sotho.424.10Q
DIPOTSO
PATRICK SHAI
1. Meketjaneng, ke ofe mmino o thabelang ho o tantshetsa"
Pele ho karolo ya bohlanya ho Moferefere, eo ke neng ke e bapala, batho ba ne ba nahana hore ke sebapadi se se nang nako ya boswaswi - bang ba nahana hore ke rata basadi jwalo ka Nkwesheng, karolo ya pele e kgolo eo nkileng ka e bapala ho TV ka 1980. Ke qadile mohobelong wa Sezulu mme ke sa ntse ke rata motjeko le jwale. Ke rata mmino wa soul, hip-hop le wa kwaito hape bana ba ka ba etsa hore ke ikutlwa ke le monyenyane hape.
2. O tla keteka Selemo se Setjha jwang"
Ka Hansa kapa ka Glenfiddich.
3. Ke dife diphomolo tse monate tseo o kileng wa ba le tsona"
Ke ntho ya barui eo - e seng nna. Jwalo ka sebapadi, ke dutse ke ikutlwa eka ke diphomolong. Ke tsamaya ka dikoloi tse majabajaba, ke tentshwe diaparo tsa maemo. Ke je, ke robale dibakeng tse pele tseo ke neng nke ke ka kena ho tsona. Ha ke bone diphomolo tse betere ho feta tseo!
4. Ke mang o lakatsang hore a o letsetse leha e le mohala"
Ke ntate Nelson Mandela - ho utlwa a re, "Dumela mora." Ke a tseba hore ha se se ka etsahalang empa ke motlotlo ka yena. Ke ikutlwa eka o se a kile a bua le nna.
5. Ke Sontaha - o etsang, o tenang"
Ke sebetsa kitjheneng, ka hoo, ke ya lebenkeleng ka borikgwe bo bokgutshwane le sekipa ke lo reka dijo tseo ke tla di phehela ba lelapa la ka.
6. Ke dife dijo tseo o di ratang"
Setjhu sa nama ya kgoho kapa ya nku le reise kapa spaghetti, ke jelelle ka meroho e se nang dinoko tse ngata - ke rata le ho besa nama.
7. O bua leshano ha ho etsahetse jwang le hona neng"
Ha ke leshano! Empa ha le tla pholosa lenyalo la ka, le lokile. Batho ba batla nnete, empa ha ba kgone ho e amohela. Nka bua nnete ha ke le tlasa kgatello empa ke hlokomedise motho pele hore o tla hlabeha. O lokela ho nya matsete ha maemo le nako di dumela.
8. Na o betjha ka tjhelete, bokae, o hape"
Ke batla ho qosa baokamedi ba lotto! Haesale ke e bapala ho tloha e qalwa mme ha ke so hape leha e le dinomoro tse tharo feela. Ke tlameha ho hapa - ha ke a lokela ho futsaneha hohang! Nna nka ba raditjhelete ya lerato. Nka arolela le ba mekgatlong ya ba hlokang, ke ahe le di-theatre ho thusa batjha.
9. O a di shebella difilimi tseo o bapalang ho tsona"
Moferefere ke yona feela eo ke e ratang - ha ke thabele ho itjhebella. Ha e se e hatisitswe, o ke ke wa hlola o tjhentjha letho, ka nako e nngwe ke a teneha, ke re, "Hei, Patrick, hobaneng o ne o sa etse tje"" Ke rata ho bapala sebayeng, hobane teng ke a bona ha ke sa etse hantle, ho ya ka moo babohi ba arabelang ka teng mme ke intlafatse lekgetlong le tlang.
10. Ha Modimo o ka o fa hora e ekeditsweng ya bophelo, o ka etsang"
Pele ke ne ke sa ikgathatse ka ho ntlafatsa bokgoni. Ke dilemo di 53 jwale, ke hlokometse hore bokgoni bo ntlafala ho ya ka dilemo tsa motho. Ke selemo sa bobedi sena ke le ho National Arts Council mme ke ne ke hlophisa mokete wa Mapungubwe Arts Festival, mane Limpopo. Bonono ha bo tshehetswe hantle ka tjhelete, ke lakatsa ho totobatsa seo.[s]
ikamahanye le batho ba pele afrika borwa
10 DIPOTSO
