sotho.450.world
MONA LE MANE
MMINO
wa bohle
Basetsana bana ba batle ba ne ba le teng le bona moketeng wa Coca-Cola wa Urban Music Festival o neng o le Northriding, Joburg. Akon le Fat Joe le bona ba ne ba le teng...
BONA SESOTHO June 2008
FATSHE LA RONA
TEGNIKI
E A NTJHAFATSWA
LEHA ba bangata ba ile ba makatswa ke ha mohlahise wa mmino a kgetha ho ya sebeletsa ka hara meya e hlabang ya Antarctic empa sephetho ebile se babatsehang.
Mohlahise enwa wa Joburg, Ntsikilelo Ntshingila le wa difilimi wa Kapa, Siphiwe Ngwenya ha ba a theha seteishene sa setjhaba se hasang le South Pole feela, ba boetse hape ba thusitse ntshetsopeleng le ditekong tsa seteishene sena se senyenyane seo o ka tsamayang le sona se sebetsang ka matla a letsatsi.
Steve Kretzmann
Motjhini ona wa Umthombo Womlilo, o ka ya le ona hohle, hang ha o fumana mahlasedi a letsatsi, o sebetsa hantle haholo.
Ba jele koto mme ba a di bitsa, barati bana ba meketjana ba ne ba ithabisa mane Pimville Square, Soweto, haufinyane...
Bahlahise, wa difilimi Siphiwe Ngwenya le wa mmino, Ntsikelelo Ntshingila ba aparetse maemo a lehodimo
a Antarctic.
BONA SESOTHO June 2008
MPHO
Ke mampodi!
O NE a sa tsebe ho tsamaya ho fihlela a le dilemo di robedi - empa Rebecca Malope ha a so ka a kgaohana le ho rorisa Morena.
Ho fihlella jwale o se a rekisitse dialbamo tse ka hodimo ho tse dimilione tse tharo mme ke sebini se ratwang ho feta Afrika Borwa athe selemong sena teng Rebecca o bile o keteka dilemo tse 21 a kene mminong - dilemo tse 21 a atlehile ka ho sebetsa le Sizwe Zako, mohlahise, mohlala ho yena le motswallae wa hlooho ya kgomo.
O etsa seo ka ho hlahisa albamo ya 29, UJehova Ungu'Madida. E na le dipina tse 17 tse nang le morethetho o matla wa bodumedi, ha ho pelaelo hore lentswe la Rebecca le matla le tumelo ya hae di tla mo rwala le mathateng kapa menateng ya bophelo ba hae. Dipina tseo a di ratang haholo di kenyeletsa le AmaZulu; eo a e otlang ka moya o phahameng, Sinje Ngamajuba, eo a binang le sehlopha se matla mmoho le ya tlelasiki, How Great Thou Art, e utlwahalang e tla ratwa ke batho ba maemo a hodimo esitana le baahi bohle ba naheng ena.
Patricia McCracken
Re leboha CCP Music, hobane re na le dikhopi tse 10 tsa albamo e ntjha ya Rebecca tseo re fanang ka tsona ho babadi ba BONA. Ho kenela, SMSa REBECCA ho 35919 pele ho la 30 Phupjane, 2008. SMS e bitsa R3.
u
Matla a metsi a hlohonolofaditsweng a pholositse bophelo ba moahisane enwa wa ngaka
BOPHELO BA NNETE
O tlotse terata ho tla mpholosa!
Ngaka Mokae (ka hodimo) le Monica Kleinhans (ka tlase), moahisane ya mo pholositseng.
BONA SESOTHO June 2008
FATSHE LA RONA
E KA NNA yaba o tseba Ngaka Gomolemo Mokae, o tseba le buka ya hae, A Coloured Life, e buang ka Robert McBride. Mohlomong o hopola le ka nako eo e neng e le moqolotsi. Seo o sa se tsebeng ke hore o re bophelo ba hae bo ne bo pholoswe ke matla a moya o halalelang wa kalafo.
Ngaka Mokae o sa tswa shwa lehlakore. A holofala, a lebala sohle ka bophelo ba hae pele ho tlhaselo eo. O re o ne a lopollwe ke ho kena bateng, moo bakudi ba todiswang ka metsi a hlohonolofaditsweng.
