sotho.393.yourfamily_trivia
NA O NE O TSEBA"
Finland, March e bitswa Maaliskuu, e bolelang "Earthy Month", hobane ke yona kgwedi eo ka yona lehlwa le neng le qhibidihi ka yona ha qala ho bonahala mobu.
MARCH (Hlakubele)
Ena ke kgwedi ya boraro ya selemo, e nngwe ya dikgwedi tse supileng tsa selemong tse nang le matsatsi a 31.
Lebitso lena "March" ke la Seroma mme ena e ne e le kgwedi ya pele ya selemo mme e reheletswe ka Mars, modimo wa Maroma wa ntwa.
NALANE YA KGWEDI ENA
1960
March 21: Koduwa ya Sharpeville moo batho ba ballwang ho 5 000 ba neng ba hwantela taba ya dipasa. Ho ne ho bolawe batho ba 69 ho balwa basadi ba robedi le bana ba leshome.
1970
March 25: Sefofane sa Concorde jet se ne se fofe lekgetlo la pele. Lebelo la sona le ballwa ho
1 127 km/h.
1971
March 8: Raditebele Joe Frazier o ne a hlole Muhammad Ali mane Madison Square Garden.
1980
March 7: Televeshene ya mmala e ne e qale Portugal.
March 21: Pale ya marato ya opera Dallas, JR Ewing e ne e hatiswe ke motho ya sa tsejweng mme ha tswelapele potso ya hore: "Ke mang ya hatisitseng JR""
1987
March 23: Ketsahalo ya pele ya The Bold And The Beautiful e ne e haswe USA.
1990
March 26: Ho ne ho phatlalatswe hore ho tloha ka Pherekgong 1991, kgenthollo pakeng tsa ba batsho le basweu e tla fediswa dikolong tsa mmuso.
1998
March 19: Makhaya Ntini e ne e be sebapadi sa pele sa motho e motsho ho bapala sehlopheng sa naha dipapading tsa diteko.
2004
March 21: Mopapa John Paul II ke mopapa wa pele wa ho etela Isiraele.
2006
March 5: Tsotsi e ne e hape kgau ya 2005 Oscar ya Best Foreign Language Film dikgaung tsa bo 78 tsa Academy.
TSA BANA
Lefatshe le tjhitja"
Ke potso e se nang kelello, ha ho jwalo" Empa haeba o re "E" o tla be o fositse! Ke rialo hobane lefatshe le a fetoha ho etsa (bosiu le motsheare), sena se bolela hore ha le tjhitja.
Lefatshe ho bonahala le le motopo le tshwana le mokopu!
SE KA E ETSA LAPE-NG!
"Fish snorting" ke mofuta wa "papadi" oo ka yona o hulang tlhapi ka molomo mme e tswe ka mahananeng.
Ka ho ya ka Guinness World Records, GP Vijayakumar o ne a qale sena ka tlhaku ya erekise mme a qetella a se a sebedisa tlhapi.
Ka Phupu 2005 o ne a etse pale ka ho etsa sena ka ditlhapi tse robedi kaofela ka motsotso.
O boetse hape o etsa pale ka ho etsa ka tse 509 ka hora!
Bontsha tsebo puong ya heno.
Setshwantso se o neha mohlala"
ENGLISH AFRIKAANS SESOTHO ISIXHOSA ISIZULU
Maths, metsi le bahalaledi
A mang a matsatsi a "ikgethang" kgweding ena:
World Maths Day
Le leng la matsatsi a pele ho tsa
thuto lefatsheng mme le behe-
tswe ho leka ho nyolla maemo
a dipalo ka tsela e thabisang.
Mokete ona o mahala dikolong le baithuteng. Bakeng sa dintlha o ka bula www.worldmathsday.com
Saint Patrick's Day
Ke letsatsi le letala, ho ketekwa letsatsi la mohalaledi wa Ireland. St Patrick o ne a phela ho tloha ka 385 ho ya ho 461AD.
E ne e le lekgoba, ho thwe ke yena ya neng a tlise tumelo ya
BoKreste Ireland.
World Day For Water
Le ne le thehwe ke Matjhaba a Kopaneng ka 1993 mme ka lona ho angwa dintlha tse ngata jwalo ka ho se fumanehe ha metsi a hlwekileng dibakeng tse ngata.
Majwe a ka fofa metsing"
E, ho na le mefuta e itseng ya majwe a "fofang" metsing a tswang ha ho na le bolekano. Majwe ao ka Senyesemane a bitswa "pumic" mme ka hare a na le dipudulwana tsa kgase!
