sotho.389.yourceleb_township
S
Manaka Ranaka wa Stokvel o re bontsha dibaka tseo a neng a holela ho tsona, o bua ka dithotsela le diphupu
MEYA E MATLA
"Ke ne ke sa tlohe Mofolo Super Bowl," ho bolela Manaka. "E ne e ka ho na le meya e nkgulelang teng. Ho se mokete wa teng o mphetang, ke e shebella ke le kantle ho terata, mahlo a sa tlohe sebayeng."
A labalabela hore ka le leng, ho shebellwe yena sebayeng seo mme kajeno BONA e mo thusitse ho phethisa tabatabelo eo ya hae!
LEKEISHENE LA KA, NALEDI YA KA
oweto
Manaka wa
SETHOTSELA TAMATING
Manaka le ntatae, raditshwantsho wa BONA wa mehleng, Clifford Ranaka, ba kantle motseng o diphaposi di nne o mane Madikoe Street hona Zone Two, Meadowlands, moo a hlahetseng teng ka 1979.
Malomae, Serame ya sa ntseng a dula moo o re: "Hoseng ho hong le ho hong re ne re tsoha re bona hantle hore ho na le mohlolo o etsahetseng tamating e ka ketjheneng."
Manaka a tswelapele: "Tamati e ne e tsoha e phuntswe masoba mme e hontswe lero, e omme. Ke hopola ka nako e nngwe batho ba baholo pele ba hlokomela hore ho na le sethotsela, ba ne ba phehisana ba nyatsana ka hore mangmang o senya tamati.
"Empa nnete e le hore ho ne ho se sethotsela sa letho," ho bolela sebapadi sena ka ditsheho. "E ne e le nna. Ke ne ke robala pakeng tsa batswadi ba ka. Ke ne ke monyoha ka dikobong, ba sa ile le sephume sa boroko.
"Ke nanare ho ya ka ketjheneng moo ke fihlang ke honye lero la tamati kaofela."
HEKE YA HAE
Ke yona heke eo Manaka a neng a itshetleha ho yona ha a shebelletse diketsahalo tsa lefatshe. Manaka o na le (ho tloha ho le letshehadi ho ya ho le letona) motswalae Ayanda, malomae Serame, le mangwanae Henrietta le ntatae, Clifford.
MOTOHO WA KOKWANI
Batswadi ba Manaka ba ne ba falle Meadowlands, ba leba Lekeisheneng la Mofolo. Mona banana bana ba ne ba sala le nkgono ya neng a bitswa "Kokwani".
"Seo ke se hopolang ka yena ke ka moo a neng a re nwesa motoho ka teng," ho bolela Manaka, mona o re bontsha ka moo mosadimoholo a neng a ba qaha ka teng.
"O ne a o qaha ka letsoho," ho bolela Manaka.
"Ha o sa kwenye, o ne a o kwala dinko ka menwana nakwana ka mora moo o tla hemela hodimo, motoho o tlale lehano mme o itheohele ka bonolo mmetsong. Ke ne ke hloile mokgwa oo haholo empa re ne re kgora leha ho le jwalo."
MOETAPELE
Diepkloof Extension, ke moo lelapa la habo Manaka le neng le renta ntlo e diphaposi di pedi teng. Ke hona DK moo, ho ba sebapadi ho ileng ha tota, ka mora hore Manaka a kopane le sebapadi, Saul Rachilo.
"Ntate Rachilo o ne a hlola a re thabisitse ka ho re phetela dipale, a re ruta ho bina le ho tjeka," ho bolela sebapadi sena.
"Bongata ba metswalle ya ka e ne le bashemane mme nna ke le moetapele wa sehlopha. Re ne re nyolosa re theosa, ka diaparo tsa serabe tseo re iketseditseng tsona, re tjeka, re bile re bina dipina tsa Shaka Zulu, papadi ya TV eo mofu Henry Cele a neng a bapala karolo ya Shaka ho yona.
"Ke ne ke ba etsisa ka hohle hohle. Pela lapeng ho ne ho ena le sebaka se bulehileng seo re neng re tsoma dinonyana ho sona re bile re kgwasa le ditadi ka diqha, dikwakwa le marumo a maiketsetso. Ke ne ke nepa. Re ne re di besetsa hona naheng moo re di jelle teng ho be monate ha re tshwasitse.
"Ntle ho moo boausi ba ka ba ne ba di etsetsa phupu di tsetelwe ka hara jarete," ho bolela Manaka.
"Re ne re etsa difapano tse nyenyane hodima mabitla a tsona, re etsa tshebeletso e kgutshwane." [s]
Pale: Force Khashane
Ditshwantsho: Shaun Smith
MATSATSI A MONATE
Sekolo sa ba banyenyane seo Manaka le ausiae Nompumelelo ba neng ba kena ho sona. "Seo ke se hopolang ke hore, ha ke le dilemo di hlano ke ne ke rata ho penta haholo," ho bolela Manaka. "Empa Nompumelelo o ne a hlola a tlile phaposing ya ka a llela ho dula le nna mme a senye mosebetsi wa ka hobane o ne a penta hodima ona!"
