sotho.444.yourlifestyle_health
Kholera
1 KE ENG? Ke lefu le kotsi - ke mofuta o itseng wa letshollo. Le fumaneha metsing a ditshila, a nang le mantle a batho le moroto. Le fumaneha hape le ditholwaneng le merohong e hlatswitsweng ka metsi a ditshila.
2 O TSEBA JWANG HA O ENA LE YONA? O qala ka ho tsholla metsi, o ntano hlatsa mme ha nako e tswella o lahlehelwe ke metsi ho feta mmeleng. Lefu lena le kotsi haholo maseeng le baneng ba banyenyane kapa maqhekung le bathong ba kulang kapa ba sa fepehang hantle.
3 HOBANENG HA KHOLERA E NKWA E LE "KOTSI-KOTSI"? Ha letshollo lena le lehlatso di sa alafshwe ka tshwanelo, motho o fellwa ke metsi mmeleng. Hona ho bolela hore mmele o tla lahlehelwa ke phepo eo o e hlokang ho o boloka o phetse - jwalo ka metsi, tswekere le letswai - mme o omelle. Kholera e ka bolaya motho.
4 E ALAFSHWA JWANG? Kalafo e ya ka maemo a lefu mmeleng. Ha e so be mpe haholo, o ka kgona ho e thibela mmele o se fellwe ke metsi ka ho nwa dino haholo, haholoholo motswako o ikgethang o ka iketsetsang ona (sheba ka lebokosaneng), kapa o reke khemising.
Bakudi bao mmele ya bona e seng e fellwa ke metsi, ba lokela ho iswa tliliniking ka pele. Se leke ho hlatsa o se o kenwe ke lefu lena, eo ke keletso ya ba Lefapha la tsa Bophelo bo Botle - hobane hoo ho ka mpefatsa maemo ka ho fetisisa.
Hape o pheme ho nwa dino tse nang le acid jwalo ka Coke. O ka boela hape wa alafshwa kholeka ka ho entwa, ho ya ka moo ba South African Vaccination And Ammunisation Centre ba bolelang ka teng. Motho o nehwa methangwana e mmedi, dibekeng tse pedi kapa a nehwe nale ho tloha bekeng e le nngwe ho ya ho tse tsheletseng.
5 O KA PHEMA KHOLERA JWANG? Menyetla ha e mengata ha o dula sebakeng se nang le tlhaselo e kgolo ya lefu lena, ha o na taolo ya metsi a tshilafaditsweng. Hona ho ka bakelwa ke ha batho ba kgobokane sebakeng se le seng ba le bangata mme ho se le matlwana a hantle.
Ka hoo, ho tla ba thata ho thibela kholera empa o ka sireletsa ba lelapa la hao ka ho netefatsa hore ha ba atamele hohang metsing a ditshila. Netefatsa hore o sebedisa metsi a hlwekileng a se nang dikokwanahloko.
6 O KA HLWEKISA METSI JWANG? A bedise kapa o tshele ka Jik.
Tshela halofo ya kgabana ya bleach litareng mme o a sebedise ka mora metsotso e 30.
Ho 25 litres teng o ka tshela kgabana e le nngwe ya bleach ka metsing
mme o a hlokohle, o nke dihora tse pedi pele o a sebedisa. (Netefatsa hore sekupu seo se hlwekile mme hape ho ne ho sa tshelwa dikhemikhale ka hara sona kapa metswako e meng feela e kotsi.)
Hopola hore: ditholwana tsohle le meroho e lokela ho hlatsuwa ka metsi ana a hlwekileng pele di ka jewa. [s]
Pale: Tania Sandberg
Kalafo e matla ya kholera ke ho thibela mmele wa mokudi hore o se lahlehelwe ke metsi ka ho mo nwesa motswako o ikgethang o ka iketsetsang ona lapeng.
Tshela dikgabana tse 8 le halofo tsa tswekere le halofo ya kgabana ya letswai ka hara litara ya metsi a hlwekisitsweng kapa a bedisitsweng - a kopanye hantle.
Batho ba baholo ba ka a nwa ka hohle ka moo ba ratang ka teng empa etsa bonnete ba hore bonyane ba nwa leha e le dikopi tse pedi ka mora ho ya ntlwaneng.
Bana le masea bona ba lokela ho a nwa butlebutle (masea e be halofo ya kopi a e nweswa ka kgaba nako le nako ka mora ho ithoma). Empa le mafu a mang ohle a kotsi, bana le masea ba tlameha ho potlakisetswa dingakeng kapa tliliniking hang ha ba hlahisa matshwao a ho kula.
BOPHELO BA HAO
IKETSETSE MORIANA
Dintho tse tsheletseng tseo o lokelang ho di tseba ka lefu lena le kotsi
