sotho.445.2008 stars
e bokeleditswe ke WILLIAM SMITH
ditshwantsho ka GALLO
ARIES
Mar 21 - Apr 21
HANGATA o a itshepa, o na le tshusumetso empa o bohale, o sefelapelwana ka nako e nngwe.
Selemong sena... Itshepe, o be le tjhebelopele e ntle. Itlhophisetse katleho.
Mosebetsi: Sebetsa ka thata, o tla atleha. O tla hlokomeleha ha o ikemisetsa mosebetsing wa hao.
Tjhelete: Ha o ka tsetsisa maikutlo ho yona, o ka ba le maqheka a ho e fumana.
Lapeng: Ho rera hantle ho ka o thusa ho rarolla mathata. Se ikgathatse ka tse senyehileng, inehele ho lokisa diphoso.
Lerato: Eba lerato, o inehele mme dikamano di tla ntlafala.
TAURUS
Apr 22 - May 21
O LERATO hape o na le bonono, o sebetsa ka thata empa ka nako e nngwe o manganga.
Selemo sena... Shebana le ho kwena ha mmele wa hao, o ntlafatse maemo a bophelo.
Mosebetsi: O tla fela o atlehe dinthong tse ngata. Sohle seo o tla se qala se tla ba le pheletso e ntle.
Tjhelete: O batla ho tjhentjha kapa ho ntlafatsa bophelo ba hao" Ha o na tjhelete" Qala ka ho ba le tjhebelopele e ntle mme o tla atlehe haholo.
Lapeng: Ithaope ho lokise moo ho senyehileng. mme o natefelwe ke lehlohonolo la ho ba le batho ba bohlokwa jwalo ka bao.
Lerato: Eba le lerato le moya wa setswalle. Iponahatse ho ya o kgahlileng haeba o se na moratuwa.
GEMINI
May 22 - Jun 22
HOBANE o nahana ka pele, o ka nna wa ba manganga ka nako e nngwe.
Selemong sena... Mafolofolo a hao a bontsha hore o tla a tleha.
Mosebetsi: Ke nako e ntle ya ho qala leano le letjha kapa ho amohela diphephetso.
Tjhelete: Sohle seo o se hlokang bakeng sa katleho se matsohong a hao. Mamela letswalo la hao. O tla thusahala ho iketsetse tjhelete lehlakoreng.
Lapeng: Ba hlokomedise hore o na le bokgoni ba ho thusa katlehong ya bona kaofela.
Lerato: Nahana ka mekgwa ya ho ntlafatsa dikamano. Dikamano tse sa tsoseletsweng di ba bodutu.
CANCER
Jun 23 - Jul 23
OTJHENTJHA maikutlo ka pele ka nako e nngwe, lerato la hao ke lona feela ntho ya bohlokwa mme o batla ho ikgutsa.
Selemong sena... Bophelo bo hlwekileng le ho ipha nako ya boimamelo bo molemo bakeng sa bophelo bo botle le ho feta tjhelete, ka hoo leka ho ela hloko mme o se itshenyetse nako le matla.
Mosebetsi: O ka nna wa ba le tshepo ha o ka qala fatshe.
Tjhelete: Ke nako e ntle ya ho qala malebaleba a tjhelete.
Lapeng: Netefatsa hore bohle ba dule ba thabile ka lapeng. Leka ho kopanya ba leloko.
Lerato: Dikamano le moratuwa wa hao di tla ntlafala le ho feta pele. O batla moratuwa" Eba le lerato hore o kgahle bao o kopanang le bona.
LEO
Jul 24 - Aug 24
O LERATO hape o pelonolo mme ka nako e nngwe o batla ho imamela hape o rata ho hlophisa mekete le ho thusa batho, ha o batle dikgohlahano.
Selemong sena... Ithute ho phela hantle, o tjhentjhe bophelo ba hao.
Mosebetsi: Haeba o batla ho fihlela maemo a hodimo mosebetsing, hlahisa bokgoni ba hao le botshepehi. Tjhelete: Ho sebetsa ka boinehelo ho tla o bulela tsela e isang boruing.
Lapeng: Theha kgotso le tshebedisanommoho. Eba mohlala o motle ka ho buisana le ba leloko ka ditaba tse ba amang mme o kope maikutlo a bona.
Lerato: Etsang ditshepiso tsa bohlokwa le moratuwa wa hao. Intshe ka kgopolo ya ho tshwasa ha o se na moratuwa. E meholo menyetla ya hore o tla tswa le yena.
VIRGO
Aug 25 - Sep 23
O SHEBISISA haholo, o be o sekaseke dintho hoo ka nako e nngwe o ka nnang wa nyatsa mme o bonahale eka ha o kgotsofale.
Selemong sena... O tla hlokomela hore bophelo ba hao bo a ntlafala ha o dula o nahana ka dintho tse ntle feela.
Mosebetsi: Inahane o le maemong a matle mme o tla ba le tjheseho ya ho sebeletsa ho a fihlela.
Tjhelete: Takatso ya hao ya ho ba le tjhelete e tla o kgothaletsa ho e boloka.
Lapeng: Hopola - lelapa le bapalang mmoho ha le arohane.
Lerato: Ho theha dikamano tse tiileng tsa setswalle ho bohlokwa.
LIBRA
Sep 24 - Oct 23
O LERATO o bile o mosa athe o tseba ho sebetsa hantle le sehlopha o thabela dikutlwano empa o itshetleha haholo bathong ba bang.
Selemong sena... Bophelo bo botle bo itshetlehile maemong a ho phema kgatello. Hopola ho tsetsisa mosebetsi le papadi hantle.
