sotho.420.zimbalele
Ba thuswa ho iphedisa
THOKO o tsoha hoseng a alole mme a ntshetse keribae kantle ho etsetsa bana ba kgone ho itokiseletsa ho ya sekolong hantle. Sejo sa hoseng e ba lesheleshele la maobane.
Ka mora dijo, bohle ba ikaba ka mafapa. Rolinda e mong wa bana ba lapeng, o kganna kiribae ho nyolohela mmileng. Ho thata teng, empa ha ho se ka etswang, Thoko o a mo thusa ha ho hlokahala. O rata ho ruta bana ba hae ho ikemela.
O hopotsa bana hore ba tsamaye mmoho mme a bolelle moradiae e moholo hore a se lebale ho kga metsi ha a kgutla sekolong.
Thoko, yena o kgutlela lapeng ka mora ho ya dithutong tsa mosebetsi wa matsoho le basadi ba bang. O fihla a pheha dijo tsa mantsiboya.
Ho fedile dilemo tse hlano jwale monnae a ne a tsamaye ho ya batla mosebetsi ditoropong. Ha a so ka a mmona ho tloha hoo.
Pele projeke ena e fihla, ba ne ba iphelela ka Modimo nthuse.
Ha bana ba le sekolong, Thoko yena o sala a lokisa mmila. Leha mosebetsi ona o le boima, empa o mo tswela molemo hobane ka ona o kgona ho fepa bana ba hae.
Borakonteraka
Thoko o sebetsa ho KZN Zibambele Road Maintenance Programme, e thusang malapa a hlokang, ao ho ona a 95 lekgolong a okametsweng ke basadi.
Mosebetsi boholo oo ba o etsang ke ho lokisa mebila ya KZN e lepoqo.
Leano lena le ne le qale ka 2000 mme le tsheheditswe ka ditjhelete ke Lefapha la Dipalangwang la KwaZulu-Natal.
Lefapha lena, le ikemiseditse ho hira batho kapa borakonteraka ba ballwang ho 40 000 hore e re ho fihla 2009, ba be se ba lokisitse sebaka se ka bang bolelele ba 17 000km.
Zibambele contractors e thibulla dipeipi le dikotopo tsa mebileng. Ba boele ba kwale dikoti le hona ho hlaola ka thoko ho mmila.
Basebeletsi bana ba nehwa diaparo tsa mosebetsi mme ha di hloka ho ntjhafatswa, ditjeho tsa teng di hulwa moputsong wa bona.
Basebeletsi kapa bona borakonteraka moputso wa bona o ka tlase ho R1 050 ka kgwedi mme tumellano ya bona e dutse e tsoseletswa jwalo ka selemo ha feela mmila o ntse o hloka ho lokiswa.
Ho tswelapele
Jwalo ka ha ho hirwa lelapa lohle, e seng motho ka mong, ha ho tlhokeho ya hore ba e tsoselletse ka bonngwe. Lelapa le okametsweng ke ngwana lona ha le fellwe ke tumellano.
Ditumellano tse ngata di hloka hore motho a sebetse dihora tse 60 ka kgwedi e le hore bana ba fumane le nako ya ho etsa dithuto tsa sekolo.
Ha jwale motho ka mong lapeng o fumana tjhelete e ka bang R370 ka kgwedi mme ba tlameha ho lokisa sebaka se ka bang 500m ho ya ho 800m.
Ho kgethilwe dikomiti moo setjhabeng tseo e leng tsona tse sebedisanang le lefapha ho hlwaya mebila e hlokang ho lokiswa le hona ho hlwaya le malapa ao e leng ona a hlokang thuso haholo.
Ho se ho thehilwe mekgatlo ya ho boloka tjhelete mmoho le ho leka ho thusa batho ho boloka tjhelete.
Ka Hlakubele 2006, ho ne ho se ho thehilwe mekgatlo e 889 lebatoweng lena kaofela mme e se e bokeleditse tjhelete e ka bang R6,2 million.
Lefapha la tsa Lehae le la Ntshetsopele ya Setjhaba, a se a thusitse malapa ana ho fumana dibukana tsa boitsebiso mmoho le yona tjhelete ya pei mme ho na le tshepo ya hore Lefapha la tsa Temo le lona le tla kenya letsoho ka ho fana ka dijo, metsi a ho nwa le a ho tshella.
Mokgatlo ona hape o ka sebedisetswa ho tsamaisa meriana ya di-antiretroviral le ya lefuba.
Dikgau
Zibambele e kile ya hapa kgau ya Impumelelo ka 2002 mme Mookamedi wa naha, Thabo Mbeki, o ne a bolela ha leano lena e le le molemo haholo setjhabeng ka 2003.
Leha ho ntse ho le teng dintho tseo Thoko a ratang ho di fihlela, empa Zibambele e mo thusitse haholo yena le ba bang.
O motlotlo haholo jwalo ka ha a kgona ho fepa bana ba bae le hona ho ba isa sekolong. [s]
BONA SESOTHO - March 2008
pale ka MO HAARHOFF
ditshwantsho ka Lefapha la dipalangwang la KZN
LE LETSHEHADI: Projeke ena e tlisitse tshepo dibakeng tse neng di futsanehile jwalo ka sena.
KA HODIMO: Thoko o sebetsa ka thata - ho lokisa mmila ho mo thusitse, yena le setjhaba sa habo.
KA TLASE LE LETONA: Basebeletsi ba thibolla dikotopo le dipeipi tse thibaneng. Ba kwala dikoti, ba hlaole ka thoko ho mmila.
Re leboha projeke ya Zibambele, moo mafumahadi a fumanang boiphihlelo, tlhompho le seriti mme ba be ba fumane le tjantjello ya bokamoso...
Pale ya katleho Afrika Borwa
BONA SESOTHO - March 2008
