sotho.437.road
Kganna ka polokeho
GIFT Leremi le Fernando Matola. Clifford Moleko le Conrad Hendricks. Lesley Manyathela le Lebo Mathosa... Tse ding tsa dinaledi tsa rona tseo re lahlehetsweng ke tsona dikotsing tsa mebileng dilemong tsena.
Lefu la bona ke bopaki ba hore ha ho ya bolokehileng - mme ho ya ka ba leano la Arrive Alive, ho ba le motho ya hlokahalang kotsing ya koloi horeng e nngwe le nngwe.
Motho a le mong hara Maafrika Borwa a supileng o dutse a etswa ka soba la nale kotsing ya koloi Afrika Borwa. Bang ba lemala ha bohloko hona hoo ho ya ka setsebi sa dipatlisiso tsa dipalangwang Afrika Borwa, Moira Haarhoff, re nka maemo a boraro lefatsheng lohle.
Ka nako eo ho kenngwang tshebetsong leano la Arrive Alive ka 1997, e ne e ka ba batho ba 10 000 ka selemo ba neng ba hlokahala mebileng. Ka mora hore ho sebediswe dimilione tse 35 tsa diranta leanong lena palo ya dikotsi e nyolohile ho fihlella ho 20 000 ka selemo.
Ho bua nnete, le ba Mokgatlo wa tsa Bophelo bo Botle o se o kgathatsehile ka ho hlokomela hore dikotsi tsa mebileng di bonahala di tla bolaya batho ka bongata le ho feta lefu la EITSI ho ya dilemong tsa bo 2020.
Ebe re e lahlile kae hobane re ne re etla hantle tje" Ho bua nnete, leano lena le atlehile hantle ha le ne le qala dilemong tse mmalwa tse fetileng mme dikotsi tsa theoha ka 30% KZN, ha re etsa mohlala. Empa ho tloha ka 2002 tsa eja setsi.
Hobaneng"
E mengata mekenella tabeng ena...
#1 Dikoloi di ngata: Palo ya dikoloi tse ngodisitsweng e nyolohile ka 26% ho tloha ka 1997, ka nako eo leano la Arrive Alive le neng le thehwa. Dikoloi tsa kgale ha di ntshwe mebileng, ho rekisetsanwa ka tsona. Dipatlisiso tsa 2004 di bontshitse hore halofo ya dikoloi tse phetheselang mebileng ke tse ka hodimo ho dilemo tse 10, 16% ya tsona e ka hodimo ho tse 20 ha 3% e le ka hodimo ho tse 30.
Dibese teng ho hobe haholo, (53% ya tsona di ka hodimo ho dilemo tse 10 , 25% ka hodimo ho tse 20). 60% ya dikhombi yona e ka hodimo ho dilemo tse 10 athe le leano la mmuso la ho tjhentjha ditekesi tsa kgale le tsamaya butle.
Ho boetse hape ho na le palo e kgolo ya dikoloi tse sa ngodiswang...
#2 Pherekano: Ka mora ho atleha, leano la Arrive Alive la hlalefa. Ha re etsa mohlala, maqalong a 2002, dipatlisiso tse entsweng naheng ka bophara di bontshitse hore batho ba ile ba fapanya lepetjo lena: "Se senye bophelo ba hao" ba nahana hore ho buuwa ka mekgwa ya ho thibela EITSI.
Hape le maano a mang a mangata a naha le a mabatowa a tsa polokeho mebileng a ile a ferekanya batho ho feta ho ba kgothatsa.
#3 Tjhelete, tjhelete, tjhelete: E hohela batho ba bangata ba tlang le maikutlo a bona a fapaneng. Tjhelete eo e ka be e sebediseditswe ho lokisa maemo a tsa bophelo bo botle, kaho ya matlo kapa yona thuto empa e ile ya senngwa maanong a polokeho mebileng moo ho neng ho romelwa le melaetsa eo batho ba neng ba sa e utlwisise hantle.
