sotho.413.triviajan2008
maqephe a boithabiso a
Ke Mohale?
William Shakespeare (1564-1616) ke seroki sa Lenyesemane le sengodi se pele puong ena.
Ho kenyeletswa le dipapadi tse 38, tseo hara tsona ho balellwang le Hamlet, Macbeth le King Lear, le dithothokiso tse 154. Dipapadi tsa hae di se di fetoletswe dipuong tse ngata mme tsa bapalwa haholo ho feta tsa dingodi tse ding.
Shakespeare o ne a hlahele a ba a holela Stratford-upon-Avon. Ha a le dilemo di 18 a nyala Anne Hathaway, ba ba le bana ba bararo, Susanna, le mafahla Hamnet le Judith.
Pakeng tsa 1585 ke 1592 o ne a qale mosebetsi o neng o mo atlehise haholo London wa ho ngola le ho bapala dipapadi tsa sebaya.
Ho a makatsa hore ebe ho na le direkote tse mmalwa haholo tsa bophelo ba hae.
Leha Shakespeare e ne e le seroki le sengodi se hlontjhwang mehleng ya hae, ha a ka a atleha hakaalo ho fihlela dilemong tsa bo 1900
Hore dipale tsa hae di fetolelwe dipuong tse ding mme di manollwe ho latela meetlo e fapaneng le dipolotiki lefatsheng lohle, ke bopaki bo totobetseng ba hore di tla dula di ratwa.
BONA SESOTHO - January 2008
Thatolla
Hlahlamanya mantswe ana.
Tseba dinomoro tsa SEROMA
DINOMORO TSA SEROMA ke mokgwa wa ho bala o sebediswang oo e leng wa mehleng ya Maroma a Boholoholong. Mokgwa ona o ne o tjhentjhwe hanyenyane Dilemong tse Bohareng.
Ditlhaku tse ding, di sebediswa e le dinomoro mokgweng ona wa ho bala. Ke ona mohlala: I (i) = 1; II (ii) = 2; X (x) = 10; M (m) = 1000.
O hlola o kopane le mokgwa ona wa ho bala mohlomong dinthong tse kenyeletsang le:
Ha o shebisisa maemo ao difilimi di leng ho ona kapa ho TV mme o bone le selemo seo e neng e hatiswe ka sona.
Ditshupanako tse ding le tsona di bontsha nako ka mokgwa ona.
Mabitso a marena, jwalo ka George VI, ho bolelang hore ke morena wa botshelela ya bitswang George.
Ha re bua ka Ntwa ya Pele ya Lefatshe kapa ya Bobedi ho ngolwa "World War I"kapa "World War II,"kapa WWI kapa WWII.
Dihlopha tsa bolo, haholoholo sekolong le tsona di arolwa ka mokgwa ona ha di ngolwa jwalo ka, sehlopha sa pele sa rugby "1st XV" (XV = 15) le "1st XI" sa pele sa bolo ya maoto (XI = 11)
BONA
Velociraptor
LEBITSO lena le bolela "leshodu le potlakang" mme velociraptor ke lelapa la di-dinosaur tse neng di phela dilemong tse 75 million tse fetileng.
E ne e ena le maoto a mabedi, e ena le boya, e eja nama, e ena le mohatla o molelele le dinala tse kgolo leotong ka leng mme ho bile ho nahanelwa hore e ne e sebedisa ona ho bolaya phofu ya yona.
"Raptor" ke phoofolo e tsebisahalang bathong ba bangata mme re leboha filimi ya Jurassic Park - leha e ne e hlahisitswe e le kgolwanyane ho feta ka moo e neng e le ka teng mme hape e se na masiba.
Ho bua nnete, raptor e kgolo e ba bolelele ba 2m le bophahamo ba 50cm. Boima ba yona bo eba 15kg.
E na le meno a 26 ho ya ho 28 a sephara lehlakoreng ka leng, mme a morao a matla haholo ho feta a ka pele - ke sona sena se etsang hore phoofolo e be le bokgoni bo botle ba ho phamola phofu ya yona ka pele leha e ne e le lebelong le tshabehang.
NA O NE O TSEBA?
Sekgeo se bang teng pakeng tsa lehadima le ho duma se bakelwa ke hore modumo o tsamaya butle ha o tshwantshwa le kganya.
Modumo o tsamaya ka hara moya ka lebelo la 350m/motsotswana. Athe kganya yona ka bolele bo lekanang e tsamaya 299 792 458m/motsotswana.
BONA SESOTHO - January 2008
Bala hore lehadima le hole bo bokae le wena
Ka nako e nngwe leduma le lehadima di atamellana haholo - ebe o bolokehile? Ke ona mokgwa o ka balang ka ona - hore lehadima le tla nka nako e kae - pele le otla...
