sotho.454.health
Tsa Bophelo
O ka phela ha monate o ena le lefu la tswekere
Dimilione tsa Maafrika di na le lefu la tswekere mme ba bang ba tswa diso maotong, e leng se senyang bophelo ba bona haholo hobane ha ba kgone ho etsa dintho tse ngata tse kang ho tsamaya le ho matha. Ho a thabisa hore ho na le seetswa se setjha se ka alafang diso tsena hantle. Se a fumaneha hohle le ba mekgatlo ya kalafo ba a se ananela.
KE NNETE:
Itsebe
Ntombi wa Generations o ne a tshohe ho utlwa hore o na le lefu la tswekere empa o bile lehlohonolo ho ena le ba bang ba neng ba qale ho utlwa ka mora ho akgeha - mme ba qale fatshe ho kgutlisetsa bophelo ba bona maemong.
Eya ngakeng ya hao kapa tliliniking mme o kope hore ba o hlahlobe esebe o na le lefu lena le laolehang ha o le belaela kapa o ena le mathata a kang:
o Ho dula o nyorilwe - o sa kgolwe le ka mora ho nwa metsi haholo.
o O dula o kgathetse.
o Boima ba mmele bo theoha.
o Letlalo le hlohlona.
o O sa bone hantle.
o Ha o lemetse, maqeba a nka nako ho fola.
o O eshwa bohatsu maotong le matsohong.
BONA SESOTHO - November 2005
bo botle
Mmele wa motho o na le dikilomitara tse 128 000 tsa methapo ya madi.
GREAT STOCK!
Bina haholo!
Se dumelle mang kapa mang ho tloha mminong wa bana wa kwaito ho ya sehlopheng sa kereke hore ba kgole molemo ba le bang - fokotsa kgatello kelellong ka ho bina, eo ke keletso ya setsebi sa taolo ya mathata a kgatello sa SA, Dr Arien van der Merwe. "Hangata ho bina ho theola kgatello ka hoo ho bohlokwa ho bina neng kapa neng ha o fumana monyetla - o le ka koloing, hae, ka bateng, kae kapa kae feela," ho bolela yena. "O ka bina ka lentswe le phefa kapa o binele tlase kapa ka pelong ha o rata ho etsa jwalo. O ka boela wa otla ditepe tse pedi tse tharo tsa motjeko o lebale hohang ka mathata!"
Dula o phetse hantle le Patricia McCracken
KE NNETE:
Matlafatsa mmele!
Na o fellwa ke matla ha selemo se eya mafelong" Imatlafatse ka mmala wa lamunu, o latele keletso ya ditsebi tsa kelello, tse alafang batho ka mebala. Di re mmala wa lamunu, o a matlafatsa, o tsoseletse tjheseho le thabo mothong - ka hoo ntjhafatsa bophelo ba hao hona kajeno!
O ka kgetha leha e le eng feela e mmala wa lamunu ho tloha dipaleseng, sekipa ho ya phaposing e pentilweng ka pente e mmala ona.
Athe ha o enwa seno teng, o tla matlafatsa masole a mmele, o fumane le Vitamin C, o dule o le mafolofolo.
Motho ya nang le ditsebe tse leketlileng, ho sa kgathallehe bong ba hae, o ba le menyetla ya ho hlaselwa ke lefu la pelo. [s]
