SOTHO.409.BURIAL
BONA SESOTHO - October 2005
HO THEHA mokgatlo wa lelapa wa poloko ya tjhelete ya lepato ke ntho e molemo haholo. Ke tsena dintlha tseo le ka di hlokomelang ha le qala mokgatlo oo...
Boitshwaro bo botle le botshepehi. Ha le a tlameha ho nyahamiswa ke batho ba le nyefolang ka morero wa ho atlehisa mokgatlo.
Jwalo ka lelapa, diqabang tsa lona di se tswele kantle.
Buisanang le ba nang le bokgoni boetapeleng hona lelokong, empa le bona ba tla hloka tshehetso ya lona.
Bao ba bileng lehlohonolo hore ba kgethelwe maemo a boetapele jwalo ka modulasetulo, mongodi esitana le yena motshwari wa matlotlo, ba tlameha ho tshepahala, ba boloke dintlha tsohle tsa mokgatlo ka nepo. Komiti e okametseng mokgatlo ona, e ka ba batho bao ba bararo ba boletsweng ka hodimo, ho kgethwe le ba bang ba babedi ho ekeletsa mme komiti ena e tlameha ho kgethwa hanngwe ka selemo.
Ditho tsohle di tlameha ho nka karolo dipuisanong moo ho nkuwang teng diqeto le moo ho behwang melao ya mokgatlo.Ditho tsohle di tlameha ho ba le ditokelo di boele di saene le molaotheho.
Tjhelete e lefuwang ka kgwedi e tlameha ho ba eo batho ba kgonang ho e lefa. Ha batho ba le bangata, tjhelete ena e ka theoha.
Melao ya kgalemo e tlameha ho sebediswa. Ba atisang ho thisa kapa hona ho fihla ka mora nako dikopanong ba tlameha ho fumana kotlo e lekaneng.
Tjhelete ya kotlo e tlameha ho kena mokotleng wa mokgatlo.
Banka ke sona sebaka se bolokehileng sa ho boloka tjhelete ya mokgatlo. Dulang le hlahloba ka ditshebeletso tse teng moo bankeng tse ka le tswelang molemo bakeng sa phaello.
Dikopano tsa kgwedi le kgwedi di bohlokwa bakeng sa ho bokelletsa ditjhelete. Ditjhelete tsohle di tlameha ho lefuwa pele matsatsi a supileng a fela ka mora ho fela ha kgwedi, ya hlolehang ho etsa jwalo, kotlo e hodima hae. Ho ka kgethwa motse wa e mong wa ditho tsa komiti hore e be kantoro ya mokgatlo moo ho tshwarelwang teng dikopano le moo ditjhelete di lefellwang teng.
Le se lebale hore bonyofonyofo bo ka nna ba etsahala le hara ditho tsa lelapa. Ho thibela bonokwane kapa bona bonyofonyofo, ditho tsohle di tlameha ho hlahloba lenaneo la ditjhelete le tswang bankeng kgwedi le kgwedi.
Mokgatlo o tlameha ho boloka dintlha tsohle tse kang mabitso, ditjhelete tse kenang le tse tswang le diqeto tsa nkilweng dikopanong.
Dintlha tse feletseng ka ditho tsa mokgatlo jwalo ka diaterese le mehala, di tlameha ho behwa sebakeng se bolokehileng.
Mokgatlo ona o tlameha ho pata setho mmoho le lelapa la sona, re bolela molekane le bana. Dintlha tsohle tse kang mabitso, aterese le dinomoro tsa boitsibiso tsa ditho tsa malapa di tlameha ho bolokwa ke mokgatlo. Mokgatlo o ka nna wa nka qeto ya hore o pate le ba bang ba leloko bao e seng ditho tsa lelapa ka tlung ka tjhelete e ekeditsweng. Tjhelete eo bona ba ka patwang ka yona e tla ba ka tlase ho e patang ditho tsa mokgatlo. [s]
E ba malala-a-laotswe!
Ka moo le ka laolang mokgatlo wa lona wa mapato ka teng
Ke monahano o motle haholo hore le iqalle mokgatlo wa lepato wa lelapa ho itshereletsa mathateng a ditjheho tsa lepato hobane lefu le hlaha ho se mang ya le lebeletseng
pale ka FORCE KHASHANE
ditshwantsho ka CLIVE THOMPSON