Mosebetsi: Tobana le projeke e nngwe le e nngwe ka tjheseho ka ha ke nako ya hao ya katleho ena.
Tjhelete: Lebella ho ntlafala ha maemo a hao. Maikemisetso le botshepehi di tla o tswela molemo.
Lapeng: Ba lelapa la hao ke bona letlotlo la hao haholoholo baholo ba heno le bana. Ba rate mme o ba hlokomele haholo.
Lerato: Dikamano tsa lona le moratuwa wa hao di tla tia. Ha o sa nyala, menyetla e meholo ya ho tshwasa.
SCORPIO
Oct 24 - Nov 23
O NA le tjheseho e kgolo ya katleho ho sohle seo o se etsang mme o boloka makunutu haholo.
Selemong sena... Tjhentjha mokgwa o jang le hona ho nwa ka ona ha e o ntsha tseleng. Sebeletsa hore mmele wa hao o kwene.
Mosebetsi: Etswa letsholo ho fumana seo o batlang ho se fihlela mosebetsing wa hao.
Tjhelete: Ke nako ya ho ntlafatsa kapa ho kopanya dintho ho tsa ditjhelete. O tla fihlelwa ke mehopolo o metle ya ho etsa tjhelete.
Lapeng: Sebeletsa ho aha dikamano tse ntle. Ela hloko meetlo e bitsang haholo.
Lerato O nyetse kapa tjhe, ena ke nako e monate ho wena. O tla atleha ho ntjhafatsa dikamano tsa lona athe ha o se na moratuwa teng ke nako ya hao ya ho mo fumana.
SAGITTARIUS
Nov 24 - Dec 22
O MATJATO, o ikemiseditse ho ka amohela diphephetso, o itele ha ho hlokeha hape o rata ho phela ho latela melao o ipehetseng yona.
Selemong sena... Phema mehopolo e mebe. Bophelo bo botle bo qala mehopolong.
Mosebetsi: Bokgoni ba hao ba bonono bo tla o thusa hore o nyollelwe maemong a matle. Mehopolo ya hao e tla hlonetjhwa.
Tjhelete: Inahane o se o ena le tjhelete mme seo se tla phethahala. Sebeletsa bokamoso bo botle, pele ho nako e kae maemo a tla ntlafala.
Lapeng: Tsela eo ho phelwang ka yona e ka nna ya ntlafala. Ho thusa ba bang ho tla o tswela molemo.
Lerato: Lebella lerato le makatsang haeba o ena le moratuwa. Ha o se na yena, qala ka ho theha setswalle le ya o kgahlang, lerato le tla latela.
CAPRICORN
Dec 23 - Jan 21
E KARE o rakgwebo mme o tsamaisa dintho ka molao, o batla ho dula o bolokehile ho sohle.
Selemong sena... Phaphamisa bophelo ba hao.
Mosebetsi: O bontsha bohlale le kgatelopele e leng tse hlokahalang bakeng sa ho tobana le diphephetso.
Tjhelete: O ka nna wa ntlafatsa maemo a hao ka ho ba le thahasello ya ho phahamela menyetla ya tjhelete e hlahang.
Lapeng: Iphe nako ya boithabiso le lelapa. Eba pulamadiboho ha ho ena le maemo a hlokang ho lokiswa.
Lerato: Lebala ka tse fetileng - eba le lerato le kutlwisiso. O ka nna wa kopana le ya tla o kgahla.
AQUARIUS
Jan 22 - Feb 20
HANGATA o kgona ho laola maikutlo a hao le seo o batlang ho se fihlela empa o manganga.
Selemong sena... Qala ka ho ipeha maemong a matle kelellong le mmeleng.
Mosebetsi: O tla tlotlwa ka mehopolo, diqeto le mesebetsi le ka katleho ditjheleteng.
Tjhelete: Se kgotsofatswe ke tse nyenyane empa o ka nna wa rera tse kgolo, wa sebetsa ka thata, ka ha lehlohonolo le ka ho wena, o ka atleha.
Lapeng: Matsapa a ho rarolla dikgohlahano le ho theha kgotso a tla o tswela molemo.
Lerato: O kena nakong e monate ho tsa lerato mme o tla natefetelwa le ke menyetla e metjha.
PISCES
Feb 21 - Mar 20
NATEFELWA ke ho hlahella hara letshwele leha ka nako e nngwe o ithorisa ho feta, o qetelle o utlwile bohloko. Empa o kgona ho tjhentjha le ho etsa dintho tse ngata. Selemong sena...Netefatsa bophelo ba hao bo botle le ba lelapa la hao ka ho qala mekgwa e metjha ya ho phela le ho hatella bohlokwa ba bophelo bo hlwekileng.
Mosebetsi: Ha o ena le merero e meholo, o tla fihlella maemo a hodimo.
Tjhelete: O ka nna wa fumana tsela ya ho sebedisa neo e ikgethang kapa seo o se ratang se tla o kenyetsa tjhelete.
Lapeng: Eba le lerato le tlhokomelo ho bona mme o dule o thabile.
Lerato: Dikamano tsa lona di tla tia. Ha o sa nyala, ke nako ya hao ya ho fumana moratuwa. [s]
E ikgethang ya BONA
Ekaba 2008 o e tshwaretseng" Bala ka moo o ka imatlafatsang ka teng mme wa laola bofokodi ba hao, tseba seo o ka se lebellang selemo se setjha...
BONA SESOTHO - January 2008
selemo se"
Ebe ke sa hao
BONA SESOTHO - January 2008
u
t
BONA SESOTHO - January 2008
Selemo sa hao
se tlang
