sotho.403.yourlifeguide_career_2
HO ETSA CV
Ho kenya setshwantsho
Bang ba kgolwa hore ho kenya setshwantsho ho CV ho tla e ntlafatsa.
Ke tlameha ho etsa jwalo? Setshwantsho ha se na etsa phapang ho bahiri ba ratang ho neha batho monyetla ka ho tshwanang ba sa natse tjhebeho ya bona, seo ke se bolelwang ke Website my-cv.net. Leha tjhebeho e le bohlokwa, empa e ke se o netefaletse ho fumana mosebetsi.
Leha ho le jwalo, mesebetsi e kang wa bobontshi, ho ba sebapadi sa dipale kapa ho sebetsa difofaneng (ha re etsa mohlala) e ka hloka difoto.
Molao o re romela foto ha o kopilwe ho etsa jwalo.
Etsa ka nepo: Haeba o kopilwe ho romela foto, shebahala hantle ho yona, empa o se ka be se o fetisa, ho bolela Deborah Gage, ya sebetsang khampaneng e batlelang batho mosebetsi.
Haeba o le mosetsana, ikgabise hantle, ha o le monna, kuta ditedu hantle.
Ho molemo ho romela foto eo ho yona o apereng ka tsela e amohelehileng mosebetsing. O se romele foto ya nako ya phomolo o e nketseng lewatleng o rwetse diborele tsa letsatsi!
Mengolo e metle
O ka sebedisa mengolo e fapafapaneng ha o ngola CV. (Fonts) E tshwana le malapa a ditlhaku. Mongolo ka mong - kapa lelapa - le na le tjhebeho ya lona. Mohlala, mongolo o sebediswang haholo ho BONA ona o bitswa "Arial".
Nka ho etsa hoo? O se etse jwalo. Sebedisa Arial kapa Times New Roman. Haeba CV o e ngollwa ke motho e mong, e re a sebedise mengolo ena.
Etsa ka nepo: Boholo ba mongolo bo bohlokwa. Bo se be ka tlase ho 10 kapa ka hodimo ho 12:
Ho etsa CV e shebahale hantle
Ba bang ba kgabisa di-CV tsa bona ka ditshwantsho le dikakanyo tse itseng e leng ntho e nepahetseng.
Nka ho etsa hoo? Tjhe! Sena se ke ke sa etsa hore mohiri a nahane hore o loketse mosebetsi. Nnete ke hore, seo se ka ba tena, ba qetelle ba sa shebisisa le bokgoni le boiphihlelo ba hao.
Etsa ka nepo: CV ya hao e tlameha ho ba hantle feela, e hlake, e se be le ditshwantsho le mekgabiso, e be pampiring e "tlwaelehileng" e tshweu.
Puo e sa tlwaelehang
O ke ke wa kgolwa, ho na le batho ba nahanang hore ho sebedisa puo e sebediswang ho di-SMS ho tla ba atlehisa!
Nka ho etsa hoo? Tjhe! Ke bolela le lengolong leo o le romelang le CV! E nngwe taba: o se sebedise dikgutsufatso kapa puo ya setsotsi e sebediswang diindastering tse itseng.
Etsa ka nepo: Etsa tsohle ka nepo jwalo ka ho bula le hona ho kwala lengolo la hao ka nepo, ho bolela Website usingenglish.com.
Re ka etsa mohlala ka hore o bule lengolo la hao ka hore "Dear Sir" kapa "Dear Madam" e seng taba ya "Hi" kapa "Howzit" kapa "Eita."
O ka kwala lengolo ka hore "Yours faithfully" (haeba o sa tsebe eo o mo ngollang) kapa "Yours sincerely" (haeba o mo tseba).
Puo ya hao (tsela eo o behang CV ya hao ka yona) e tlameha ho ba e nepahetseng.
Haeba papatsong ho sebedisitswe puo e bobebe tlhalosong ya se hlokahalang mosebetsing oo, le wena kopong ya hao, sebedisa puo e tshwanang.
Haeba papatsong ho sebedisitswe kgutsufatso kapa mantswe a setegniki, le wena sebedisa puo e bobebe, empa o ka tswaka le ya setegniki ho hlakisa dibaka tse itseng. [s]
Pale: e mong wa basebeletsi ba rona
MESEBETSI YA HAO
Melao ya ho ngola CV e dutse fetofetoha. Ka hoo, ho molemo ho dula o kgema le dinako ho etsetsa hore o se hlophehe ha o se o batla mosebetsi
SEO O KA SE ETSANG
CV e tlameha ho ba kgutshwane, e o tle botsekeng. Maqephe a mabedi a lekane.
Lengolo la kopo le hlalosang boiphihlelo ba hao o ka le kenya.
Se sebedise mantswe a kang managed, implemented, obtained, efficiently, effectively le contributed. Ha a sa utlwahala hantle hobane a se a sebedisitswe haholo.
SEO O SA TLAMEHANG HO SE ETSA
Ho ngola CV ka letsoho.
Ho kenya dintho tseo o di ratang jwalo ka mekgabiso.
Ho bua leshano ka maemo a hao a thuto.