Sheba sepakapaka moo lehadima le kgantshitseng teng.
Bala metsotswana pele o utlwa ho duma. Etsa seo ka ho bala haholo o re: "Nngwe - ho fihlella seketeng," jwalo ho fihlela le duma.
Arola metsotswana ka 3 ho fumana bolelele ba dikilomitara. Ha re etsa mohlala: ha o bala metsotswana e 6 ho tloha ha o ne o bona lehadima, le ne le ka otla bohole ba 2km ho tloha moo o leng teng (6 ÷ 3 = 2).
Ha lehadima le duma le benya kapele hoo ho ka nna ha eba thata ho bala hore lefe le tsamaisana le lefe. O batla polokeho feela wena, qala ho bala ho tloha lehadimeng la ho qetela leo o le boneng.
u
t
maqephe a boithabiso a
NYEEEE-OWWW!!!
Ka nako eo Engelane e neng e welwe ke koduwa ya Lefu le Letsho ho ne ho thwe bomadimabe bo hlotswe ke dikatse. Diketeketse tsa bolawa. Se makatsang ke hore ba sa kang ba bolaya tsa bona ba se ke ba kula hohang hobane di ne di hlwekisa matlo a bona ka ho tlosa sesosa se seholo sa mafu - e leng ditadi.
BONA SESOTHO - January 2008
JWANNG BO BOTALA HOBANE... bona le dimela tse ding bo na le chlorophyll. Ke yona e sebediswang nakong eo ho etsahalang 'photosynthesis', moo kganya ya letsatsi e thusang semela ho hlahisa dijo tsa sona - lentswe lena "photosynthesis" le bolela "e etswang ka kganya."
Dimela tse se nang chlorophyll di fumana dijo tsa tsona ka mokgwa o mong o kang wa dikgwaya-kgwayane ke hore di phela ka ho ja dimela tse ding tse seng di senyehile mme ha di hloke kganya ya letsatsi hore di phele.
Ke chlorophyll feela e kgonang ho boloka dimela di le tala.
Dipapadi tsa mefutafuta
BONA
Bontsha tsebo ya puo ya hao. Setshwantsho ke mohlala. Ke eng lebitso la seo o se bonang?
O SE O TSEBA JWALE...
... ha ho buuwa ka dimerale tse holelang ka mahaheng, tse holang di leba hodimo di bitswa stalagmites, tse lebang tlase tsona di bitswa talactites.
Tsohle ka...
Ntsu
E mmele o mosootho, hlooho e tshweu le setono, molomo o kobehileng, ke nonyana e nkwang e le letshwao la setjhaba mane United States.
Ntsu ke nonyana e kgolo e bolelele ba 70-95cm,mapheo a buleha ho fihlella ho 170-240cm mme boima bona ke 3-6kg.
E rata ditlhapi haholo, e di tshwasa ka ho sesa hodima metsi e di kobole e di hule ka molomo ho di ntsha ka metsing.
Ntsu ke nonyana e matla e bileng e ka fofang ka lebelo la 56-70km/h e tsamaya e otlanya mapheo, athe ha e tshwere tlhapi teng e fofa ka lebelo la 48km/h.
Ntsu ya nnete e etsa letswi, tswi, tswi ha e lla ha e etse modumo ona oo re hlolang re o utlwa difiliming, ha ba e sebedisa, bona ba Phakwe.
Mala a lliswa keng?
MPA ke setho se nang le mesifa, se dutseng se sisinyeha mme se bile se korotla, se lla, se honyela se saroloha ka nako eo se thumisang dijo.
Sena ha o se hlokomele ka bonolo ha o kgotshe. Empa ha o lapile mala a qala ho hohlahana, bakeng sa ho nna a saroloha, a honyele, a thumisa dijo.
Ke yona tsela eo mmele o o bolellang ka yona hore o hloka dijo tse ding - mme ke sona sesosa sa medumo eo o tla nne o e utlwe ka maleng.
Ha o lapile moya o fumana monyetla wa ho kena ka maleng o solle. O a tlallana o nyolose o theose ka maleng - mme ke ka hona mala a qetellang a se a korotla, a etsa medumo e sa tlwaelehang.
MATLA A BANANA
Ntsu e tshehadi e ka ba boholo ba 25% ho feta e tona!
BONA SESOTHO - January 2008
Bopa lentswe
Bopa mantswe a mane ho ya bohlanong a Senyesemane o sebedisa ditlhaku tse lebokoseng. Tlhaku e hare (e kgubedu) e sebediswe lentsweng ka leng. O boele o bope lentswe le leleng o sebedisa ditlhaku tsena kaofela ho se eo o tla e pheta.
