme o batla ho sebedisa karete ya hao hape.
Etsa jwalo le haeba o ne o se o ba ngoletse, mme lengolo leo o le romele ka rejistara, o boloke khophi ya lona le bopaki ba hore o le rometse.
O tla sebedisa khophi eo ha ho etsahala ho ba le tlhokeho.
2 OMBUDSMAN
"Ombudsman" kapa "ombud" ke mantswe ao re atisang ho a utlwa matsatsing ana.
Ombudsman o tshwana le mokomishenara kapa yona akgente e fuputsang ditletlebo. Haesale kantoro ena e ne e bulwe ka Hlakola 2004, South Africa's Credit Information Ombudsman e se e thusitse bareki ba bangata mme tshebeletso ya yona ke ya mahala!
Mang kapa mang a ka kopa thuso ho yona, ha feela tletlebo e kena dikarolong tse latelang:
Haeba lebitso la hao le kentswe ho credit bureau ka tsela e seng yona.
Mona re bolela le ho kengwa ha lebitso la hao ho credit bureau le ka lebaka la molato o sa o tsebeng!
Haeba lebitso la hao le ntse le le ho credit bureau le ka mora nako e molaong.
Re ka etsa mohlala ka hore, o qete molato wa hao, empa credit bureau e nne e bolele hore o ntse o kolota.
Ha lebenkele leo o le kolotang le romela dintlha tse fosahetseng ho credit bureau kapa ba se o tsebise hore ba o kenya ho credit bureau.
Ha o sa lefa hobane e se phoso ya hao (jwalo ka ho fellwa ke mosebetsi, jwalo ka wena) mme o boetse wa qalella, wa qetela sekoloto sa hao).
Ho ntse ho na le tse ding dintlha, empa tsena, ke tsona tsa sehlooho.
3 MO NGOLLE
Ha o letsetsa Ombud, e ba le credit bureau reference number ya hao mme o ba letsetse ho 0861-662-837 kapa o ba romelle
email ho ombud@ombud.org.za.
Ho boetse hape ho na le Website eo o ka fumanang ho yona dikarabo tsa dipotso tseo e leng kgale o na le tsona. Yona ke creditombud.org.za.
Hopola - pele o letsetsa Credit Information Ombudsman, qala o leke ho lokisa dintho tsa hao le credit bureau. E tlameha ho o thusa tletlebong e fe kapa e fe ya hao. [s]
KELETSO YA MOLAO
DINOMORO TSA
CREDIT BUREAU
Experian: 0861-105-665.
Compuscan: 0861-514-131.
XDS: 0860-937-000.
Consumer Profile Bureau: 0861-287-328.
Kredit Inform: 011-777-2700.
O e tlisetswa ke ba ha BONA Legal Advice, Box 32083, Mobeni, 4060 - o ka fumana monyetla wa mahala wa ho bua le leqwetha metsotso e 30 mahala, mohaleng kapa dikantorong tsa bona hohle naheng ena.
Re netefaditse hore dikeletso tsohle; tseo re di nehwang ke tse nepahetseng. Empa nnete ke hore nyewe
ka nngwe e hloka ho fuputswa mme Scorpion Legal Protection (Pty) Ltd, ditho tsa balaodi ba yona le BONA mmoho le baphatlalatsi ba yona, ba ke ke ba rwala boikarabello ha motho a hlotswe ke nyewe hobane a latetse dikeletso tsa rona.