"Leha ke le ngaka, ke dumela ka hohlehohle hore ho na le moo kalafo ya setso e ntse e le matla teng."
Moahisane wa hae, mme Monica Kleinhans o ne a phakise ho nahana. Ke yena ya neng a ise Ngaka Mokae dingakeng ka mora tlhaselo.
Empa o ne a tlamehe ho tlola terata pele hore a kene ka jareteng ya ha Mokae - hape ebile lehlohonolo hore ebe o na le mangolo a ho kganna.
"Monnaka, eo a sa ntseng a tshwareletse dinthong tsa sekgalekgale, o ne a hana ha ke kganna," ho boletse mme enwa ya molemo.
Mme MaKleinhans a hanyetsa seo, a ithuta ho kganna, a ba a fumana lengolo monnae a sa tsebe.
"O ne a makale ha ke mo bolella hore ke na le lengolo la ho kganna empa a se ke a halefa."
E ne e se lekgetlo la pele lengolo la hae la ho kganna le pholosa bophelo, o kile a tlameha ho potlakisetsa monnae sepetlele a se a hlasetswe ke lefu la tswekere.
"Ha ke tsebe se neng se tla etsahala ka bophelo ba rona hoja ebe mme MaKleinhans o ne a ile a mamela monnae, a se ke a ithuta ho kganna," ho bolela Ngaka Mokae.
Force Khashane
MOHLODI
MOSADI YA LEHLOHONOLO
Re lebohela, Vatiswa - re rata moriri wa hao!
RE BOTSITSE hore na o rata moriri wa hao - mme ra fumana dikenelo tse ka hodimo ho tse 16 000 tsa basadi ba moriri o motle hohle naheng ena. Baahlodi ba kgetha ba 12 mme le wena wa kgetha.
Re motlotlo ho phatlalatsa mohlodi wa tlhodisano ya Sof n'free "Do You Love Your Hair", Vatiswa Nthoesane, wa Nelspruit.
Ke kgethilwe ke ba 20 000!
Mona o na le Phemelo Ngcobo wa Sof n'free, Vatiswa o fumane o mong wa meputso ya hae e babatsehang - Chrysler PT Cruiser Cabriolet. Moputso o mong o kenyeletsa le R25 000 letsohong le dintho tsa feshene tse ka bitsang R10 000.
MOSEBETSI O MOTLE
Ke tlhapi
Mokganni ya ratang metsi a lewatle ka tsela e makatsang, Jerry Ntombela o fumane mosebetsi o dumellanang yena ka hohlehohle...
HO okamela Open Ocean aquariam ya uShaka Marine beachfront Thekong, ke bophelo ba Jerry Ntombela. "Ho monate ho fihlela ditoro tsa hao tsa bongwaneng," ho bolela yena ka pososelo e kgolo.
Ke wa mahaeng a Mbazwana, haufi le moedi wa Mozambicue, 10km ho tloha Sodwana Bay, lewatle le tebileng le ratwang. Batswadi ba hae ba ne ba mo kgothalletse ho ya batla mosebetsi moo empa ba re a se ke a sesa lewatle hohang - ba ne ba tshaba hore dishaka di ka nna tsa hlasela neng kapa neng. Seo ba neng ba sa se tsebe ke hore Jerry o ne a se a ena le boiphihlelo mosesong mme o bile o rata metsi a lewatle tlolo ya molao....
Ha a bala Grade 12 khampane e nngwe ya scuba diving ya qala ho sebetsa Sodwana. Jerry a phakisa ho tseba basebetsi ba moo yena le metswalle ya hae mme ka le leng ba ya le bona mmoho le batshehetsi ba yona coral reef. Leha a sa ka a qwela mohlang oo empa o ne a kgahlwe haholo ke seo ba se etsang mme a ikutlwa hore o batla ho qwela ka le leng.
A kopa ho rupellwa dikgweding tse 9 ntle ho moputso, ka kgopolo ya hore a ka nna a fumana mosebetsi teng.
"Nke ke ka lebala lekgetlo la ka la pele ke qwela, scuba dive. Ke ne ke thothomela empa eitse ha ke kena ka metsing ka lebala sohle. Ka bona lefatshe le leng. Botle bo moo ke boo motho a ke keng a bo hlalosa, motho ka mong o lokela ho tla iponela."
