sotho.426.matshepo
BONA SESOTHO - September 2007
DINTHO di fetohile ho Thuli jwalo ka ha a kena bonaleding. Matshepo Maleme o re: "Mosebetsi wa ka o mpha diphephetso tse ngata mmoho le tshusumetso tse sa lokang"
Frans Kalp, e mong wa dingodi tsa Egoli, o re "Matshepo o tlisitse diphetoho tse kgolo paleng ena, "ka karolo ena ya hae, re leka ho eletsa bahiri ka bohlokwa ba ho tseba maemo a HIV basebeletsing ba bona ba malapeng."
Matshepo o bolela ha a e rata karolo ya hae, empa e mo tsosa ka matjeke jwalo ka ha a tlameha ho ba mosebetsing ka 7.30am.
"Ke ne ke makale ha ke fumana mohala wa bona hobane ke ne ke tshohile haholo ditekong. Egoli ke karolo e mokgelo haholo. Ke ya maemo a ikgethang."
Maleme o hlahetse Soweto mme a ya dula nakwana le nkgonwae le ntataemoholo mane Foreisitata.
Haesale e le tabatabelo ya hae ho ba sebapadi sa dipale. "Ka mora materiki, ke ne ke rate ho etsa drama, empa batswadi ba ka ba nkganela. Ke ne ke ntse ke fumana mosebetsi kgafetsa mona dipaleng, mme seo sa nkgothaletsa hore ke etse dithuto tsa teng mane Market Theatre."
Pale ya pele a neng a bapale ho yona ke Bubomi Sana, ho SABC 1. Ha morao o ne a fumane karolo ho Muvhango.
Ka Motsheanong 2007, molaodi wa pale wa Egoli, Libe Ferreira, o ne a etsiswe diteko bakeng sa karolo ya Thuli.
"E ne e le kgale re leka ho fumana motho ya loketseng karolo eo, empa e ne e re mohla Matshepo a fihlang, ke ne ke bontshe sengodi sa pale ena diteko tsa hae, ka bobedi re ne re dumellane hore enwa ke yena motho eo re neng re mo hloka! O na le bokgoni le boitshepo." Le babohi ba a paka hore Matshepo Maleme o tswa pele paleng ena... [s]
Ke naledi ya tswalo
BONA SESOTHO - September 2007
O hlwa mekwa-laba
Matshepo Maleme o sa tswa kena paleng ya Egoli a bapala karolo ya moradi wa Thulani,
Thuli Moagi...
Setlabotjha se Matshepo Maleme se fihlile ka sefefo indastering ya boithabiso.
