sotho.434.Siyabonga (2)
Se fetwe ke papadi ya hae
Sebapadi sena se setjha se nang le neo, ha se sa ahe bolo, se hlaba dintlha...
BONA SESOTHO - January 2006
Na ebe e tla ba
Doctor
Khumalo e motjha"
pale ka TEDDY GOMBA
ditshwantsho ka TOUCHLINE PHOTO
HO TLOHA Siyabonga Nkosi a sa ntse a hola lekeisheneng la Mndozo, Newcastle, mona KwaZulu-Natal, o ne a hlola a bolellwa hore o bapala jwalo ka mokaubere wa Bafana Bafana le Chiefs, Doctor Khumalo. O ne a tshwantshwa le thatohatsi ya hae mme ho mo tiisa lengole, a batle ho fihlella maemong a mohale eo wa hae.
"Le nna ke hotse ke bapala bolo mebileng le sekolong sa poraemari. Ka qala ho bapala sa mannete sehlopheng sa ba sa lefellweng sa Eleven Aces, pele ke fetela ho sa Riverview Spurs, e neng e le ho Vodacom League, pele ke kena ho sa Green Vultures, moo ke neng ke bonwe ke baokamedi ba Pirates," ho bolela yena.
"Empa ka mora ho dula ho Pirates dilemo tse pedi tsa bolo ke sa bapale, ke ne ke qetelle ke tenehile mme ka ya sehlopheng sa Bloemfontein Celtic seo ka nako eo se neng se bapala ho Mvela Golden League," ho hlalosa Nkosi.
Ho bapala ka mora dibapadi tsa pele, ho neha Nkosi monyetla o motle wa ho aha dintlha esitana le ho di hlaba ka boyena - hape a bile a tenne jesi ya nomoro ya 15, hantle jwalo ka Doctor Khumalo.
"Haesale ho tloha dihlopheng tsa ba sa lefellweng ke ne ke tena jeresi ena ya nomoro ya 15. E nketsa ke be matla haholo."
Ka mora hore Celtic e betse Chiefs le Pirates ditlhodisanong tsa mohope wa SAA Super 8, lebitso la Nkosi ha le tswe melomong ya batho. Setumo le sona se na le mathata le maima a sona.
"Ke ba le mathata hobane sehlopha ka seng seo re bapalang le sona se hlophisa hore dibapadi tsa sona di nkwale jwang. Leha ho le jwalo, ke thabiswa ke seo batho ba se lebelletseng ho nna."
Ka nako eo re neng re ngola pale ena, Nkosi o ne a se a kentse tse pedi dintlha selemong sena sa bolo. Kgahlano le Classic mane Tembisa le kgahlano le Chiefs ditlhodisanong tsa SAA Supa 8 mane FNB Stadium.
Ntlha eo a sa e lebaleng ke eo a neng a lokolle bolo e telele kgahlano le Wits University selemong se fetileng sa bolo, yona e ne e nyolle Celtic lokong. O se a kile a bitswa ho Bafana Bafana ka makgetlo a mmalwa, o bapala kgahlano le Mexico, Jamaica le Panama ditlhodisanong tsa Gold Cup. "Ke ne ke le lapeng ka nako eo ke neng ke founelwa.Ke ne ke makale empa ka ikemisetsa ho sebedisa monyetla oo."
Bolo ke ntho ya bohlokwa ho Nkosi, mme ha a batle hohang ho senya menyetla ya hae. "Ha a hlolwe ke setumo. Ho hole moo ke batlang ho fihla teng ka bolo. Ha ke batle ho dumella letho ho ntshitisa.
"Ha jwale ke ikemiseditse hore le nna ke lo bapalla dihlopha tsa mose le ho emela naha ya heso Ditlhodisanong tsa Mohope wa Lefatshe tsa 2010."
Nkosi o hodisitswe ke nkgonwae Maria Thwala.
"Re ne re supile lapeng leso mme nkgono a etsa sohle se matleng a hae hore re robale re jele. Ha ho le ka mohla nkileng ka ikutlwa ekare re futsanehile lapeng leso ka nako eo ke sa ntseng ke hola."[s]
BONA SESOTHO - January 2006
SE SEHOLO: Siyabonga o thabela ho tshwantshwa le Doctor Khumalo - le yena o itshwantsha le mohale eo wa hae.
KA THOKO HO LE LETSHEHADI: E nngwe ya dikgau tse ngata tseo Siyabonga a seng a di hapile.
LE LETSHEHADI: Ho hapa mohope wa Super 8 ha sehlopha sa Celtic ke hona hoo a bonang ho behile mosebetsi wa hae tlhorong.
"Maikemisetso a ka ha jwale ke ho emela naha ya heso ka 2010," ho bolela Siyabonga.
