sotho.430.letteroct
K E rata ho ipiletsa ho ditaaso hore di ele melao ya tsela hloko. Ke rialo hobane ba bangata ha ba sa ikgathatsa hohang ka polokeho mebileng. Ba bang ba dumela hore bakganni ke bona ba lokelang ho tsamaya ba ba qoba empa ka bomadimabe seo ha se etsahale ka dinako tsohle.
Ditoropong haholoholo o fumana batho ba tshela mmila mabone a sephethephethe a buletse dikoloi, e re leha a se a buletse bona, ba itsamaye butle ho fihlela a kwala motho a sa ntse a sasanka hara mmila. Ha ho bohlokwa hore ke phoso ya mang - seo o lokela ho se sebeletsa ke ho tshela mmila ka pelepele.
Mmila ke wa dikoloi, e seng ditaaso. Hape ho kena ka mmileng hobane o re mabone a o dumella ho etsa jwalo, ho ke ke ha o thusa ka letho. Qala ka ho sheba mokganni pele hore o fela a ema kapa tjhe e le hore o se lemale ntle ho mabaka. Hape le bana ba rutwe hore ha ho bapallwe mmileng hohang! Ditaaso tse sa tsotelleng matshwao a mebileng di bolawa ke dikoloi!
Zokwana John, Koringpunt
Itshireletseng!
Ona ke molaetsa wa ka ho batjha. Banna le basadi ba batjha, bulang ditsebe le mamele, bulang mahlo le bone le nke qeto tse nepahetseng ka bophelo ba lona.
Ke kopa le itlhokomele haholoholo thobalanong ntle ho moo le tla shwa le sa le banyenyane. Ho molemo le kgaohane le thobalano mme le iphe nako ya dithuto tsa lona. Ikemisetseng ka mosebetsi wa lona wa sekolo mme le ke ke la ikwahlaya, le tla atleha bophelong!
MM, Lesotho
Melao ya tsela ya ditaaso
Le hapileng
R100
Iphumanele yona kgwedi le kgwedi!
BONA, ke o reka kgwedi le kgwedi. Ha ke sa o fumane ke a kgathatseha. Ha kgwedi e fela ke o reka jwang kapa jwang.
Ke dutse ke qabana le baeti ba ka ka wena, re o tseka hobane ba batla ho tsamaya le wena. Ke hlola ke ba bolella hore ba kgaohane le wena.
Bang ba nkopa ho o fetisetsa ho bona ha ke se ke qetile ho o bala.
Ke fumana ditlhalosetso tse ngata tsa bohlokwa ho wena. Ke kenela ditlhodisano mme ke bala le ka se bolelwang ke dinaledi. Ya ka naledi ke Capricorn mme sohle seo o se buang ka naledi eo se dumellana hantle le bophelo ba ka.
HG Hadebe, Clernaville
Mangolo a hao
BONA SESOTHO - October 2006
Romela mangolo a hao ho: Mangolo ho Mohlophisi,
Box 32083,
Mobeni, 4060,
South Africa
fax: 031-912-2720
e-mail: bona@dbn.
caxton.co.za
Ba fe monyetla
Dikamanong tsa lerato haholoholo tsa ba kopantsweng ke leqephe la theha setswalle, botshepehi bo ka nna ba se ke ba eba teng - kapa e mong a tshwarehe hampe. Ka hoo, a re tloheleng ho kgentholla batshwaruwa. Ha se hore ha motho a le tjhankaneng a ke ke a hlola a tjhentjha boitshwaro ba hae.
Mandla Mthetheleli Mseleku, Vryheid
A re hloleng mona
Ha re tshwane ka bokgoni. Empa nako le nako ha re kopana le batho ba rutehileng ho re feta re ba le mona. Empa re boele re shebele tlase bao re rutehileng ho ba feta. Mona le meharo ke sesosa sa mathata ana a jeleng setsi setjhabeng sa habo rona. Ke a ipiletsa hore re hole.
Re hlompheng batho bana bao mohlomong re iponang re hlalefile ho ba feta hobane re a tseba hore ho na le dintho tseo ba nang le bokgoni ba tsona ho re feta.
