sotho.417.rape
Tshotleho ya bana le basadi
Moeding wa tikoloho e ka botjhabela ya moedi wa Congo ho phelwa bophelo ba dihele, bo so kang bo bonwa hohang naheng ya Afrika - mme lefatshe lohle - le iphapantse
OMBENI o itlhophisetsa ho tsamaya le mora wa hae, Daniel, ho ya sekolong. O dula mokhukhung mane Bukavu, ka botjhabela ho Democratic Republic of Congo (DRC).
O tsamaya halofo ya hora ho ya sekolong sa Daniel mme yena a fetele pelenyana ho sa hae. Ke selemo sa hae sa pele a kgutletse sekolong mme mosuwehlooho wa hae o re ke mohlala baneng ba bang.
Ho bua nnete, Ombeni o ne a lokela hore e be o qetela dithuto tsa yunivesithi kapa o se a qetswe.
Empa bophelo ba hae ba sekolo, le bophelo ba hae ka kakaretso bo ile ba aparelwa ke mahlomola.
O ne a dula mahaeng ha a le dilemo di 15, ho ne ho sa kenwe sekolo hohang, ho sebetswa masimong.
Ke hona moo, moo bosiung bo bong a neng a kwetelwe ke marabele. A dula le ona dikgwedi tse ngata a entswe lekgoba la thobalano le tlhekefetso e tshabehang, ho tjhentjhanwa ka yena dikampong tse moeding wa Rwandan. A batla a eshwa, a bolawa ke tlala boimaneng ba hae. Eitse ha ba kgathala ke yena ba mo kgutlisetsa batswading ba hae hore a lo shwella teng.
A phela. Ke dilemo tse hlano jwale mme ke hona a lekang ho aha bophelo ba hae botjha. Daniel o rata sekolo haholo. Selemong se latelang sena mmae o tla ya qala thupello ya botitjhere yunivesithing.
Dilemong tse tharo ka mora moo, o ikemiseditse ho fumana tjhelete e lekaneng hore a kgone ho ithekela motse sebakeng se seng se bolokehileng se hole le motseng.
Ntle ho tseo tsohle, o ipona a le lehlohonolo. Ha setjhaba se ntse se etsa taba ena pinyane, bophelo ba DRC ba tlhekefetso bo ke ke ba tjhentjha.
Se tshosang
Hona moeding ona o ka botjhabela ho tikoloho ena letsatsi le letsatsi ho etsahala dintho tse tshabehang. Bahlekefetsi bana ba kenyeleditse le Interahamwe, baphephathehi ba Mahutu a neng a tlohe Rwanda ka 1994 ka mora ho bolaya batho ba bangata ba morabe o le mong; masole a Congo, dihlopha tse ding tsa ba dutseng ba hlometse esitana le sa bakwetedi.
"Kaofela ha bona ba phela ka ho beta," ho bolela Christine Deschryver, ya sebeletsang mokgatlo wa Majeremane. "Ke tsela eo ba ithabisang ka yona. Mang kapa mang ya tenneng diaparo tsa sesole ke sera sa mosadi."
Mohlodi wa mathata ana o tswa Rwanda ka mora ho bolawa ha batho ba bangata ka 1994, ka nako eo mahlatsipa le babolayi ba neng ba baleha moo ba tshela meedi. E kaba masole a yang ho 10 000 a neng a sale moo merung, a phelang ka ho hlekefetsa baahi"
Rwanda ha e batle le ho ba bona mme le bona ba tshaba ho kgutlela morao. Sesole sa Congo se bonahala se le monyebe ho ba leleka mme erekaha masole a teng ha a sa fumana moputso wa ona, le ona a tlola molao, a tsamaya a amoha batho dintho tsa bona.
Masole jwale a iphedisa ka ho hlekefetsa baahi mme a bete le basadi. Ba iketsetsa ratase ho se mang ya ba emang ka pele. Letsatsi le letsatsi ho dutswe ho babatswa diketso tsa bona tsa bokgopo.
"Se etsahalang Darfur ke lenyane ha se tshwantshwa le Congo," ho bolela Deschryver, eo leha a dutse a tshoswa ka ho bolaya a ntseng a hatella ho phatlalatsa tshotleho ya basadi ba Congo.
Kgalefo
Se bohloko ka ho fetisisa ke hore, diketso tsena tsohle di etsahala dikilomitareng tse mmalwa feela kantle ho Bukavu, moo Ngaka Mukwege, ya nang le boiphihlelo ba dilemo tse 20 a diopereishene tsa pelehi, a dutseng a alafa mahlatsipa a tlhekefetso ya thobalano.
Ke mookamedi wa Sepetlele sa Panzi, se neng se thehwe ka 1999 se nang le bakudi ba fihlellang ho 350. Ka letsatsi ba amohela basadi ba yang ho 10, bao ba bang ba bona e leng bana ba dilemo di robong, bao kaofela ba lemetseng ha bohloko ka mora ho hlekefetswa ka thobalano.
Kaofela ha bakudi ba moo sesosa sa mathata a bona ke thobalano. Bahlasedi ba se ba kgona ho hlokomeleha ho ya ka temalo ya mahlatsipa - bang ka mora ho beta mosadi, ba mo kenya kutu ya sethunya ka tlase, a thunngwe, a lemale senya le ditho tsohle tse ka hare, a tswe madi a tshabehang.
