SOTHO.120.free
BONA SESOTHO - July 2006
Ya Hao Ya Mahala
25 DIBUKA TSA TEMO
Eba molemi wa profeshenale
Ka mora katleho ya lethathama la Domestic Worker, EDU-Self e hlahisitse dibuka tse nne tsa Garden Assistant, tsa Senyesemane, Sezulu, Sesotho le Seburu.
Bukana ka nngwe e na le lethathama la dihlooho tse fapaneng ka temo tse kenyeletsang le: temo ka kakaretso, disebediswa tsa temo, tsebo ya dimela, dikokonyana, lehola, mobu, metsi le tlhokomelo ya letamo la ho sesa. Babadi ba 25 ba lehlohonolo ba tla fumana dikhopi tsa dibuka tsena tse nne tsa EDU-Self, ba tla boela hape ba dumellwa ho ngola ditlhahlobo mahala (tseo hangata di lefellwang R100) dikantorong tsohle tsa South African Nursery Association naheng ena. Ya pasitseng o tla romellwa setifikeiti se mo dumellang hore a ka ipatlela mosebetsi wa ho ba molemi ya rupelletsweng.
Sephuthelwana ka seng se bitsa R140. Romela lebitso, aterese le nomoro ya mohala ho: BONA/EDU-Self Garden Assistant Giveaway, Box 35402, Northway, 4060, kapa SMS EDUSELF ho 35919. (SMS e bitsa costs R3).
40 CD tsa Bodumedi
O ka hapa Umthombo
O tswa bofutsaneng, a leba Jozi ho ya batla setumo... ka mora moo, o a iponela.
O fihletse ditoro tsa hae, ka mora dialbamo tse
25, naledi ena ya Moafrika ya mmino wa Bodumedi, Rebecca Malope o sa tswa hlahisa albamo e nngwe hape e nang le mmino o kgothatsang haholo moyeng o bileng o tlisang tshepo ho bohle. BONA e na le CD tse 40 tsa Umthombo tseo e fanang ka tsona. Ho ba le monyetla wa ho ba e mong wa bona, romela lebitso, aterese le nomoro ya mohala ho: BONA/Rebecca CD Giveaway, Box 32067, Mobeni, 4060, kapa SMS REBECCA ho 35919. (SMS e bitsa R3.)
40 DIPHUTHELWANA
Hlwekisa!
Ke dilemo jwale Scotch-Brite™ e nolofatsa maphelo a batshehetsi ba yona ka lethathama la dietswa tsa bona tsa ho hlwekisa, ho hlakola, ho sikira, di-gloves esitana le dipontshe. Ho sa kgathallehe hore o batla ho tlosa makhokho a thata kapa tjhe kapa o batla seetswa feela sa ho hlwekisa, Scotch-Brite™ e na le tharollo. Kgetha seetswa sa Clean Smart Usage Chart ka pakaneng, se tla o etsetsa ntho ya matsoho.
BONA e na le diphuthelwana tse 40 tse bitsang R100 ka seng tse kenyeletsang le sepontjhe, sefalo le tse ding, tseo e fanang ka tsona. Re romelle lebitso, aterese le nomoro ya mohala ho: BONA/Scotch-Brite™ Giveaway, Box 32067, Mobeni, 4060. Kapa SMS SCOTCHBRITE ho 35919. (SMS e bitsa R3.) [s]
20 DIPHUTHELWANA
Fumana tsa ha 'rite'
Shoprite's Ritebrand e na le lethathama la dietswa tse hlokahalang letsatsi le letsatsi tse tswang ho bahlahise ba pele. Di rekiswa ka theko e tlase.
Ka hoo, ha o batla ho boloka tjhelete dinthong tseo o di hlokang, tshepa dietswa tsa ha Ritebrand. O fumana molemo bakeng sa tjhelete ya hao mme o dule o sallwa ke tjhentjhe nako le nako ho seo o se hlokang!
BONA e fana ka diphuthelwana tse 20 tsa dietswa tsa Ritebrand tse bitsang R200 ka seng. Ha o batla ho ba lehlohonolo, romela lebitso, aterese le nomoro ya mohala moo o fumanehang motsheare ho: BONA/Ritebrand Giveaway, Box 32067, Mobeni, 4060, kapa SMS RITEBRAND ho 35919. (SMS e bitsa R3.)
Letsatsi la ho kwala: 31 Phupu 2006
Letsatsi la ho kwala:
Dimpho tse bitsang
R15 500
BONA - August 2005