Ha re bue ka tjhelete e nehetsweng. Ena e tswa ho ya lekgetho, e nngwe ya yona e bokelletswa thekong ya oli le Mokotleng wa Tshehetso ya Dikotsi tsa Mebileng.
Erekaha mebila ya habo rona e dutse e phethesela, le mosebetsi wa ho e boloka e bolokehile o ba mo ngata haholo, o ja le tjhelete e ngata. Mokotla wa Dikotsi tsa Mebileng wa qala ho hlokomela hore o lokela ho qala ka ho hlophisa dintho hantle mme wa tlameha ho sebedisa tjhelete e ngata ho lefella mahlatsipa le ba malapa a bona ho feta ho hlophisa maano a ho kgothalletsa polokeho. Lefapha la Dipalangwang la se ke la kgona ho ba le tjhelete e lekaneng ho lefella leano la Arrive Alive mme ba tlameha ho theola ditjeho.
Jwale"
Haesale palo ya dikotsi tsa mebileng e nyoloha hape, Lefapha la Dipalangwang le hanyetsa hore sesosa ke ho nna ho phatlalatswa dipalopalo tsa dikotsi tsena. Empa leha ho le jwalo ba a dumela hore dintho di tswa taolong.
Palo ya nyoloha ho tloha ka 2003 ka mora hore ho theolwe ditjeho. Leha dipatlisiso di ntse di etswa ha ba di fumane ka bonolo. Ke ka hona maano a seng a kgannwa ka hlooho e ntsho feela ka tshepo feela ya hore bakganni ba tla utlwisisa seo ba se bolelang. Hona ho bolela hore ha ba tsebe le se ka etsahalang ha ba ka hula leano la Arrive Alive.
Sena ke lehlaba dipelong tsa ba leloko la mahlatsipa a 20 000 a dikotsi tsa mebileng a selemo le selemo. Kapa re ka beha tshepo ho Millennium Development Goal e tshepisang ho fokotsa dikotsi tsa mebileng ka 2014.
Bohato ba bona ba pele ke ho fedisa boitshwaro bo bobe mebileng pele ho 2010. Na ebe Maafrika Borwa ha a hloke se betere ho feta seo" Na ha re hloke tlhokomelo le hlompho e seng hore re dule re beilwe leihlo ke baditjhaba"
Ka kgwedi feela, Maafrika Borwa a kganna dikilomitara tse ballwang ho 5,6 billion. Bongata ba rona re tsamaya maeto a makgutshwane ka selemong - leha a ena le dikoduwa. Ha ke bolele ka nako ya Keresemese, ha re eya kwana le kwana ho etela metswalle le ba leloko - maemo a ba mabe haholo.
Selemong sena Arrive Alive e fumane R50 million, R15 million e tla sebediswa ka Tshitwe ho re hopotsa hore re se ipolaye dikotsing tsa mebileng nakong ena ya diphomolo. Empa dipatlisiso tse sa tswa etswa di bontshitse hore leha 90% ya rona e utlwile molaetsa
wa Arrive Alive, hoo ha ho a lekana hore re o sebedise maphelong
a rona... dikotsi di ntse di tswelapele. [s]
Hlokomela bakganni ba lebelo - dipatlisiso di bontshitse hore ka Disontaha batho ba kganna ka lebelo le tshabehang ho feta ka matsatsi a mang a beke hape halofo ya bakganni ba Mpumalanga ba kganna ka lebelo le ka hodimo hole ho le dumelletsweng.
BONA e a fuputsa
Ha o le taaso...