Ba bang ba hatella banna ho etsa thobalano le bommabona le dikgaitsedi tsa bona, hangata seo se etsetswa ka pele setjhaba kaofela se bona. Persente e kgolo ya bahlasedi bana ba na le kokwanahloko ya HIV mme ba tshwaetsa basadi bao ka boomo.
Diketsahalo tsena tsohle ke bophelo ba letsatsi le letsatsi naheng eo - ka Botjhabela ho Congo teng ho na le tlhekefetso ya thobalano le ya mefuta yohle eo o ka nahanang ka yona e ka etswang setjhabeng ka kakaretso.
Ha ho letho le etswang ho fedisa boitshwaro bona bo bobe. "Ke hlola ke bone banna ba fellwa ke tshepo ya bophelo ka hohlehohle ka mora ho bona basadi ba bona le bana ba hlekefetswa ka pela bona ho se seo ba ka se etsang.
"Ha ho ka moo re ka iphapanyetsa bokgopo bona ka teng hobane re re ke moetlo feela wa boqaba wa Boafrika jwalo ha ka ba bang ba bolela."
Ngaka Mukwege o ne a re bitsetse ba bang ba bakudi ba neng ba tlile kalafong ho re bolella ka tsietsi eo ba phelang tlasa yona.
Dipolao
Mugoli Muhamiri o ne a lebelletse banyadi ka nako eo ho kokotang batho monyako dikgweding tse tsheletseng tse fetileng, ha kena banna ba bangata feela.
A tlangwa matsoho le maoto hore a takalatse mme banna bao kaofela ba mo beta ba tjhentjhana ka yena.
Monnae yena a kgaolwa qoqotho, a phela. O re ke banna ba supileng ba neng ba mo bete pele a akgeha.
O setse le ngwana wa hae, Stephen, ya sa hlokomeleng le hore mmae o kenwe ke kokwanahloko ya HIV. "Ke fumane tshehetso e ntle haholo le kalafo mona, empa ke tseba hantle hore ho se ho se hokae ke e eshwa, ke siya ngwanaka" ho bolela yena.
"Ha ke kgone le ho nwa dipidisi tsa HIV hobane ke hloka dijo. Pelo ya ka e bohloko ka ngwanaka hobane o tla sala e le kgutsana."
Lehlatsipa le leng e ne e le la moimana, Furaha Tajiri (15) wa lebatoweng la Ninja. Masole a ne a fihle habo hara kgitla, a shapuwa mmoho le batswadi ba hae pele ba bolawa. "Ba nkwetela ho ya le nna morung moo ke neng le phele teng dikgwedi tse tsheletseng kaofela, ke betwa ke banna ba babedi jwalo ka letsatsi."
Sehloho se tshabehang
Hohle ka Botjhabela ho Congo, ho buuwa ntho e le nngwe. Ha ho tshepo hohang ya bophelo bo botle naheng eo.Tsheponyana e teng e senngwa le ke hore ha ho bonahale ekare toka e a tsejwa naheng eo.
Polokelong ya dintho tsa kgale mane Kigali, Rwanda, Kofi Annan o bontshitswe diketsahalo tse sehloho tse 1994 naheng eo, moo dimilione tsa baahi ba Rwanda ba neng ba shwe ka sehloho se tshabehang ka pela mahlo a Matjhaba a Kopaneng. Dinaha tsa Matjhaba a Kopaneng di ne di lokela fedisa sena.
Empa masole a 17 000 a tsona a dutse DRC haufi haholo le setjhaba sena se ntseng se rapitlwa ka sehloho letsatsi le letsatsi. Haufinyane, mookamedi wa Matjhaba a Kopaneng, John Holmes o ne a le Bukavu. Le yena a etela Sepetlele sa Panzi, mme a tshoha haholo ha a utlwa tsela eo setjhaba sa moo se phelang ka teng.
A boela a kopana le Christine Deschryver. "Ka mmolella sohle se etsahalang mona. Ke ne ke hlile ke halefile e le ka nnete. Ka mmotsa hore o se o fihlile naheng ya Congo, ke sefe seo o tla se etsa"
Le wena jwalo ka ba bang o
fihlile wa lla sepetlele mme wa tswa wa tsamaya. Mme jwalo ka ba bang kaofela o ke ke wa hlola o beha leoto la hao hape sebakeng sena." [s]
Peto ke bophelo ba teng ba letsatsi
BONA SESOTHO - December 2007
pale le ditshwantsho ka FEATURENET.CO.ZA
Ombeni o felehetsa morahae Daniel, ho ya sekolong. Dilemong tse hlano tse fetileng o ne a kwetelwe, a ya fetolwa lekgoba la thobalano.
BONA SESOTHO - December 2007
u
Masole kaofela ke dira tsa basadi
t
Mahlatsipa a peto a rapela mmoho ho tshehetsana.
u
t
Hara tseo tsohle a kgona ho bona ha monnae a kgaolwa qoqotho
Mugoli Muhamiri o ne a lebelletse banyadi ha a tla bulela batho monyako dikgweding tse tsheletseng tse fetileng. Empa ha kena sehlopha sa banna ba kgopo.
