sotho.416.questions
DIPOTSO
1. Ke e fe katleho eo o leng motlotlo ka yona-
Ho qeta ha ka lebelo la Comrades selemong sena ke bile motlotlo ka hona. Ke bile motlotlo hape le ka ho qeta dithuto tsa ka leha ke le maphathephathe.
2. Ke eng eo tsosang morolo-
Dieta, dibuka - le ho akwa!
3. Ke eng eo o e ratang le eo o sa e rateng ka batho-
Ke rata batho ba tshepahalang, ba lokileng le ba nang le botho. Ha ke na thahasello ya batho ba kgellang ba bang tlase, ba dutseng ba inahanela bona.
4. O o tshwere jwang mosebetsi wa hao o motjha wa ho hasa ditaba dihora tse 24 ho etv, ho amme bophelo ba hao ba boithabiso jwang-
Ho ekeditse dihora tsa ka tsa ho sebetsa ka letsatsi! Ke sebetsa dihora tse 25 ka letsatsi, ka hoo, ke kgona hantle ho itlhophisa ha ke qeta lenaneo la ka le felang hara mpa motsheare ho Radio 702 le le qalang ka hora bo 5 mantsiboya ho etv.
Ke tsoha ke mathe ka hora ya bohlano hoseng.
Ha ke sa ba le dikopano motsheare, hape ha ke sa ithabisa ka phirimana.
5. O e hlophisa jwang phirimana ya hao le moratuwa wa hao-
Eish! Ha ke na tsela eo ke e hlophisang ka yona. Ke ithatela ho ba le nako le yena - re rata ho tsheha, ka hoo, ho qoqa re tshehe ka phirimana ke ntho e monate.
6. Haeba o ne o sa etse mosebetsi ona, ke ofe mosebetsi o neng o ka o kgetha-
Ke ne ke tla ruta batho ho ngola dibuka.
7. Ke mang motho eo o ka ratang hore a o meme le je le yena -
Barack Obama - ke a mo rata.
8. Ke eng ntho o sa e rateng ka Afrika Borwa-
Bonokwane le boitshwaro ba bakganni ba ditekesi.
9. Ke eng o e ratang ka naha ena-
Ke rata setjhaba sa yona - le tsela eo se etsang dintho ka yona.
Ke rata mpho ya bophelo eo re e filweng jwalo ka Maafrika Borwa.
10. O ka eletsa matjhaba ka mantswe a reng-
Ho lwantsha bonokwane ke boikarabelo ba motho ohle. [s]
Redi Direko
ikamahanye le batho ba pele afrika borwa
TSA DINALEDI