Johan Smidt
Mane uShaka boikarabelo ba Jerry ke ho netefatsa hore ditlhapi di dula di phetse hantle, a di fepe, a hlahlobe le maemo a metsi a tsona.
u
Tse ding tsa ditlhapi tse kgolo empa mona Jerry o natefetswe haholo.
BONA SESOTHO June 2008
DIPAPADI
O MATLA hape o motle
TJEBEHO ka nako e nngwe e ka o tlaidisa ha o bona Fundiswa Mbande (24). O a itsamaela matsatsing ana tlhodisanong e thata ya triathlons, marathone wa 42,2km, 180km ka dibaesekele le 3,8km o sesa lewatle.
dipapadi
Ho a sweswa
O BONWE ke dimilione tsa lefatshe lohle ho Webcast, Bo Shabalala wa Thekong ha a nka sekola tlhodisanong ya Komunity Project Future Star ho QuikSilver Pro mane Bay of Plenty hona Thekong.
QuikSilver Pro ke tlhodisano ya matjhaba e maemong a hodimo e o dumellang ho kenela tlhodisano ya bosesise ba profeshenale ba ho hahlaula le lefatshe kaofela Afrika Borwa. Bo, o kene karolong a bobedi ya Pro-Junior Division a fumana tshehetso ya ditjhelete ya radipapadi wa selemo wa Komunity Project. Ha latela Lungani Memani wa Port Alfred.
Patricia McCracken
MOETLO WA RONA
Kgomo tseo, morena!
Sehopotso sa dilemo tse 28 sa ho kopanya setjhaba sa AmaNdebele WakwaManala Morena Silamba..
Nathi Ngcobo.
BONA SESOTHO June 2008
FATSHE LA RONA
Bo Shabalala o temeng. E ka hare: Lungani Memani.
KE dilemo jwale setjhaba sa AmaNdebele WakwaManala a keteka sehopotso sa Komjekejeke Heritage se Wahlmansthal, haufi le Tshwane, ho ikgopotsa ka kopano e neng e thehwe ke Morena Silamba wa AmaNdebele WakwaManala.
Motsemoholo wa Morena Silamba o ne o le KwaPhulwana, KwaNanduna pakeng tsa Bronkhorstspruit le Tshwane. Ka mora ntwa e mahlo-mafubedu le Mogenerale Bronkhorst ho tsekwa naha, morena le lebotho ba fallela KoMjekejeke dilemong tsa bo 1850. A busa ho fihlela ka 1892, a hlahlangwa ke letsibulo la hae Morena Mbhedlengani. Mokete ona wa Komjekejeke o hlophiswa ke AmaNdebele WakwaManala, ba leloko la Morena Silamba le Morena Makhosoke II. Hara bamemuwa, re bala le Kgosana Lambert Kandaza wa Tshokwe mane Democratic Republic Of Congo, Morena Wiseman Mabena wa ha Ndebele mane Zimbabwe, Letona la Mpumalanga la tsa Thuto, Siphosezwe Masango le Agnes Mlondobozi wa masepala wa Metsweding. Ho ketekwa ka mmino wa botjhaba, wa dibini tse kang Ihashi Elimhlophe, Nothembi Mkhwebane, Hlanikuhle Mahlungulu ha re bala ba mmalwa feela.
Ho tloha ka leqeleng ho ya ho le letona: Adele Kayinda, Lambert Kandaza, Morena Makhosoke II le Veronique Nuzangila.
u
DINALEDI
MAHLOHONOLO!
FATSHE LA RONA
Haufinyane Eddie Murphy o ne a keteka letsatsi la hae la tswalo ka setaele sebakeng se seng sa boithabiso mane LA. O dilemo di 47 jwale leha ho ne ho se letho le matla leo a le etsang mosebetsing wa hae ho fihlela jwale empa e sa ntse e le thatohatsi ho bohle. Ho fihlella jwale o se a entse difilimi tse 33 tse seng di fetile $3,4 billion mane USA, ke hore ka kakaretso filimi ka nngwe e entse $104 million.[s]
Na ha a motle?
Kopana le Pingping, eo e leng monna ya mokgutshwane ho feta bohle lefatsheng, ya bolelele ba 74,61cm.
