sotho.11.yourlifeguide_HIV
Criselda ya ratehang
Na o na le seo o batlang ho se tseba mabapi le HIV kapa EITSI? Ho na le se o ferekanyang? O kgathatsehile? O tshohile? Se nyahame, sebohodi sa radio le TV, Criselda Kananda se tla araba dipotso tsa hao kaofela
Banna ha ba kenwe ke HIV
Criselda ya ratehang: Ke utlwile motswalla monnaka a ithorisa a re a ke ke a kenwa ke HIV ka ha banna ha e ba kene ka bonolo jwalo ka basadi. Na ke nnete?
Elizabeth, Thekong
Karabo ya Criselda:
Ho a tshosa hore ebe lefu lena le seng le le dilemo le senya maphelo a batho - le kajeno ho ntse ho ena le batho ba reng: "Nna le ke ke la ntshwara!"
Ba lokela ho iswa mabitleng ba lo bona ka moo a tletseng ka teng! Hlokomela hore ho na le phapang pakeng tsa HIV le EITSI. HIV ke kokwanahloko e kenang motho ka thobalano, ha ho sa thibelwa lero la motho ka mong ho kena ho e mong.
(Athe lesea le ka tshwaetseha ka ho nyantshwa ke mme ya nang le kokwanahloko kapa motho a kenwe ke lero le tswang mmeleng wa motho ya nang le yona empa thobalano ke yona eo batho ba tshwaetsanang ka matla ka yona.)
Ha re bua ka mafu a nelehetsanang ka thobalano jwalo ka HIV, basadi ba ba le menyetla e meholo ya ho tshwaetseha ho feta banna. Sena se etsahala ka bonolo ka lebaka la dinama tse bonolo tsa setho sa bosadi se tabohang ka bonolo thobalanong (haholoholo ha di se mongobo hantle), mme ho tswe leqeba leo lero la bonna le nang le tshwaetso le ka kenang ka lona mosading.
Banna le bona ba na le lesobana ntlheng ya botona. EITSI e etsahala ka nako eo masole a mmele - a o sireletsang dikokwanahlokong - a fellwang ke matla mme a se a sa kgone hohang ho sireletsa mmele.
Nka mmolella jwang?
Criselda ya ratehang: Ke tsebile hore ke HIV-positive dilemong tse tharo tse fetileng. Ha ke so ka ke eya ho ba thobang maikutlo hobane ke bona e le tshenyo ya nako. Moratuwa wa ka eo ke dulang le yena, o tsebile ka Tshitwe selemong se fetileng hore le yena o HIV-positive. Ke a inyatsa ka ho se mmolelle maemo a ka athe yena o thabile, o motlotlo ha ke ntse ke mo rata leha a mpolelletse maemo a hae.
O nahana hore ke lengeloi empa ke a ipona ke hlokile botshepehi ho yena. O hatella hore ke sireletsehe ka dikgohlopo. O batla ho nnyala jwale, hape re be le ngwana, ke tshohile hore lekunutu la ka le tla utulloha ha bohloko.
Klara, Joburg
Karabo ya Criselda:
Jwalo ka basadi ba bang ba bangata, o nahana hore o ka patela moratuwa wa hao ka maemo a hao a HIV. Seo HA SE etsahale hle nnake, o paki ya ka.
Qala ka ho mmolella ka moo a leng bohlokwa ka teng ho wena, le hore o ka thabela ho ba le ngwana wa hae empa o a tshaba. Kopa hore bobedi ba lona le buisane le setsebi sa profeshenale.
Hona ho bolela hore le tla thojwa maikutlo - ha se tshenyo ya nako! O na le seo o tshabang ho tobana le sona, seo setsebi sena se tlang ho o thusa ho se manolla. Se fapanye keletso ya setsebi sa profeshenale le moeletsi ya thobang maikutlo, jwalo ka bao o buisanang le bona ka nako eo o etswang diteko tsa HIV.
Moeletsi ya nepahetseng o tla:
o tshehetsa mme sohle seo le buileng ka sona e be sephiri sa lona;
bua le wena sebakeng seo o tla lokoloha ho sona;
o utlwisisa, a o dumelle ho hlahisa maikutlo a hao;
o eletsa ka menyetla eo o nang le yona, a se ke a o etsetse diqeto;
o neha ditlhalosetso tsohle tseo o di hlokang hore o nke diqeto.
Hang ha le se le fetile ho tsohle tseo o neng o di tshaba, a boele a etse diteko tse ding tsa madi, le se le ena le moratuwa wa hao.
Ke le lakaletsa thabo le nyakallo bokamosong ba lona bobedi - mme o netefatse hore le dula le phetse hantle hape ha le be le ngwana
ntle ha se le ena le tjhelete e lekaneng ya ho mo hlokomela.
Ke ikgathaletsang ka diteko?
Criselda ya ratehang: Ke etsetsang diteko athe ha ho le kalafo eo ke tla e fumana? Ha ke ena le HIV, ke tla shwa jwang kapa jwang, jwale ke ikgathaletsang he?
BK, Nelspruit
Karabo ya Criselda: Batho ba bangata ba sa ntse ba nahana jwalo mme ke leboha ha o kgonne ho hlahisa maikutlo a hao. Dilemong tse fetileng ke ne ke tla utlwisisa, e seng matsatsing ana.
Ke a kgolwa le wena o a tseba hore, o ena le HIV kapa tjhe, kaofela re emetswe ke lefu.
Bohle re tla shwa mme ha ho hlokahale hore re ikgathatse ka
seo re se tsebang.
Ha o tsebe hore o tla shwa
neng, empa seo o se tsebang ke hore, ha jwale o a phela.
Ho tseba maemo a hao ho tla o thusa hore o etse sohle seo o ka se kgonang hore o dule o phetse hantle. Kajeno re a tseba ka
HIV le hore ke lefu leo motho a ka kgonang ho le laola. [s]
HIV P&K
Na le wena o na le dipotso?
Ngolla
Criselda ho HIV Q&A, Box 473014, Parklands,
2121.
Re ke ke ra phatlalatsa lebitso la hao ha o sa rate.
