sotho.38.bec success-tips
BONA SESOTHO - April 2006
KA NAKO E NNGWE O FUMANA MENYETLA EO O NENG O SA E LEBELLA!
MIMMI Biggar o dutse a kgothatsa batho meketeng. Ke motshwari wa tsa tegniki ha Black Like Me, athe hape o na le disalune tse pedi tse atlehileng.
Dilemong tse ka bang 10 tse fetileng Mimmi e ne e le setsebi le motho ya rutang beng ba disalune ho lokisa moriri mme o ne a rere ho sebedisetsa tjhelete eo ho seo a se tsebang.
O ne a qale ka tjhelete e kalo ka R10 000 mmoho le tshehetso ya ba lelapa mme a kgona ho bula salune ya hae ya pele mane West Rand.
Ka kgwedi ya pele Mimmi o ne a etse phaello ya R2 000! Ya ba ke ho qaleha ha katleho ya Salon Xcellence.
Empa o qadile jwang"
Latswa moya wa Africa... Latswa katleho ya Mageu Number 1
Dikgau tse bitswang Mageu Number 1 Small Business Award di etseditswe ho kgothatsa, ho putsa le hona ho nyolla dikgwebo tse nyane ho babadi ba BONA.
Tlhodisano ena e tswelapele ho tloha ka Mphalane 2005 ho fihlela Mphalane 2006.
Ba fihletseng makgaolakgang jwalo ka kgwedi ba tla phatlalatswa ho BONA. Bahlodi ba tla phatlalatswa moketeng wa mabenyane mane Johannesburg ka Pudungwana 2006.
Se lebale ho kgorametsa barcode ya Mageu Number 1 kenelong ka nngwe o sa lebale le dintlha tsa hao le tsa kgwebo ya hao jwalo ka ho hlalosa boholo ba yona, e sebakeng se fe le hore ke ya mofuta ofe.
O rekisa dijo, kapa ke spaza shop jwalojwalo"
Ditlankana tsa ho kenela le dintlha tse ding ka dikgau tsena di a fumaneha ho website:
www.empowermentclub.co.za
Ho ka fumana khopi ka fekese,
letsetsa 011-883-8829. [s]
Mimmi yena o etsa jwang"
Maele a hae a tsa kgwebo...
1. Sheba sebaka se phetheselang. Kgwebo e ipatileng e ke ke ya hapa batho.
2. Ho bohlokwa ho ba le disebediswa tsa maemo le ho fana ka tshebeletso ya profeshenale bathong.
3. Hira basebeletsi ba nang le boiphihlelo.
4. Hlokomela lenane leo o le bitsang.
5. Kgema le dinako kgwebong ya hao.
6. Hlokomela ditjhelete tsa kgwebo!
7. E ba le tjantjello ya seo o se etsang.
BONA SESOTHO - April 2006
