SOTHO.439.legal
BONA SESOTHO - December 2005
Ke ya Hao ka Molao
O e tlisetswa ke BONA le Scorpion Legal Protection
Ho reka koloi le mathata a yona
Ke ne ke reke koloi karatjheng e nngwe mme ka e lefella, ka tsamaya le yona, empa e ne e robehe ka mora dibeke tse pedi feela ke e rekile. Ke ne ke ba letsetse ka ba tsebisa hore koloi eo e robehile. Ka botsa hore na ba tla nthusa ho e lokisa. Ya neng a araba mohala, o ne a ntshehe a mpolelle hore a ke ke a ntokisetsa koloi hobane ke e rekile le mathata a yona.
Ke ne ke ye ho yena ka mo kopa hore a nke koloi ya hae re kgaohanye tumellano ya rona ya thekisetsano. A hana ho etsa jwalo esitana le ho kgutlisa tjhelete ya ka.
Ke etse jwang"
JJ, Humansdorp
Hangata, haeba motho a rekisetsa e mong thepa, o tlameha ho hlakisetsa ya mo rekisetsang hore na mathata a thepa eo ke afe.
Ka mantswe a mang o tlameha ho mo neha tiisetso. Tiisetso eo ha ho a tlameha hore ho be ho buuwe ka yona hobane ka ho ya ka molao wa Afrika Borwa, ke ntho e tlamehang ho tsamaisana le se rekiswang.
Empa he haeba tumellano ya lona ya thekisetsano le monga koloi e bolela hore le rekisetsana koloi eo le mathata ohle a yona, tiisetso eo ha e be teng.
"Ho rekisetsa motho ntho le mathata a yona, ho bolela hore ya rekang thepa, o e reka e le maemong ao e leng ho ona - ke hore mmoho le mathata a yona.
Empa haeba morekise wa koloi a ne a tseba hore koloi e na le mathata a mang ntle le ao le dumellaneng ka ona, e le hoba yena morekisi o ne a tseba hantle ka mathata ao, empa yena a iphapanyetsa ona, ya rekiseditsweng koloi, o na le tokelo ya ho kgutlisetsa koloi eo ho mo rekise mme a kgutlisetswe le tjhelete ya hae.
Mathata ana a ka etsang hore koloi e be e kgutliswe, ke ao a neng a tlamehile ho bonwa kapa ao a neng a patilwe ka boomo.
Karatjhe e tlameha ho o ngolla fatshe mathata ohle a koloi le ho re ho ka o bitsa bokae ho a lokisa.
Motho ya ngolang tlaleho eo ya mathata a koloi, ke yena e tlang ho ba paki ya hao nyeweng ya hao kgahlano le morekise.
Dintho tse kang hore koloi e ne e se na mangolo a ho tsamaya mmileng ke bo bong ba bopaki ba hore mathata a koloi a ne a tsejwa empa morekise a o patetse ona.
Haeba ho etsahetse se kang sena ho wena, o na le tokelo ya ho kgutlisetsa koloi eo morao mme o kope ho kgutlisetswa tjhelete ya hao.
Haeba o ikemiseditse ho lokisa koloi, o tswelepele le ho e sebedisa, ha o qeta ho e lokisa, o tla tlameha ho tseka ditshenyehelo tsa hao ho morekise.
Ena ha se taba e bobebe eo motho a ka itokisetsang yona ka boyena, o tlameha ho fumana thuso ya leqwetha.[s]
Re entse matsapa ohle a ho netefatsa hore dikeletso tsa rona ke tse nepahetseng. Empa nnete ke hore nyewe ka nngwe e hloka ho fuputswa ka tshwanelo mme ba ha Scorpion Legal Protection (Pty) Ltd, ditho tsa yona esitana le ba ha BONA mmoho le baphatlalatsi ba makasine ena, ba keke ba rwaka boikarabello ba ditshenyehelo tseo motho ya latetseng dikeletso tsa bona ka mokgwa ofe kapa ofe a keneng ho tsona.
Romela mathata a hao ho: BONA Legally Yours, Box 32083, Mobeni 4060. Scorpion e fa bohle ba re ngoletseng ka mathata a bona lengolo le ba dumellang ho buisana le mmuelli mahlomahlong metsotso e 30, a le kantorong e nngwe ya bona naheng ena kapa o bue le yena mohaleng.