Ho tshwana le bana ba betere ho re feta. A re ba hlompheng le bona ka katleho eo ba e fihletseng re sa lebale hore le bona ho na le dintho tseo re ba fetang ka tsona!
RC, Mmakau
u
t
O nahanang"
Barutwana ba lokela ho Hana!
KE KGATHATSEHILE ka batjha ba dilemo di ka tlase ho tse 20 ba ratanang le matitjhere a bona. Matitjhere a lokela ho utlwisisa lebaka leo bana ba le etseng sekolong.
Barutwana ha ba ya ya sekolong ho ya ferehwa ke matitjhere! Matitjhere le ona a moo ho ruta - e seng ho ithabisa ka thobalano le bana ba sekolo.
Ho a nyontsha ho bona matitjhere a intshitse le bana ba sekolo! Ha ke bolele hore ba se ke ba ba le dikamano tse ntle le barutwana empa e seng hore ba ratane le bona!
Barutwana bophelo ba bona bo a senyeha ka mora moo mme ba sotlehe! O qala ho se tsotelle dithuto tsa hae mme ka nako e nngwe a ime - hangata le yona titjhere eo ya hae e mo balehele!
Barutwana ba lokela ho hana ho ratana le matitjhere ana a ba ferehang. Mme hape ha ba a lokela ho tshaba ho tlaleha matitjhere ana a boitshwaro bo bobe.
JM, Jouberton
lWena o reng" Titjhere e ferehang morutwana e etsa hore ngwana eo a se hlole a e tshepa mme e bontsha bokwala le boitshwaro bo bobe haholo. Batho bana ba lokela ho tlalehwa ho baokamedi ba bona. Ebe mathata a mofuta ona a se a jele setsi ho le ho kae setjhabeng"
Re ngolle o re bolelle ka moo wena o bonang ka teng!
BONA SESOTHO - October 2006
Mangolo
a hao
WENA O NAHANA JWANG"
Reka BONA, o ithute!
REKA BONA, hobane ho na le dintho tsa bohlokwa tseo o ka ithutang tsona makasineng ena. Nna ke rata haholo maqephe a matjha a thuto a qadileng ka Hlakola.
BONA, o mohlodi!
Nhlanhla Maphumulo, KwaMaphumulo
lNa babadi ba bang ba batjha le ba baholo ba kgola melemo maqepheng a rona a tsa thuto kapa ba thabela ho a bapala, a fela a ba hlahlella" Na ho na le dithuto tse ding tseo o ka thabelang ho bala ka tsona makasineng"
Re ngolle o re bolelle!
Mantswe a bophelo...
u Ntlo ke mabota feela - ho fihlela ho kena lerato ka hare ho yona. Lerato le tjhentjha ntlo e be lelapa, sebaka se ikgethang sa batho ba ikgethang.
Mack Makalla, Seabe
u Ho fana ha ho hloke tjhelete feela. Ke ho ameha moyeng. Lerato, mosa le tlhompho - ke tsona dimpho tsa bohlokwa.
GM, Polokwane
u Lelapa le lerato, le mohau ke sebetsa sa rona sa bohlokwa sa ho hlola bonokwane. Hobaneng" Hobane lelapa le mosa le tshehetsanang le ntsha ditho tsa setjhaba tse boikarabelo, tse hlonephang ditokelo tsa batho ba bang tse bileng di bang le seabo se setle kgolong le kahong ya setjhaba sa naha ya habo rona.
PO, Soweto
u A re lebaleng ka tse fetileng, hobane ha di sa tla re thusa ka letho. A re shebeng bokamoso ba Afrika Borwa mme re sebetseng mmoho le ho aha naha ena ya habo rona!
Afika Ndenga, Pietermaritzburg [s]
O ka sebedisa
lebitso leo e seng la hao la nnete bakeng sa phatlalatso, empa o re bolelle la hao la nnete mmoho le aterese. Ha se hore re dumellane le babadi bao re phatlalatsang mangolo a bona mme hape re na le tokelo ya ho hlophisa mangolo botjha
bakeng sa phatlalatso.