Motho a le mong ho ba bararo ba hlokahalang kotsing ya mebileng ya Afrika Borwa ke taatso. Athe ba bane ho ba bahlano eba monna wa motho e motsho. Ke sena se ka o thusang...
u Tseba hore koloi e nka nako e kae pele e ema - leha mokgannni a se a o bona.
u Bonahala - diaparo tse kganyang ha di a lekana jwalo ka ha ditaaso tse ngata di tseba. Ho molemo ho nka maele a setsebi sa dipatlisiso tsa dipalangwang, Mo Haarhoff, o re diaparo tse nang le melana e benyang jwalo ka tsa baofisiri ke tsona tse molemo.
u Se nwelle mebileng - sena se ka thusa ho pholosa halofo ya ditaaso dikotsing tsa mebila.
Ho etsahetse jwang ho bakganni ba habo rona" Hobaneng ha maano a polokeho mebileng a sa atlehe" Re ka etsa jwang hore re fokotse dipolao tse sehloho tsa mebileng ka nako ya Keresemese Afrika Borwa" Tswela pele o bale...
pale ka PATRICIA McCRACKEN ditshwantsho ka GALLO
u
t
Dikotsi tse ka bang 90% di bakelwa ke diphoso tsa batho!
Re ka phonyoha jwang dikotsing tsa mebileng"
Eba le boiphihlelo: Dikotsi tse fihlellang ho 90% di bakelwa ke diphoso tsa bakganni le ho hloka boiphihlelo ha bona. Eba le bokgoni bo botle hore o tsebe ho kganna ka polokeho, o hlokometse sohle se etsahalang ka thoko ho wena mebileng e le hore o tsebe ho nka bohato kapele ha ho hlokahala.
Theola lebelo: Lebelo le hodimo ke lona sesosa sa dikotsi tse ballwang ho 30% - se mpefatsang maemo ka ho fetisisa, 75% ya tsona batho ba a hlokahala kapa ba lemale ha bohloko.
Dikotsi tsa mebileng di ne di je setsi haholo ho tloha ka 1974 ha ho qala maemo a mabe a ho nyenyefala ha oli ya dinaheng tsa matjhaba mme ha theolwa le lebelo la makoloi Afrika Borwa hore ebe 80km/h.
Hape ho nyolla lebelo la koloi US ho ne ho nyolle dikotsi tsa dikoloi ka 34%, athe ho le theola mane Swatsing teng le Sweden ho ne ho nyolelle dikotsi ka 21%.
Se kganne o tahilwe: Hona ho bakela dikotsi tse fihlellang ho 40%. Ho dumelwa hore jwala bo kgathatsa motho, ho molemo hore e mong wa metswalle a se ke a nwa moketjaneng ho etsetsa hore a tle a kganne ho kgutlela morao. Le ka tjhentjhana jwalo ha le le metswalle.
Hlokomela le dithethefatsi mmoho le meriana e ka nnang ya thethefatsa kelello ya hao ha o kganna.
Tlama lebanta: Ho tlama lebanta la pholoso ho fokotsa mafu le ho lemala ha bohloko mebileng ka 40%.
Kganna koloi e phetseng hantle: Jwalo ka dinaheng tse ding, SA le yona ha e na leano la ho hlahloba dikoloi selemo le selemo. Empa baetsi ba dipatlisiso ba boletse hore dikoloi tse seng maemong a matle di bakela dikotsi ka 30%.
Phomola: Mokgathala o bakela dikotsi tse ballwang ho 10%. Ha o kganna leeto le le lelele, etsa bonnete ba hore o tsamaya o phomola ka mora dikilomitara tse ding le tse ding tse 160km kapa ka mora dihora tse pedi.
Bula sekgeo: Bakganni ba bane ho ya bohlanong ba atamela haholo dikoloi tse ka pela bona ho ya ka ba Lefapha la tsa Dipalangwang. Baetsi ba dipatlisiso ba matjhaba ba bolela ha motho a nka motsotso le halofo ho nka bohato mmileng e mong o nka e ka hodimo ho eo ha a ne a qoqa kapa a mametse mmino kapa a shebile ho hong. Bonyane siya sekgeo se lekaneng ka pela koloi eo o e latelang.
Mohala: Se bua ka selefoune o kganna!
