sotho.3.bongani
pale ka DOUG GORDON
Bongani Nchang o ila thobalano
Ke toka ho ila thobalano"
Ke a o jwetsa!
QETELLONG naledi ya sehlopha sa Malaika, Bongani Nchang, o nka kano ya lenyalo ka mora dilemo tse pedi kaofela a itse thobalano. Jwale o se a le mabefi. "Ho ne ho le thata," ke yena eo. "Re sa le banyane, re a ratana, empa re ithutile ntho ya bohlokwa ka ho ila thobalano."
Moshemane enwa ya dilemo di 30 o ne a pholoswe ka 1997 pele yena, Jabu le Tshedi e ba dinaledi tsa Afro-pop. Ho tloha nakong eo, sehlopha sena sa Malaika se se se rekisitse di-CD tse batlileng di fihla ho 600 000. Ka mora moo, ba ne ba hahlaule le lefatshe ka bophara mme boinehelo ba bona tumelong, bo ba behile hole le thobalano le dithethefatsi.
"Ha ke ne ke fihla Joburg, ho tswa Klerkdorp, ho tla ntshetsapele mmino, menyetla ya dintho tse kang tseo e ne e ntlhahela ka hohle," ke yena eo.
"Empa he nna le Jabu, e ne e re re qala feela, ra qala re sebeletsa Modimo. Re ne re dula mahala mishoneng hobane re ne re boela re sebeletse le kereke.
"Tumelo ya rona e ne e re kgothaletse ho kena mminong. Modimo O ne O na le sepheo ka rona seo re neng re tlameha ho se phethisa."
Bongani o ne a kopane le Nthabiseng Mphela ka 2004. Moratuwa enwa wa hae ke mosebeletsi wa tsa kgokahanyo lefapheng la tikoloho le bohahlaudi. Ba ne ba itsebise setjhabeng pele sehlopha sena se etsa konsarete mane Garankuwa habo Mphela.
Re ne re tshwanelana
"Re ne re utlwane di tloha feela," ke Bongani eo. O ne a nkgahle ke qala feela ho mmona, athe ka lehlohonolo, re ne re le maemong a tshwanang - re na le dikamano tse thekeselang.
"Nthabiseng o ne a sa ntsebe hore ke mang, ka hoo, ha nka ba ka ba le kgatello e kalo. O ne a makale ha a se a mpona ke bina. O ne a qale ho ba lesisitheho ha a bona hore o kopane le sebini, empa re ne re e nke jwalo ka metswalle ho fihlela re ba re phuthulohelana."
Mora bona, Onthatile, o hlahile mafelong a 2005 nakong eo Bongani Modimo O neng O sa tswa mo phahamisa ho kuleng ho neng ho mo tshwere.
O ne a be madimabe hona lehlabuleng la 2005, nakong eo a neng a sala ka lebaka la ho kgathatswa ke pelo ha sehlopha se ne se etela Yuropa.
"Menyenyetsi e dutse e hlaha ka ho kula ha naledi ya sehlopha sena se tummeng," ke yena eo. "Ke ne ke na le mathata a ho phalla ha madi a yang pelong."
"Eo e ne e be tlhokomediso hore jwalo ka ha Modimo O ne O mpholositse, ke ne ke tlameha ho O leboha, e seng ka mmino feela, empa ka bophelo bohle ba ka."
Ho ne ho le boima ho Nthabiseng ya neng a le dilemo di 22 feela ka nako eo ho boela a itshepa ka mora ho fumana ngwana. "O ne a fumane ho le boima ho ila thobalano," ke Bongani eo. Re ne re rapela ka thata hore re kgone ho latela melao ya tumelo. Modimo O sa hlolwe ke letho, ke ne ke kgone hore ke robale bosiu kaofela, ke tsohe ke sa ka ka batla thobalano."
Ho thata haholo ho latela Bibele ka tsa thobalano. "Ke nnete, Modimo O ka o tshwarela melato yohle ya hao ha o etsa sena," ho rialo Bongani, "empa seo se re kopantse haholo."
Malapa a arohaneng
Ha re a atleha ho etsa sena hobane re ne re sa dule mmoho. "Thobalano e ntse e tlisa mathata dikamanong mme ntle le yona, re kgonne ho tsebana hantle. Ha re fihlelwa ke takatso ya thobalano, re a sunana re akane, re iqoqele nako e ka etsang dihora tse pedi.
"Re ne re nkane jwale ka metswalle jwalo ka pele."
Bongani o hlakisa hantle hore ho bua ha hae ka dikamano tsa hae, ha ho amane hohang le CD e ntjha ya Malaika.
Yena ha se sebini sena se bapatsang mmino wa sona ka lebitso la Modimo.
"Katleho ya Malaika e itshetlehile thapelong mme e tla dula e le jwalo," ke yena eo.
"Modimo ke motheo wa mmino wa rona. Ha ke utlwisise hobaneng dibini tsa kwano le tsa matjhabeng e reng ha di tsweleletse meketeng ya dikgau, di lebohe Modimo ka ho sa feleng!
"Se makatsang le ho feta ke hore, o tla fumana motho wa teng a phahamisa kgau a leboha Modimo, empa ka mora moo, diketso di hanane hohang le seo." Ha a rate hore seo a dumelang ho sona se arohanye balatedi ba sehlopha sa Malaika.
"CD ya rona ya ho qetela e rekisitse platinum - e ne e rekise dikhophi tse 50 000 matsatsing a mabedi feela e hlahisitswe," ke yena eo. "Dipina tsa rona di pheta pale. Ho itshwara ho tsa thobalano, ke ntho e nepahetseng dibining mme e tshehetsa maano a twantshano ya bohloko ba EITSI."[S]
Bongani wa Malaika o re ho ne ho le boima empa o re ba ithutile tse kgolo ka dikamano tse se nang thobalano. Tseo tsohle e tla ba pale jwalo ka ha mehoo ya lenyalo e se e qala ho utlwahala...
BONA SESOTHO - July 2007
BONA SESOTHO - July 2007
"Batshehetsi ba rona ba a bo tseba bohlokwa ba ho ila thobalano," ho rialo Bongani.
